THUTO YA 54
Jehova o Ile a Mamella Jonase
Batho ba motse wa Ninive ba ne ba le kgopo. Jehova o ile a re moprofeta Jonase a ye Ninive mme a lemose batho hore ba lokela ho fetola ditsela tsa bona. Empa Jonase a baleha a ya hosele. A kena sekepeng se yang Tarshishe.
Ha sekepe se ntse se tsamaya, ha tsoha moya o matla lewatleng mme batsamaisi ba sekepe ba tshoha. Ba rapela medimo ya bona ba re: ‘Ke hobaneng ha re etsahallwa ke ntho ee?’ Qetellong Jonase a re ho bona: ‘Ke ka lebaka la ka. Ha ke ye moo Jehova a itseng ke ye teng. Ntiheleng ka lewatleng mme moya o tla emisa.’ Batsamaisi ba sekepe ba ne ba sa batle ho lahlela Jonase ka lewatleng empa a ba phehella. Ka hoo ba mo lahlela ka lewatleng, yaba moya o a emisa.
Jonase o ne a nahana hore o tlo shwa. Ka hoo, a rapela Jehova ha a ntse a tebela tlase lewatleng. Yaba Jehova o romela tlhapi e kgolo. Ya kwenya Jonase empa ya se ke ya mo bolaya. Ha Jonase a le ka hara tlhapi eo a rapela Jehova a re: ‘Ke a o tshepisa hore ke tla o mamela ka mehla.’ Yaba Jehova o sireletsa Jonase. Ka hoo a qeta matsatsi a mararo a le ka hara tlhapi eo. Ka mora moo tlhapi eo ya mo hlatsetsa moo ho ommeng.
Empa ka ha jwale Jehova o ne a pholositse Jonase, na see ne se bolela hore ha ho sa hlokahala hore a nne a ye Ninive? Tjhe. Jehova o ile a boela a bolella Jonase hore a ye moo. Lekgetlong lena, Jonase o ile a mamela. A ya Ninive mme a bolella batho ba moo ba kgopo a re: ‘Ho setse matsatsi a 40 feela pele Ninive e timetswa.’ Yaba ho etsahala ntho e nngwe e neng e sa lebellwa: Baninive ba ile ba mamela mme ba fetola ditsela tsa bona. Morena wa Ninive a re ho batho ba hae: ‘Rapelang Modimo mme le bake. Mohlomong o tla re hauhela.’ Ka hoo ha Jehova a bona hore ba bakile, ha a ka a fedisa motse oo wa Ninive.
Jonase a utlwa bohloko haholo hobane motse oo ha o a ka wa fediswa. A ko nahane feela, Jehova o ile a mamella Jonase a ba a mo bontsha mohau empa Jonase yena o ne a sa hauhele batho ba Ninive. Ho ena le ho ba utlwela bohloko, o ile a dula tlasa moriti wa semela sa mohope ka ntle ho motse a kwatile. Yaba semela seo se a shwa mme Jonase a halefa. Jehova a re ho yena: ‘O tsotella semela sena ho feta ka moo o tsotellang Baninive ka teng. Ke ba hauhetse mme ha ke a ba fedisa.’ Jehova o ne a bolelang? O ne a bolela hore batho ba Ninive ke ba bohlokwa ho feta semela le ha e le sefe.
“Jehova . . . ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore mang kapa mang a timetswe empa o lakatsa hore bohle ba bake.”—2 Petrose 3:9