THUTO YA 24
Ha ba Etse Seo ba se Tshepisitseng
Jehova o ile a re ho Moshe: ‘Nyoloha o tle thabeng. Ke tla o ngolla melao ya ka matlapeng ao ke tla o fa ona.’ Moshe o ile a hlwa thaba mme a qeta matsatsi a 40 le masiu a 40 moo. Ha a ntse a le moo, Jehova o ile a ngola Melao e Leshome matlapeng a mabedi mme a a fa Moshe.
Ha nako e ntse e ya, Baiseraele ba ile ba nahana hore Moshe o ba siile. Ka hoo, ba re ho Arone: ‘Re batla motho ya tla re etella pele. Re etsetse modimo.’ Yaba Arone o re: ‘Mpheng kgauta ya lona.’ A qhibidihisa kgauta eo yaba o etsa namane ka yona. Baiseraele ba re: ‘Namane ena ke Modimo wa rona ya re ntshitseng Egepeta.’ Ba qala ho e rapela mme ba etsa mokete. Na ho etsa jwalo ho ne ho fosahetse? E, ho ne ho fosahetse hobane ba ne ba tshepisitse hore ba tla rapela Jehova feela. Empa jwale ba ne ba se ba sa etse seo ba se tshepisitseng.
Jehova o ile a bona seo ba se etsang mme a re ho Moshe: ‘Theoha o ye ho Baiseraele. Ha ba etse seo ke itseng ba se etse, ba rapela modimo wa bohata.’ Ka hoo, Moshe a theoha thabeng a nkile matlapa a mabedi.
Ha Moshe a atamela ditenteng, o ile a utlwa batho ba bina. A bona hore ba ntse ba tantsha le ho inamela namane ya kgauta. Moshe o ile a halefa haholo. Yaba o lahlela matlapa ao fatshe mme a pshatleha. Ka mora moo, a senya namane eo ya kgauta mme a botsa Arone a re: ‘Ho tlile jwang hore setjhaba se o susumeletse hore o etse ntho e mpe tjee?’ Arone a re: ‘O se ke wa halefa. O a tseba hore na batho bana ba jwang. Ba ne ba batla modimo yaba ke lahlela kgauta ya bona ka mollong mme ha tswa namane ena!’ Arone o ne a sa lokela ho etsa jwalo. Ka hoo Moshe a boela a nyolohela thabeng, a yo kopa Jehova hore a tshwarele Baiseraele.
Jehova o ile a tshwarela Baiseraele ba neng ba ikemiseditse ho mo mamela. Na o a bona hore na ke hobaneng ha e ne e le ha bohlokwa hore Baiseraele ba mamele Moshe?
“Neng kapa neng ha o etsa boitlamo ho Modimo, o se ke wa dieha ho bo phetha etswe ha a thabele batho ba hlokang kelello. O phethe boitlamo boo o bo entseng.”—Moeklesia 5:4