LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp17 No. 6 maq. 6-7
  • Ke Mpho e fe e Molemo ho di Feta Kaofela?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke Mpho e fe e Molemo ho di Feta Kaofela?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Dintlha tse Ding
  • Thekollo ke Mpho e Tswang ho Modimo
    Bibele e re Rutang?
  • Mpho eo Modimo a Faneng ka Yona ke ya Bohlokwa Haholo
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Ke Jwang Sehlabelo sa Jesu e Leng Thekollo Bakeng sa Rona?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Tswela Pele o Ananela Thekollo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
wp17 No. 6 maq. 6-7
Malapa a Paradeiseng

Mpho ya bohlokwa ho di feta kaofela ke eo Modimo a faneng ka yona e leng thekollo mme e entse hore re be le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng

SEHLOOHO SE KA NTLE | KE MPHO EFE E MOLEMO HO DI FETA KAOFELA

Ke Mpho Efe e Molemo ho di Feta Kaofela?

“Mpho e nngwe le e nngwe e molemo le neo e nngwe le e nngwe e phethahetseng e tswa hodimo, ka ha e theoha ho Ntate wa masedi a lehodimo, mme ho yena ha ho phetoho ya ho reteleha ha moriti.” (Jakobo 1:17) Lengolo lena le bontsha hore Ntate wa rona ya mahodimong Jehova, ke Modimo ya fanang. Dimphong tsohle tseo a seng a di file batho, ho na le e kgolo ho di feta kaofela. Ebe ke efe? Mantswe a ngotsweng lengolong la Johanne 3:16, a re bolella hore na ke efe ha a re: “Modimo o ratile lefatshe haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi, e le hore e mong le e mong ya bontshang tumelo ho yena a se ke a timetswa empa a be le bophelo bo sa feleng.”

Hore ebe Modimo o fane ka Mora wa hae ya mong feela, kannete ha ho mpho e fetang eo, ka ha ka yona re ka kgona ho lokollwa bokgobeng ba sebe, botsofadi le lefu. (Pesaleme ya 51:5; Johanne 8:34) Esita le ha re ka leka ho itokolla ka borona bokgobeng bona, re ke ke ra o besa wa tuka. Le ha ho le jwalo, ka ha Modimo o lerato, o re file seo re neng re hlile re se hloka e le hore re lokolohe. Jehova Modimo o fane ka Mora wa hae a le mong to! Jesu Kreste, hore ebe thekollo bakeng sa ho fa batho ba mo mamelang, tshepo ya ho phela ka ho sa feleng. Empa hantlentle thekollo keng? Ebe ke hobaneng ha re e hloka? Hona e ka o tswela molemo o fe?

Thekollo ke ntho e patalang ho kgutlisa se neng se lahlehile kapa e le tokollo bokgobeng bo itseng. Bibele e re hlalosetsa hore batswadi ba rona ba pele, Adama le Eva, ba bopilwe ba se na sebe. Ba na le tshepo ya ho thabela ho phela ka ho sa feleng lefatsheng la paradeise, hammoho le bana bao ba neng ba tla ba le bona. (Genese 1:26-28) Ka maswabi, ba ile ba lahla tsohle ka hore ba kgethe ho se mamele Modimo. Ka hoo, ya ba baetsadibe. Ditlamorao ebile dife? Bibele e fana ka karabo: “Sebe se ile sa kena lefatsheng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, mme kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Ho e na le hore Adama a fetisetse bophelo bo phethahetseng ho bana ba hae, o ile a fetisetsa sebe le ditlamorao tsa sona e leng lefu.

Tabeng ya thekollo, se patalang se lokela ho lekana hantle le se lahlehileng. Hopola hore ha Adama a kgetha ho se mamele Modimo ka boomo, o ile a etsa sebe se ileng sa qetella se entse hore a lahlehelwe ke bophelo bo phethahetseng. Ka lebaka leo, Bibele e bontsha hore seo se ile sa etsa hore le bana ba hae, ebe makgoba a sebe le lefu. Jwale, ho ne ho hlokahala hore ho fanwe ka bophelo ba motho ya phethahetseng, Jesu, e le sehlabelo bakeng sa ho lokolla batho bokgobeng bona. (Baroma 5:19; Baefese 1:7) Ke ka hobane Modimo a ratile batho hore ebe o patetse ka Mora wa hae, hore batho ba be le tshepo ya ho thabela seo Adama le Eva ba se lahlileng, e leng bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatsheng.​—Tšenolo 21:3-5.

