PHELA JWALO KA MOKRESTE
Ikokobetse Mme o se ke wa Ithorisa
Motho ya ithorisang le ya ikakasang o a ikgohomosa mme seo se etsa hore batho ba se ke ba thabela ho mo mamela. Ke ka hoo Bibele e reng: “E se e ka osele a ka o rorisa, eseng molomo wa hao.”—Lipr 27:2.
SHEBELLA VIDEO E RENG EBA MOTSWALLE WA JEHOVA—IKOKOBETSE, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Ke dintho dife tseo hangata batho ba ratang ho ikakasa ka tsona?
Kalebe o ne a ikakasa ka eng ho motswalle wa hae?
Ntate wa Kalebe o ile a thusa Kalebe jwang hore a utlwisise hore o lokela ho ikokobetsa?
1 Petrose 5:5 e ka re thusa jwang hore re ikokobetse?