LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp20 No. 3 maq. 14-15
  • Thabela Ditlhohonolofatso Tse Tswang ho Modimo ka ho sa Feleng

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Thabela Ditlhohonolofatso Tse Tswang ho Modimo ka ho sa Feleng
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Dintlha tse Ding
  • Re ka Ithutang Mehlolong ya Jesu?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Re Ithuta ka Modimo ho Tswa ho Baprofeta ba Hae
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Jesu o ne a Etsang ha a le Lefatsheng?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
wp20 No. 3 maq. 14-15
Batho ba ditso tse sa tshwaneng ba thabetse ho phela ha mmoho lefatsheng le letjha la paradeise.

“Ka sebele lefatshe le tla fana ka dihlahiswa tsa lona, Modimo, Modimo wa rona, o tla re hlohonolofatsa.”​—PESALEME YA 67:6

Thabela Ditlhohonolofatso Tse Tswang ho Modimo ka ho sa Feleng

Modimo o ile a tshepisa Abrahama hore e mong wa ditloholo tsa hae o ne a tla tlisa ditlhohonolofatso ho “ditjhaba tsohle tsa lefatshe.” (Genese 22:18) Setloholo seo e ne e tla ba mang?

Hoo e ka bang dilemo tse 2 000 tse fetileng, ka mora hore tshepiso eo e etswe, Modimo o ile a fa Jesu, eo e neng e le setloholo sa Abrahama matla a hore a etse mehlolo. Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa, e ne e bontsha hore tshepiso eo Modimo a ileng a e etsetsa Abrahama e ne e tla phethahala ditjhabeng tsohle a sebedisa Jesu Kreste.​—Bagalata 3:14.

Mehlolo eo Jesu Kreste a neng a e etsa, e ile ya thusa batho hore ba bone hore Modimo o kgethile yena hore a hlohonolofatse batho mme e ile ya bontsha hape hore Modimo o tla sebedisa yena ho hlohonolofatsa batho hape nakong e tlang ka ho sa feleng. Hlokomela ka moo mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa e bontshang a mang a makgabane a hae ka teng.

O ne a le mosa​—Jesu o ile a fodisa batho ba kulang.

Ka letsatsi le leng, molepera o ile a kopa Jesu hore a mo fodise. Jesu o ile a mo tshwara mme a re ho yena: “Ke a batla!” mme kapelepele lepera le ile la nyamela.​—Mareka 1:40-42.

O ne a fana​—Jesu o ile a fa batho ba neng ba lapile dijo.

Jesu o ne a sa batle hore batho ba lape. O ile a fa batho ba dikete dijo, ka hore a eketse palo ya mahobe le ditlhapi tse neng di le teng, e le hore di kgone ho ba anela kaofela. (Matheu 14:17-21; 15:32-38) Ka mora hore ba je, kaofela ha bona ba ne ba kgotshe mme ho ne ho ntse ho na le dijo tse ding tse ngata tse setseng.

O ne a na le kutlwelo bohloko​—Jesu o ile a tsosa batho ba hlokahetseng.

Jesu o ile a tsosa mora ya neng a hlokahetse wa mohlolohadi eo ho neng ho se ho sena motho ya tla mo hlokomela ka lebaka la hore o ne “a mo hauhela.”​—Luka 7:12-15.

KE DITLHOHONOLOFATSO DI FE TSE TLA BA TENG LEFATSHENG KA HO SA FELENG?

Jesu o se a re bontshitse hore Modimo o na le matla a ho hlohonolofatsa batho. Haufinyane ha Jesu a kgutla, feela jwalo ka ha a tshepisitse, Modimo o tla sebedisa yena ho etsa mehlolo e fetang eo a ileng a e etsa pele!

Bophelo bo tla ba jwang lefatsheng ha Modimo a phethahatsa ditshepiso tseo a di tshepisitseng Abrahama? Batho bohle ba ratang Modimo le ho mo hlompha “ba tla rua lefatshe” mme “ba tla fumana thabo e phethehileng kgotsong e ngata.” (Pesaleme ya 37:11) “Lefu ha le sa tla hlola le eba teng, ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng.”​—Tšenolo 21:4.

E tla ba tlhohonolofatso e ka kang ho phela lefatsheng ka ho sa feleng ka kgotso! Ithute ho eketsehileng ka ditlhohonolofatso tseo Mmuso wa Modimo o tla di tlisa haufinyane ka hore o kene ho www.jw.org/st-za.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share