LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • bhs kgao. 5 maq. 52-61
  • Thekollo ke Mpho e Tswang ho Modimo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Thekollo ke Mpho e Tswang ho Modimo
  • Bibele e re Rutang?
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • THEKOLLO KENG?
  • KAMOO JEHOVA A ILENG A FANA KA THEKOLLO KATENG
  • THEKOLLO E RE TSWELA MOLEMO
  • AMOHELA MPHO E TSWANG HO MODIMO
  • Tswela Pele o Ananela Thekollo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Ke Mpho e fe e Molemo ho di Feta Kaofela?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Ke Jwang Sehlabelo sa Jesu e Leng Thekollo Bakeng sa Rona?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Lefu la Jesu le ka re Pholosa Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Tse Ding
Bibele e re Rutang?
bhs kgao. 5 maq. 52-61

KGAOLO YA 5

Thekollo ke Mpho e Tswang ho Modimo

1, 2. (a) Keng se etsang hore mpho e be ya bohlokwa ho wena? (b) Ke hobaneng ha thekollo e le mpho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo Modimo a re fileng yona?

KE MPHO efe e ntle eo o kileng wa e fuwa? Mpho ha e a lokela ho ba e turang hore e be ya bohlokwa. O ananela mpho haholo haeba e o thabisa kapa e le ntho eo o e hlokang e le kannete.

2 Hara dimpho tsohle tseo Modimo a re fileng tsona, ho na le e le nngwe eo re e hlokang ho feta tse ding kaofela. Ke mpho e kgolo ka ho fetisisa eo a e fileng batho. Kgaolong ena, re tla ithuta hore Jehova o ile a romela Mora wa hae Jesu Kreste hore a tlo re shwela, e le hore re ka phela ka ho sa feleng. (Bala Matheu 20:28.) Jehova o bontshitse hore o re rata haholo ka ho romela Jesu lefatsheng hore e tlo ba thekollo kapa a tlo re shwela.

THEKOLLO KENG?

3. Ke hobaneng ha re shwa?

3 Thekollo ke tsela eo Modimo a e sebedisang ho lokolla batho sebeng le lefung. (Baefese 1:7) E le hore re utlwisise thekollo hantle, re lokela ho tseba se ileng sa etsahala tshimong ya Edene. Batswadi ba rona ba pele, e leng Adama le Eva, ba ile ba shwa hobane ba ne ba entse sebe. Le rona re a shwa kajeno hobane re futsitse sebe ho bona.—Sheba Ntlha ya 9 e hlahang qetellong ya buka.

4. Adama ke mang, hona o ne a filwe mpho efe?

4 Ha Jehova a bopa motho wa pele e leng Adama, o ile a mo fa mpho ya bohlokwa haholo. O ile a fa Adama bophelo bo phethahetseng. Sena se bolela hore o ne a phetse hantle mmeleng le kelellong. Adama o ne a ke ke a kula, a tsofala mme a shwa. Jehova e ne e le ntate wa Adama hobane ke yena ya mo bopileng. (Luka 3:38) Jehova o ne a bua le yena kamehla. Modimo o ile a fa Adama ditaelo tse hlakileng mme a mo fa mosebetsi o thabisang.—Genese 1:28-30; 2:16, 17.

5. Bibele e bolelang ha e re Adama o ne a bopilwe “ka setshwantsho sa Modimo”?

5 Adama o bopilwe “ka setshwantsho sa Modimo.” (Genese 1:27) Sena se bolela hore o ne a na le makgabane a tshwanang le a Jehova a kang lerato, bohlale, toka, le matla. Modimo o ile a fa Adama bolokolohi ba ho ikgethela. Ka hoo Adama o ne a sa tshwane le roboto kapa motjhini. Modimo o ne a mo file bolokolohi ba ho kgetha pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Adama a ka be a ile a phela ka ho sa feleng lefatsheng hoja a ne a ile a mamela Modimo.

