Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb23 July leq. 11
  • O ka Etsa Hore Lelapa la Hao e be le Thabileng

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • O ka Etsa Hore Lelapa la Hao e be le Thabileng
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Lelapa la Hao le ka Thaba
    Bibele e re Rutang?
  • Kgalemelo e Bontsha Hore Jehova o a re Rata
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • “Hlompha Ntatao le Mmao”
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Sebedisa Melaomotheo ya Bibele ho Thusa Bana ba Hao Hore ba Atlehe
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
Bala Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
mwb23 July leq. 11
Ditshwantsho: Dipapiso tse mabapi le video ya “Sebeletsa Hore ho be le Thabo ka Lapeng.” 1. Mme le Ntate ba ntse ba ja cake mme baradi ba bona ba ba shebile. 2. Baradi ba a tsheha nakong ya borapedi ba lelapa. 3. Moradi e mong o hlokometse mme wa hae ya robetseng sofeng ya kulang.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

O ka Etsa Hore Lelapa la Hao e be le Thabileng

Jehova o batla hore malapa a thabe. (Ps 127:3-5; Moe 9:9; 11:9) Le ha ho le jwalo, thabo eo re bang le yona e ka fela ka lebaka la mathata a lefatshe lena le diphoso tsa ba malapa a rona. Ke eng eo ditho tsa malapa di lokelang ho e etsa e le hore lelapa e be le thabileng?

Monna o lokela ho tshwara mosadi wa hae hantle. (1Pe 3:7) A qete nako le yena. Ha a lokela ho lebella hore mosadi wa hae a etse dintho tseo a ke keng a kgona ho di etsa. Empa o lokela ho bontsha hore o ananela dintho tseo mosadi wa hae a di etsetsang yena le lelapa la bona. (Kol 3:15) A bontshe mosadi wa hae hore o a mo rata hape a mo babatse.—Pr 31:28, 31.

Mosadi o lokela ho tshehetsa monna wa hae. (Pr 31:12) A ikokobeletse yena mme a sebedisane hantle le yena. (Kol 3:18) A bue hantle le yena le ha a bua ka yena ho batho ba bang.—Pr 31:26.

Batswadi ba lokela ho qeta nako le bana ba bona. (De 6:6, 7) Ba lokela ho bolella bana ba bona hore ba a ba rata. (Mat 3:17) Ba kgalemele bana ba bona ka lerato le ho ba nahanela.—Ef 6:4.

Bana ba lokela ho hlompha batswadi le ho ba mamela. (Pr 23:22) Ba bolelle batswadi ba bona maikutlo a bona le dintho tseo ba di nahanang. Ka tlhompho ba amohele kgalemelo ya batswadi ba bona.—Pr 19:20.

SHEBELLANG VIDEO YA SEBELETSA HORE HO BE LE THABO KA LAPENG EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:

Keng eo motho ka mong a ileng a e etsa hore ho be le thabo ka lapeng?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela