PHELA JWALO KA MOKRESTE
Hahamalla Thuto ya Modimo
KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Morupedi e Moholo e leng Jehova, o re fa thuto e phahameng ka ho fetisisa. O re ruta mahala hore re ntlafatse bophelo ba rona le ho itukisetsa bokamoso bo babatsehang. (Esa 11:6-9; 30:20, 21; Tšen 22:17) Ka thuto eo a re fang yona, Jehova o boetse o re rupella ho bolella batho ba bang molaetsa o pholosang bophelo.—2Ko 3:5.
O KA ETSA SEO JWANG:
Ka ho ba bonolo le ka ho ikokobetsa.—Pes 25:8, 9
Ka ho sebedisa kwetliso eo Jehova a o fang yona hona jwale, jwalo ka ho amohela dipuo tseo o di fuwang sebokeng sa hara beke
Ka ho ikemisetsa ho eketsa tshebeletso ya hao.—Fil 3:13
Ka ho etsa boitelo bo itseng e le hore o tshwanelehe bakeng sa kwetliso e eketsehileng.—Fil 3:8
SHEBELLANG VIDEO E RENG HO RUTWA KE JEHOVA HO TLISA DITLHOHONOLOFATSO, EBE KA MORA MOO LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Ke ditshitiso dife tseo bahweletsi ba bang ba ileng ba di hlola e le hore ba kgone ho ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso?
Ke kwetliso efe eo Sekolo sa Baevangedi ba Mmuso se fanang ka yona?
Ditho tsa phutheho di ile tsa thusa bahweletsi ba tswang Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso jwang dikabelong tsa bona tse ntjha?
Ho hlokahala eng hore motho a tshwanelehe ho ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso? (kr 189)
Ke kwetliso efe hape eo o ka e hahamallang mokgatlong wa Jehova?
Ke melemo efe eo o tla e fumana ka ho hahamalla thuto ya Modimo?