6. Adama o ile a lahlehelwa keng ha a tlola molao wa Modimo? Ho etsahetseng ka rona ka lebaka la phoso ya Adama?

6 Ha Adama a tlola molao wa Modimo, o ile a lahlehelwa ke dintho tse ngata. Modimo o ne a ke ke a hlola a mo nka e le ngwana wa hae. Adama o ile a boela a lahlehelwa ke bophelo ba hae bo phethahetseng le sebaka se setle seo a neng a dula ho sona. (Genese 3:17-19) Dintho di ile tsa mpefala bakeng sa Adama le Eva hobane ba ile ba kgetha ho se mamele Modimo. Ka lebaka la phoso ya Adama, ‘sebe se ile sa kena lefatsheng le lefu la kena ka sebe, mme lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba entse sebe.’ (Baroma 5:12) Ha Adama a etsa sebe, ho ne ho tshwana le hore o rekisitse bana ba hae sebeng le lefung. Bana bao ke rona. (Baroma 7:14) Na ho na le tshepo ya hore re ka tswa bokgobeng boo ba sebe le lefu? E, ho jwalo!

7, 8. Thekollo keng?

7 Thekollo keng? Re ka hlalosa thekollo ka ditsela tse pedi. Ya pele, thekollo ke se patalwang ho lokolla motho kapa ntho e itseng. Ya bobedi, thekollo ke tjhelete e ntshwang ho patalla ditshenyehelo tsa se itseng.

8 Ha ho na motho ya neng a ka patalla tshenyo eo Adama a ileng a e baka ha a etsa sebe. Empa ho na le seo Jehova a ileng a se etsa ho re ntsha sebeng le lefung. A re boneng hore thekollo e ile ya patalwa jwang le kamoo e ka re thusang kateng.

KAMOO JEHOVA A ILENG A FANA KA THEKOLLO KATENG

9. Ho ne ho hlokahalang hore ho patalwe thekollo?

9 Ha ho le ya mong ho rona ya neng a ka ntsha thekollo bakeng sa bophelo bo phethahetseng boo Adama a bo lahlileng. Hobaneng? Hobane kaofela ha rona ha re a phethahala. (Pesaleme ya 49:7, 8) Ho ne ho hlokahala bophelo bo phethahetseng hore ho patalwe thekollo. Ke ka lebaka leo Bibele e reng ke “thekollo e lekanang.” (1 Timothea 2:6) Se ntshwang e le thekollo se ne se lokela ho lekana le bophelo boo Adama a ileng a bo lahla.

10. Jehova o ile a fana ka thekollo jwang?

10 Jehova o ile a fana ka thekollo jwang? Jehova o ile a romela Mora wa hae eo a mo ratang haholo lefatsheng. Mora eo ke Jesu. Modimo o bopile Jesu pele a bopa dintho tse ding tsohle. (1 Johanne 4:9, 10) Jesu o ile a itela mme a siya Ntate wa hae lehodimong. (Bafilipi 2:7) Jehova o ile a tlosa bophelo ba Jesu lehodimong mme a etsa hore a tswalwe e le motho lefatsheng. Ka hoo Jesu o hlahile a phethahetse, a se na sebe.—Luka 1:35.

Jesu o shwele lefu le sehloho thupeng ya tlhokofatso

Jehova o fane ka Mora wa hae eo a mo ratang haholo molemong wa rona

11. Ke jwang motho a le mong a neng a ka lokolla batho bohle lefung?

11 Ha Adama a tlola molao wa Modimo, Adama o ile a tima bana ba hae bophelo bo phethahetseng. Na ho na le motho ya neng a ka lokolla bana ba Adama lefung? E. (Bala Baroma 5:19.) Jesu, ya neng a se na sebe, o ile a fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le thekollo. (1 Bakorinthe 15:45) Bophelo ba hae bo phethahetseng bo ne bo ka fedisa lefu ho bana bohle ba Adama.—1 Bakorinthe 15:21, 22.

12. Ke hobaneng ha Jesu a ile a utlwa bohloko?

12 Bibele e re Jesu o ile a utlwa bohloko haholo pele a shwa. O ile a otlwa ka sephadi, a kokotellwa palong, mme a shwa lefu le sehloho. (Johanne 19:1, 16-18, 30) Ke hobaneng ha Jesu a ile a utlwa bohloko hakaalo? Hobane Satane o ile a re ha batho ba le mathateng ba tla fetohela Modimo. Jesu o ile a bontsha hore diteko ha di etse hore motho a se ke a kgona ho tshepahalla Modimo. Jehova o ile a thaba haholo ha Jesu a mo mamela.—Liproverbia 27:11; sheba Ntlha ya 15 e hlahang qetellong ya buka.

