Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • lfb thuto 34 leq. 84-leq. 85 ser. 2
  • Gideone o Ile a Hlola Bamidiane

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Gideone o Ile a Hlola Bamidiane
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Baholo, le ka Ithutang Mohlaleng wa Gideone?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • “E ya ka Matla Ana a Hao”
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 34 leq. 84-leq. 85 ser. 2
Gideone le masole a hae ba letsa manaka, ba pshatla dinkgo, ba tsoka mabone yaba ba a hweletsa

THUTO YA 34

Gideone o Ile a Hlola Bamidiane

Ha nako e ntse e ya, Baiseraele ba ile ba boela ba se ke ba mamela Jehova mme ba qala ho rapela medimo ya bohata. Bamidiane ba ile ba utswa diphoofolo tsa Baiseraele mme ba senya dijalo tsa bona ka dilemo tse supileng. Ka hoo, Baiseraele ba ipatela Bamidiane ka mahaheng le dithabeng. Ba kopa Jehova hore a ba thuse. Yaba Jehova o romella lengeloi ho mohlankana ya bitswang Gideone. Lengeloi leo la re: ‘Jehova o o kgethile hore o be lesole le matla.’ Gideone a re: ‘Ke tla thusa Baiseraele jwang ke se letho?’

Gideone o ile a tseba jwang hore Jehova o mo kgethile? O ile a beha boya fatshe yaba o re ho Jehova: ‘Hoseng ha nka fumana boya bona bo le metsi ke phoka empa fatshe ho omme, ke tla tseba hore o nkgethile hore ke thuse Baiseraele.’ Hoseng ho ne ho omme fatshe empa boya bo le metsi. Ka le hlahlamang, Gideone a kopa Jehova hore a etse hore fatshe ho be metsi empa boya bo ome. Ho ile ha eba jwalo. Ka hoo Gideone a dumela hore ehlile Jehova o kgethile yena. A tsamaya le masole a hae ho ya lwantsha Bamidiane.

Jehova o ile a re ho Gideone: ‘Baiseraele ba tla hlola Bamidiane. Empa ka ha masole a hao a mangata, o ka nna wa nahana hore o hlotse Bamidiane ka matla a hao. Bolella masole a tshabang ho ya ntweng hore a kgutlele hae.’ Ka hoo, masole a 22 000 a kgutlela hae mme ha sala a 10 000. Yaba Jehova o re: ‘Masole a setseng a ntse a le mangata haholo. Ere a ye nokeng ho ya nwa metsi. O siye feela masole a nwang metsi a ntse a shebile dira tsa bona.’ Ho ile ha sala masole a 300 feela. Jehova o ile a re masole ao a 300 a tla hlola masole a 135 000 a Bamidiane.

Bosiung boo, Jehova o ile a re ho Gideone: ‘Jwale ke nako ya hore o lwantshe Bamidiane.’ Gideone o ile a fa masole a hae manaka le dinkgo tse kentseng mabone ka hare. A re ho ona: ‘Ntjhebeng, le etse seo ke se etsang.’ Gideone o ile a letsa lenaka la hae, a pshatla nkgo ya hae, a tsoka lebone la hae yaba o a hweletsa o re: ‘Sabole ya Jehova le ya Gideone!’ Masole ao a 300 a ile a mo etsisa. Bamidiane ba ile ba tshoha yaba ba a baleha. Ha ba ntse ba baleha jwalo, ba qala ho lwantshana ka bobona. Jehova o ile a thusa Baiseraele hape hore ba hlole dira tsa bona.

Masole a Bamidiane a tshohileng

“E le hore ho ka hlaka hore matla a sa tlwaelehang ao re nang le ona a tswa ho Modimo eseng ho rona.”​—2 Bakorinthe 4:7

Dipotso: Jehova o ile a bontsha Gideone jwang hore o kgethile yena? Ke hobaneng ha masole a Gideone a ne a le 300 feela?

Baahlodi 6:1–16; 6:​36–7:​25; 8:28

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela