THUTO YA 90
Jesu o Shwella Golgotha
Baprista ba ka sehloohong ba ile ba isa Jesu ha mmusisi wa setereke Pilato, yaba o botsa baprista o re: ‘Le qosa monna eo ka eng?’ Ba araba ba re: ‘O ipitsa morena!’ Pilato a botsa Jesu a re: “Na o Morena wa Bajuda?” Jesu a re: “Mmuso wa ka hase karolo ya lefatshe lena.”
Yaba Pilato o romela Jesu ho Heroda morena wa Galilea ho bona hore na Heroda o tla mo qosa ka eng. Heroda ha a ka a fumana letho le phoso ka Jesu, yaba o mo kgutlisetsa ho Pilato. Pilato a bolella batho a re: ‘Nna le Heroda ha re a fumana letho le phoso ka monna enwa. Ke mo dumella hore a tsamaye.’ Batho ba re: ‘Mo bolayeng! Mo bolayeng!’ Masole a ile a shapa Jesu ka sephadi a ba a mo tshwela ka mathe. A ile a mo rwesa korone ya meutlwa hloohong, yaba a re: ‘Dumela Morena wa Bajuda.’ Pilato o ile a pheta hape a re: ‘Ha ke a fumana letho le phoso ka monna enwa.’ Empa ba hweletsa ba re: “Mo kgokgotheleng palong!” Yaba Pilato o fana ka yena hore ba mo bolaye.
Ba ile ba isa Jesu sebakeng se bitswang Golgotha, ba mo kgokgothela palong yaba ba a e phahamisa. Jesu o ile a rapela a re: ‘Ntate ba tshwarele. Ha ba tsebe seo ba se etsang.’ Batho ba ne ba tsheha Jesu ba re: ‘Haeba u Mora wa Modimo, itheole palong! Ipholose.’
Motho e mong ya neng a tlotse molao ya neng a kgokgothetswe pela Jesu o ile a re ho yena: “O nkgopole ha o kena Mmusong wa hao.” Jesu o ile a re ho yena: “O tla ba le nna Paradeiseng.” Ho ile ha eba lefifi ka dihora tse tharo empa e le motshehare. Barutuwa ba bang ba Jesu le mme wa hae, ba ile ba ema pela palo eo Jesu a neng a kgokgothetswe ho yona. Jesu o ile a re Johanne a hlokomele Maria jwalo ka ha eka ke mme wa hae.
Yaba Jesu o re: “Ho phethehile!” O ile a inama yaba o a shwa. Ka nako eo, lefatshe le ile la thothomela. Lesela le ka tempeleng le neng le le dipakeng tsa Sehalalelo le Sehalaledisiso le ile la taboha hare. Lesole le leng le ile la re: ‘Ka nnete enwa e ne e le Mora wa Modimo.’
“Ditshepiso tsohle tsa Modimo di phethahetse ka Jesu.”—2 Bakorinthe 1:20