13. Thekollo e ile ya patalwa jwang?

13 Thekollo e ile ya patalwa jwang? Ka la 14 Nisane selemong sa 33, dira tsa Jesu di ile tsa mo bolaya. (Baheberu 10:10) Ka mora matsatsi a mararo, Jehova o ile a tsosa Jesu e se e le motho wa moya kapa lengeloi. Hamorao, ha Jesu a kgutlela lehodimong o ile a fa Ntate wa hae bophelo ba hae bo phethahetseng boo a ileng a fana ka bona lefatsheng. Jehova o ile a ntsha thekollo ka ho sebedisa bophelo ba Jesu ho patala bophelo bo phethahetseng boo Adama a ileng a bo lahla. (Baheberu 9:24) Ka ha thekollo e se e patetswe, re lokollotswe lefung mme re na le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng.—Bala Baroma 3:23, 24.

THEKOLLO E RE TSWELA MOLEMO

14, 15. Re lokela ho etsang hore dibe tsa rona di tshwarelwe?

14 Thekollo e re tswela molemo esita le hona jwale. Jwang? Hona ke melemo efe eo re tla e fumana nakong e tlang?

15 Re tshwarelwa dibe. Ha ho bonolo ho etsa se lokileng ka dinako tsohle. Re etsa diphoso mme ka dinako tse ding re bua dintho tse fosahetseng. (Bakolose 1:13, 14) Re lokela ho etsang hore dibe tsa rona di tshwarelwe? Re lokela ho itshola e le kannete ka diphoso tsa rona mme re kope hore Jehova a re tshwarele. Haeba re etsa jwalo, re ka kgodiseha hore Modimo o tla re tshwarela.—1 Johanne 1:8, 9.

16. Re lokela ho etsang hore re be le letswalo le hlwekileng?

16 Re ba le letswalo le hlwekileng. Letswalo la rona le a re bolella ha re etsa dintho tse fosahetseng, ebe re ikutlwa re le molato. Empa ha re a lokela ho fellwa ke tshepo. Ho e na le hoo, re lokela ho kopa Jehova hore a re tshwarele. Ha re etsa jwalo, re ka kgodiseha hore o tla re tshwarela. (Baheberu 9:13, 14) Jehova o batla hore re bue le yena ka eng kapa eng e re tshwenyang. (Baheberu 4:14-16) Ka hoo, letswalo le hlwekileng le re thusa hore re be metswalle ya Modimo.

17. Re tlo fumanang ka lebaka la lefu la Jesu?

17 Re na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng. Bibele e re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Modimo a fanang ka yona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena wa rona.” (Baroma 6:23) Ka ha Jesu o ile a re shwela, re tla phela ka ho sa feleng lefatsheng re sa kule. (Tšenolo 21:3, 4) Empa re lokela ho etsang hore re fumane bophelo bo sa feleng?

AMOHELA MPHO E TSWANG HO MODIMO

18. Re tseba jwang hore Jehova o a re rata?

18 Ha ho pelaelo hore o a thaba ha motho e mong a o fa mpho e ntle. Thekollo ke mpho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re e filweng, mme re lokela ho e ananela. Johanne 3:16 e re: ‘Modimo o ratile lefatshe haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi kapa a le mong.’ Jehova o re ratile haholo hoo a ileng a re fa Jesu, e leng Mora wa hae eo a mo ratang haholo. Jesu le yena o a re rata hobane o ile a itela bakeng sa rona mme a re shwela. (Johanne 15:13) Mpho ya thekollo ke bopaki ba hore Jehova le Jesu ba o rata haholo.—Bagalata 2:20.

Mosadi o ithuta Bibele

Ha re ntse re ithuta ka Jehova, re tla mo rata haholo mme re be metswalle ya hae

19, 20. (a) O ka etsang hore o be motswalle wa Jehova? (b) O ka bontsha jwang hore o na le tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo?

19 Jwalo ka ha o se o ithutile ka lerato leo Modimo a o bontshitseng lona, o ka etsang hore o be motswalle wa hae? Ha ho bonolo ho rata motho eo o sa mo tsebeng. Johanne 17:3 e re re lokela ho tseba Jehova. Ka hoo, ha o ithuta ka yena, o tla mo rata le ho feta mme e tla ba motswalle wa hao, ebile o tla etsa dintho tse mo thabisang. Ka hona, tswela pele ho ithuta ka Jehova ka ho bala Bibele.—1 Johanne 5:3.