Ka ha ka lebaka la thekollo re na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng, ha ho potang ho fihlela qeto ya hore eo ke mpho e molemo ka ho fetisisa. E le hore re ananele ‘neo ena e phethahetseng,’ a re ke re boneng hore na e re thusa jwang hore re be le bokgoni ba ho fana ka dimpho tse molemohadi, jwalo ka ha re se re tshohlile sehloohong se fetileng.

E kgotsofatsa ditakatso tsa rona. Ka tlhaho rona batho, re na le takatso ya ho batla ho phela ka ho sa feleng. (Moeklesia 3:11) Le hoja re sa kgone ho kgotsofatsa takatso eo ka borona, thekollo e re fa monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. Bibele e re: “Etswe moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Modimo a fanang ka yona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena wa rona.”​—Baroma 6:23.

E kgotsofatsa ditlhoko tsa rona. Batho ba ne ba ke ke ba fana ka mmele ya bona hore e be thekollo. Bibele e hlalosa hore: “Tefo ya topollo ya moya wa bona ke ya bohlokwa haholo hoo e leng siyo ho isa nakong e sa lekanyetswang.” (Pesaleme ya 49:8) Ka hona, re ne re hloka thuso ya Modimo e le hore re ka lokollwa bokgobeng ba sebe le lefu. Empa Modimo o ile a re fa ntho eo re e hlokang, “ka tokollo e tlisitsweng ke thekollo e lefilweng ke Kreste Jesu.”​—Baroma 3:23, 24.

E fanwa ka nako e loketseng. Bibele e re bolella hore: “Ha re sa ntse re le baetsadibe, Kreste o ile a re shwela.” (Baroma 5:8) Ka ha thekollo e ile ya fanwa “ha re sa ntse re le baetsadibe,” re na le kgodiseho ya hore Modimo o fela a re rata e le kannete, le hoja re sa phethahala. Kgodiseho ena, e re fa tshepo ya dintho tse ngata tseo re ka di lebellang nakong e tlang, le hoja ho na jwale, re sa ntse re lokela ho mamella ditlamorao tsa sebe.

E bontsha boitelo ba Mofani. Bibele e hlalosa hore na keng e ileng ya susumetsa Modimo hore a fane ka Mora wa hae e le thekollo: “Lerato la Modimo le ile la bonahatswa ho rona ka sena, hobane Modimo o ile a romela Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi lefatsheng e le hore re ka fumana bophelo ka yena. Lerato le ka tsela ena, eseng hore re ratile Modimo, empa hore o ile a re rata.”​—1 Johanne 4:9, 10.

O ka bontsha jwang hore o ananela mpho ya bohlokwa ka ho fetisisa? Hopola hore mantswe a Jesu a ho Johanne 3:16, a bontsha hore batho ba tlang ho pholoswa, ke ba “bontshang tumelo” ho Jesu. Ka Bibeleng, tumelo e hlaloswa e le “tebello e tiisitsweng ya dintho tseo ho nang le tshepo bakeng sa tsona.” (Baheberu 11:1) E le hore motho a be le tebello eo, ho hlokahala tsebo e nepahetseng. Ka lebaka leo, re o kgothalletsa hore o ke o iphe nako ya ho ithuta ka Jehova Modimo, Mofani wa ‘neo ena e phethahetseng,’ le ho tseba seo o lokelang ho se etsa e le hore o thabele bophelo bo sa feleng, boo sehlabelo sa Jesu sa thekollo se entseng hore ho kgonehe hore re bo fumane.

O ka ithuta tsena tsohle ka ho hlahlobisisa tlhahisoleding e tswang Bibeleng e teng websaeteng ya www.jw.org/jw-ssa. Dipaki Tsa Jehova di ka rata ho o thusa. Re kgodisehile hore ha o ntse o ithuta ebile o bona molemo wa mpho ena e molemo ho di feta kaofela, o tla susumelletseha hore o re: “Ho lebohuwe Modimo ka Jesu Kreste Morena wa rona!”​—Baroma 7:25.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share