LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb20 December leq. 7
  • Na o ka Thabela ho ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na o ka Thabela ho ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso?
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
  • Dintlha tse Ding
  • Ho Kwetlisa Basebetsi ba Mmuso
    Mmuso wa Modimo o a Busa!
  • Rera Hore na o Tla Etsang Selemong se Setjha sa Tshebeletso​—⁠Kenya Kopo ya ho ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Baromuwa ba Romelwa “Karolong e Holehole ya Lefatshe”
    Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
  • Hahamalla Thuto ya Modimo
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
Tse Ding
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
mwb20 December leq. 7
Baithuti ba mmalwa ba ba Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Na o ka Thabela ho ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso?

Na o tshebeletsong ya nako e tletseng mme dilemo tsa hao di pakeng tsa 23 le 65? Na o phetse hantle mmeleng mme o ka kgona ho sebetsa moo ho nang le tlhokahalo teng? Haeba o arabile dipotso tsena ka hore E, na o kile wa nahana ho ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso? Ho tloha ka tlelase ya pele, banyalani ba bangata ba ngodisitse Sekolong sena ho akarelletsa le bara le baradibabo rona ba masoha. Le ha ho le jwalo, re hloka barababo rona ba eketsehileng ba masoha hore ba ngodise. Kopa Jehova hore a o thuse hore o batle ho mo thabisa le ho etsisa mora wa hae. (Pes 40:⁠8; Mat 20:28; Heb 10:7) Ebe o nahana ka dintho tseo o ka di etsang e le hore o ka fokotsa mabaka a hao hore o kgone ho ya Sekolong sena.

Batho ba kwetlisitsweng Sekolong sena ba kgonne ho sebeletsa ka ditsela dife? Ba bang ba sebeletsa moo ho buuwang dipuo tse ding, ha ba bang bona ba bolela phatlalatsa ka tsela e kgethehileng ditoropong tse kgolo. Ka mora nako e itseng, ba bang ba sebeletsa e le balebedi ba potoloho ba nakwana, e le balebedi ba potoloho kapa e le baromuwa. Ha o ntse o nahana ka dintho tseo o ka di etsang tshebeletsong ya Jehova, e se eka o ka ikutlwa jwalo ka moprofeta Esaia ya ileng a re: “Ke nna enwa! Roma nna!”​—Esa 6:8.

SHEBELLA VIDEO E RENG BAROMUWA BA ETSANG MOSEBETSI WA KOTULO, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Setshwantsho se hlahang videong ya ‘Baromuwa ba Etsang Mosebetsi wa Kotulo.’ Banyalani ba baromuwa ba tsamaya seterateng seo ba bolelang ditaba tse molemo ho sona.

    Baromuwa ba kgethwa jwang?

  • Setshwantsho se hlahang videong ya ‘Baromuwa ba Etsang Mosebetsi wa Kotulo.’ Moradiwabo rona wa moromuwa le moradiwabo rona e mong ba ithuta Bibele le mosadi e mong.

    Baromuwa ba etsa mosebetsi ofe?

  • Setshwantsho se hlahang videong ya ‘Baromuwa ba Etsang Mosebetsi wa Kotulo.’ Morabo rona wa moromuwa wa phutheho ya puo ya matsoho o buisana le morabo rona e mong hore a tlatse foromo ya tshebeletso e kgethehileng.

    Baromuwa ba fumana ditlhohonolofatso dife?

Na o ka thabela ho tseba ho eketsehileng ka Sekolo sa Baevangedi ba Mmuso? Ho jw.org kena ho Laebrari ebe o ya ho “Divideo” mme o shebe tlasa MESEBETSI YA RONA > DIKOLO TSA MOKGATLO. Shebella divideo tse latelang Dikolo Tsa Mokgatlo Tse Africa, Ho Rutwa ke Jehova ho Tlisa Ditlhohonolofatso le Tlelase ya Pele ya SKE.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share