PHELA JWALO KA MOKRESTE
Phelela ho Etsa Thato ya Jehova!
Bophelo ke mpho e babatsehang. Tsela eo re phelang ka yona letsatsi le letsatsi e bontsha kamoo re ananelang mpho ena kateng. Jwalo ka Dipaki Tsa Jehova, re lwanela ho sebedisa ditalenta tsa rona le bokgoni ba rona ho halaletsa Jehova e leng mohlodi wa bophelo. (Pes 36:9; Tše 4:11) Le ha ho le jwalo, matshwenyeho ao re kopanang le ona letsatsi le letsatsi lefatsheng lena le kgopo a ka etsa hore ho sebeletsa Jehova e be ntho e tlang ka morao. (Mar 4:18, 19) E ka ba hantle hore motho a ipotse: ‘Na ke fa Jehova se molemohadi? (Hos 14:2) Na mosebetsi wa ka o ntshitisa ho sebeletsa Jehova ka botlalo? Keng seo ke batlang ho se finyella tshebeletsong ya Jehova? Nka eketsa tshebeletso ya ka jwang?’ Haeba o bona ho na le moo o lokelang ho ntlafatsa teng, rapela Jehova hore a o thuse o etse diphetoho tse hlokahalang. Ntle ho qeaqeo, ho sebeletsa Jehova ho tlisa thabo ya sebele le bophelo bo kgotsofatsang!—Pes 61:8.
Ke mang eo o mo tlotlisang ka ditalenta tsa hao?
SHEBELLA VIDEO E RENG SEBEDISA TALENTA YA HAO HO RORISA JEHOVA, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Ke hobaneng ha ho se bohlale ho sebedisa ditalenta tsa rona lefatsheng la Satane? (1Jo 2:17)
Ba etsang thato ya Jehova ba fumana ditlhohonolofatso dife?
Ke dikarolong dife tsa tshebeletso e halalelang nka iketsang ya fumanehang hore ke sebedise ditalenta tsa ka le bokgoni ba ka?