20 Bontsha tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo. Bibele e re: “Ya bontshang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:36) Ho bolelang ho bontsha tumelo? Ho bolela ho etsa dintho tseo Jesu a re rutileng tsona. (Johanne 13:15) Re ke ke ra bolela ka molomo feela hore re dumela ho Jesu. Re lokela ho etsa ho itseng ho bontsha hore re na le tumelo. Jakobo 2:26 e re: “Tumelo e se nang mesebetsi e shwele.”

21, 22. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho ya Sehopotsong sa lefu la Kreste selemo le selemo? (b) Re tla ithutang kgaolong ya 6 le 7?

21 Eba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. Pele a bolawa, Jesu o ile a re re lokela ho ikgopotsa lefu la hae. Re lokela ho etsa sena selemo le selemo. Bibele e bitsa ketsahalo eo “Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena” kapa Sehopotso. (1 Bakorinthe 11:20; Matheu 26:26-28) Jesu o batla hore re hopole hore o ile a fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le thekollo molemong wa rona. O itse: “Le nne le etse sena ho nkgopola.” (Bala Luka 22:19.) Ha o ba teng Sehopotsong, o bontsha hore o ananela lerato leo Jehova le Jesu ba re bontshitseng lona.—Sheba Ntlha ya 16 e hlahang qetellong ya buka.

22 Thekollo ke mpho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo Modimo a re fileng yona. (2 Bakorinthe 9:14, 15) Mpho ena e tla thusa le batho ba bangata ba seng ba hlokahetse. Kgaolong ya 6 le ya 7, re tla ithuta ho eketsehileng ka taba ena.

KAKARETSO

THUTO YA 1: KAOFELA HA RONA RE HLOKA THEKOLLO

‘Mora motho o fane ka bophelo ba hae hore e be thekollo bakeng sa ba bangata.’—Matheu 20:28

Ke hobaneng ha re hloka thekollo?

  • Genese 3:17-19

    Ha Adama a tlola molao wa Modimo, o ile a lahlehelwa ke bophelo bo phethahetseng le sebaka se setle seo a neng a dula ho sona. Modimo ha a ka a hlola a mo nka e le ngwana wa hae.

  • Baroma 5:12

    Ka lebaka la sebe sa Adama, re baetsadibe mme re a shwa.

  • Baefese 1:7

    Jehova o sebedisa thekollo ho lokolla batho sebeng le lefung.

THUTO YA 2: JEHOVA O FANE KA THEKOLLO

“Modimo o ile a romela Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi lefatsheng e le hore re ka fumana bophelo ka yena.”—1 Johanne 4:9

Jehova o fane ka thekollo jwang?

  • Pesaleme ya 49:7, 8

    Ha ho le ya mong ho rona ya neng a ka patala thekollo bakeng sa bophelo bo phethahetseng boo Adama a ileng a bo lahla.

  • Luka 1:35

    Jehova o ile a romela Mora wa hae hore a tle lefatsheng mme a tswalwe e le motho ya phethahetseng.

  • Baroma 3:23, 24; Baheberu 9:24

    Jesu o ile a tsoha bafung mme a kgutlela lehodimong. O ile a fa Jehova bophelo ba hae bo phethahetseng mme Jehova a bo sebedisa ho patala thekollo.

THUTO YA 3: THEKOLLO E RE FA TSHEPO

“O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le ba teng.”—Tšenolo 21:4

Thekollo e ka re tswela molemo jwang?

  • 1 Johanne 1:8, 9

    Re fumana tshwarelo ya dibe.

  • Baheberu 9:13, 14

    Re ba le letswalo le hlwekileng.

  • Baroma 6:23

    Re na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng.

  • Bagalata 2:​20

    Thekollo ke bopaki ba hore Jehova le Jesu ba a re rata.

THUTO YA 4: RE LOKELA HO ANANELA THEKOLLO

‘Modimo o ile a fana ka Mora wa hae, e le hore e mong le e mong ya bontshang tumelo ho yena a be le bophelo bo sa feleng.’—Johanne 3:16

Re ka bontsha jwang hore re ananela mpho ya thekollo eo Modimo a re fileng yona?

  • Johanne 17:3

    Ithute ka Jehova le Jesu mme o ba etsise.

  • Luka 22:19

    Eba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste selemo le selemo.

  • Johanne 3:36; Jakobo 2:26

    O se ke wa bolela ka molomo feela hore o dumela ho Jesu. Etsa dintho tseo Jesu a re rutileng tsona.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share