LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp20 No. 2 maq. 11-13
  • Mmuso wa Modimo o Tla Finyella Eng?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Mmuso wa Modimo o Tla Finyella Eng?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • SEO MMUSO WA MODIMO O SENG O SE ENTSE
  • MMUSO WA MODIMO O TLA ETSA ENG NAKONG E TLANG?
  • MMUSO WA MODIMO O TLA ETSETSA BATHO ENG?
  • Mmuso wa Modimo Keng?
    Bibele e re Rutang?
  • Mmuso wa Modimo o Tlo Etsang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Mmuso wa Modimo Keng?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
  • Modimo o Tla Etsang?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
wp20 No. 2 maq. 11-13
Noka e phallang metsi. Noka ena e potolohilwe ke dithaba tse nang le lehlwa le moru.

Mmuso wa Modimo o Tla Finyella Eng?

Jesu o ile a ruta barutuwa ba hae hore ba rapelle Mmuso wa Modimo hore o tle. Hobane o ne a tseba hore dintho tse mpe tse etsahalang ha se thato ya Modimo le hore ke Mmuso wa Modimo feela o tla lokisa mathata a teng lefatsheng. Mmuso wa Modimo o tla etsetsa batho eng?

SEO MMUSO WA MODIMO O SENG O SE ENTSE

Sehloohong se fetileng, re ile ra bua ka dintho tseo Jesu a ileng a re di tla etsahala. Dintho tseo di bontsha ka ho hlaka hore Mmuso wa Modimo o se o busa lehodimong le hore Morena wa wona ke Jesu Kreste.

Bibele e re ha Jesu a qeta ho fuwa matla, o ile a leleka Satane le bademona ba hae lehodimong. Hona jwale, Satane le bademona ba hae ba se ba busa lefatsheng ke ka hona ho ileng ha etsahala dintho tse mpe ho tloha ka 1914.​—Tshenolo 12:7, 9.

Le hoja maemo a lefatshe a ntse a mpefala, Jesu e leng Morena wa Mmuso wa Modimo, ho na le ho hong hoo a ho entseng ho thusa batho. Ka lebaka la hore lefatsheng lohle ho etswa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele, batho ba bangata ba ithuta le ho sebedisa melaomotheo ya Bibele bophelong ba bona. (Esaia 2:2-4) Batho ba bangata ba ithutile ho etsa dintho ka tsela e nepahetseng, ba bang ba ntlafaditse bophelo ba malapa a bona mme ba etsa diqeto tse nepahetseng ha ho tluwa tabeng ya maruo. Batho bana ba ithuta ho ntlafatsa bophelo ba bona hona jwale mme eba mofuta wa batho bao Modimo a batlang hore ba phele tlasa Mmuso wa hae.

MMUSO WA MODIMO O TLA ETSA ENG NAKONG E TLANG?

Le hoja Jesu a busa lehodimong, mebuso ya batho yona e ntse e busa lefatsheng. Le ha ho le jwalo, Modimo o ile a laela Jesu a re: “Qala ho busa hara dira tsa hao.” (Pesaleme ya 110:⁠2) Haufinyane, Jesu o tla timetsa batho bohle ba mo hanyetsang mme o tla fedisa mathata ohle a batho ba batlang ho mamela Modimo.

Haufinyane Mmuso wa Modimo o tla etsa dintho tse latelang

  • O tla fedisa madumedi a leshano. Bibele e tshwantsha madumedi a leshano le mosadi wa seotswa. Madumedi a rutang leshano le ho etsa hore bophelo ba batho bo be thata, Modimo o tla a fedisa. Ha madumedi ana a fediswa, sena se tla makatsa batho ba bangata.​—Tshenolo 17:15, 16.

  • O tla fedisa mebuso ya batho. Mmuso wa Modimo o tla nka kgato, o fedise mebuso ya batho kaofela.​—Tshenolo 19:15, 17, 18.

  • O tla fedisa batho ba kgopo. Ho tla etsahalang ka batho ba etsang dintho tse mpe le ba sa batleng ho buswa ke Mmuso wa Modimo? “Ha e le ba kgopo, ba tla fediswa lefatsheng.”​—Diproverbia 2:22.

  • Satane le bademona ba hae ba tla fediswa. Satane le bademona ba hae ha ba sa tla hlola ba kgona ho “kgelosa ditjhaba.”​—Tshenolo 20:3, 10.

See se tla bolela eng ho bohle ba batlang ho buswa ke Mmuso wa Modimo?

MMUSO WA MODIMO O TLA ETSETSA BATHO ENG?

Jesu o tla busa a le lehodimong mme o tla re busa ka tsela eo motho a neng a ke ke a kgona ho re busa ka yona. O tla busa le ba 144 000 ba kgethilweng lefatsheng. (Tshenolo 5:9, 10; 14:1, 3) O tla etsa bonnete ba hore thato ya Modimo e ya etsahala lefatsheng. Mmuso wa Modimo o tla etsetsa batho eng?

  • O tla fedisa ho kula le lefu. “Ha ho moahi ya tla re: ‘Ke a kula,’” mme “lefu ha le sa tla hlola le eba teng.”​—Esaia 33:24; Tshenolo 21:4.

  • O tla tlisa kgotso ya sebele le tshireletseho. “Kgotso ya bara ba hao e tla ba ngata” mme “e mong le e mong o tla dula tlasa sefate sa hae sa morara le tlasa sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha eba le ya etsang hore ba thothomele.”​—Esaia 54:13; Mikea 4:4.

  • Batho ba tla thabela mosebetsi. “Ba tla sebedisa mosebetsi wa matsoho a bona ka botlalo. Ba ke ke ba sehlela lefeela.”​—Esaia 65:22, 23.

  • O tla hlwekisa tikoloho. “Lefeella le sebaka se se nang metsi di tla thaba, le thota ya lehwatata e tla thaba mme e thunye jwalo ka safrone.”​—Esaia 35:1.

  • O tla ruta batho hore na ba lokela ho etsang e le hore ba phele ka ho sa feleng. “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tswela pele ba rua tsebo ka wena, Modimo a le mong feela wa nnete, le ka eo o mo romileng, Jesu Kreste.”​—Johanne 17:3.

Modimo o batla hore o thabele ho bona ha ditshepiso tsa hae di phethahala. (Esaia 48:18) Sehlooho se latelang, se tla bua ka hore na keng seo o lokelang ho se etsa hona jwale e le hore o thabele ho bona ha ditshepiso tsa Modimo di phethahala.

Mmuso wa Modimo o tla lokisa dintho tsohle tseo mebuso ya batho e ileng ya di senya ka dilemo tse ngata. O tla etsa hore ho be le:

  • Banyalani ba matha sebakeng se difate.

    BOPHELO BO BOTLE

  • Lelapa le thabetse ho ba ha mmoho pakeng. Ntate o ntse a bapala katara.

    KGOTSO LE TSHIRELETSEHO

  • Banyalani ba sebetsa serapeng sa bona sa malomo.

    BATHO BA THABELE MOSEBETSI WA BONA

  • Noka e phallang metsi. Noka ena e potolohilwe ke dithaba tse nang le lehlwa le moru.

    RE BE LE TIKOLOHO E NTLE

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share