LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp19 No. 1 maq. 13-14
  • Modimo o Tla Etsang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Modimo o Tla Etsang?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • O TLA FEDISA BOKGOPO
  • O TLA ETSA HORE LEFATSHE LE BE LETLE
  • O TLA FEDISA HO KULA LE LEFU
  • MODIMO O TLA TLISA MMUSO WA HAE
  • Mmuso wa Modimo o Tla Finyella Eng?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Mmuso wa Modimo Keng?
    Bibele e re Rutang?
  • Mmuso wa Modimo o Tlo Etsang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Mmuso wa Modimo ke Eng?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
wp19 No. 1 maq. 13-14
Batho ba Modimo ba etsa lefatshe le be letle

Modimo O Tla Etsang?

Haeba o ne o le mathateng, ha ho pelaelo hore o ne o tla lebella hore motswalle wa hao a o thuse. Re ntse re nahanne ka sena, batho ba bangata ba re Modimo ha se motswalle wa bona hobane ha a ba thuse ka letho. Haele hantle, ha se hore Modimo o re etseditse dintho tse molemo feela empa o tla boela a fedise mathata a rona. Modimo o tla etsang?

O TLA FEDISA BOKGOPO

Modimo o tla fedisa bokgopo ka hore a qale ka ho fedisa motho ya bo bakang. Bibele e ya re jwetsa hore na ke mang motho eo ha e re: “Lefatshe lohle le rapaletse matleng a ya kgopo.” (1 Johanne 5:19) Motho eo “ya kgopo” ke yena eo Jesu a ileng a mmitsa “mmusi wa lefatshe lena,” e leng Satane Diabolose. (Johanne 12:31) Satane ke yena ya etsang hore ho be le mathata lefatsheng. Modimo o tla etsang?

Haufinyane Jehova Modimo o tla sebedisa Mora wa hae, Jesu Kreste ho “etsa lefeela ya nang le mokgwa wa ho baka lefu, ke hore, Diabolose.” (Baheberu 2:14; 1 Johanne 3:8) Haele hantle, Diabolose o a tseba hore “o na le nako e kgutshwanyane” pele a fediswa. (Tšenolo 12:12) Modimo o tla boela a fedise batho bohle ba etsang dintho tse kgopo.—Pesaleme ya 37:9; Liproverbia 2:22.

O TLA ETSA HORE LEFATSHE LE BE LETLE

Ka mora hore Mmopi wa rona a fedise bokgopo bohle lefatsheng, o tla phethahatsa morero wa hae wa hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatsheng le letle. Re ka lebellang?

Kgotso ya nnete le tshireletseho. “Ba bonolo ba tla rua lefatshe, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng kgotsong e ngata.”—Pesaleme ya 37:11.

Dijo tse ngata. “Ho tla ba le dijothollo tse ngata lefatsheng; ho tla ba le nala hodima ditlhoro tsa dithaba.”—Pesaleme ya 72:16.

Matlo a matle le mesebetsi e kgotsofatsang. “Ba tla haha matlo mme ba dule ho ona; ka sebele ba tla lema dirapa tsa morara mme ba je ditholwana tsa tsona. . . . mme bakgethwa ba ka ba tla sebedisa mosebetsi wa matsoho a bona ka botlalo.”—Esaia 65:21, 22.

Na o ka rata ho bona ha dintho tsee di etsahala? Di tla etsahala haufinyane.

O TLA FEDISA HO KULA LE LEFU

Kajeno batho ba a kula ebe qetellong ba a hlokahala, empa qetellong seo se tla fela. Haufinyane Modimo o tla re bontsha melemo e ileng ya tliswa ke lefu la Jesu e le hore “e mong le e mong ya bontshang tumelo ho yena a se ke a timetswa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Diphello e tla ba dife?

O tla fedisa ho kula. “Ha ho moahi ya tla re: ‘Kea kula.’ Batho ba dulang naheng eo e tla ba ba tshwaretsweng diphoso tsa bona.”—Esaia 33:24.

Lefu ha sa tla hlola le eba teng. “O tla metsa lefu ka ho sa feleng, mme ka sebele Mmusi Morena Jehova o tla hlakola meokgo difahlehong tsohle.”—Esaia 25:8.

Batho ba tla phela ka ho sa feleng. “Mpho eo Modimo a fanang ka yona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena wa rona.”—Baroma 6:23.

Bafu ba tla tsoswa. “Ho tla ba le tsoho ya ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Ba tla tsoswa ba tla fumana molemo o tliswang ke sehlabelo sa Jesu.

Modimo o tla etsa dintho tsee kaofela jwang?

MODIMO O TLA TLISA MMUSO WA HAE

Modimo o tla phethahatsa morero wa hae ka batho le lefatshe a sebedisa mmuso wa lehodimo oo morena wa ona e leng Jesu Kreste. (Pesaleme ya 110:1, 2) Ke Mmuso oo Jesu a ileng a bolella balatedi ba hae hore ba o rapelle, ba re: “Ntata rona ya mahodimong, . . . Mmuso wa hao o ke o tle.”—Matheu 6:9, 10.

Mmuso wa Modimo o tla busa lefatsheng mme o fedise bohloko le mathata ohle. Ha hona Mmuso o ka tshwanang le ona! Ke ka hoo Jesu a neng a ikemiseditse ho bolela “ditaba tse molemo tsa Mmuso” ha a ne a le lefatsheng mme a bolella barutuwa ba hae hore ba etse se tshwanang.—Matheu 4:23; 24:14.

Jehova Modimo o tshepisitse hore o tla etsa dintho tsena kaofela hobane o rata batho haholo. Na seo ha se etse hore o batle ho mo tseba le ho atamela haufi le yena? Ho etsa seo ho ka o thusa jwang? Sehlooho se latelang se tla o thusa.

MODIMO O TLA ETSANG? Modimo o tla fedisa ho kula le lefu, a kopanye batho bohle tlasa Mmuso wa hae mme a etse hore lefatshe le be letle

MMUSO WA MODIMO KENG?

  • Ke mmuso o mahodimong wa Modimo oo qetellong o tla phethahatsa thato ya hae.—Genese 1:28; Matheu 6:9, 10.

  • Morena wa mmuso ona o fuwe matla a hore a buse lehodimong le lefatsheng.—Esaia 9:6, 7; 11:2-4; Matheu 28:18.

  • Mmuso ona o laolwa ke dithuto tsa Jesu tse tswang melaong ya Modimo.—Matheu 22:37-39; Jakobo 2:8.

  • O se ntse o busa mme batho ba dimillione lefatsheng kaofela ba bolela “ditaba tsena tse molemo tsa Mmuso.”—Matheu 24:14; 28:19, 20.a

a E le hore o fumane dintlha tse ding mabapi le Mmuso wa Modimo, sheba kgaolo ya 8 bukeng ya Bibele e re rutang? e hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova. O ka boela wa e fumana websaeteng ho www.jw.org/st-za.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share