LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp21 No. 1 maq. 8-9
  • Ke Hobaneng ha Modimo a sa Arabele Dithapelo Tsohle?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke Hobaneng ha Modimo a sa Arabele Dithapelo Tsohle?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • “Ya faposang tsebe ya hae hore e se ke ya utlwa molao​—esita le thapelo ya hae ke ntho e manyala.”​—Liproverbia 28:9.
  • Bibele e re Rutang ka Thapelo?
    Bibele e re Rutang?
  • Thapelo e ka o Thusa ho ba Motswalle wa Modimo
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Karolo ya 11
    Mamela Modimo
  • Jehova o Araba Dithapelo Tsa Rona Jwang?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
wp21 No. 1 maq. 8-9

Ke Hobaneng ha Modimo a sa Arabele Dithapelo Tsohle?

Ntate wa rona ya mahodimong Jehova Modimo, o ikemiseditse ho utlwa dithapelo tsa rona mme o thabiswa ke seo. Empa ho na le dintho tse ka etsang hore a se ke a di arabela. Ke dintho dife tseo, hona re lokela ho hopola eng ha re rapela? A re utlweng hore na Bibele e reng.

Batho ba kerekeng ba bala thapelo e ngotsweng.

“Ha o rapela, o se ke wa phetapheta dintho tse tshwanang.”​—Matheu 6:7.

Jehova ha a batle hore re phethe dithapelo tseo esale re di tshwarella ka hlooho kapa re di bale bukeng. Ho ena le hoo, o batla hore re mo rapele ho tswa pelong. Nahana hore na o ka ikutlwa jwang ha motswalle wa hao a o bolella mantswe a tshwanang letsatsi le leng le le leng. Metswalle e bua ho tswa pelong mme e bua ka ntho e nngwe le e nngwe. Haeba re sebedisa mantswe a rona ha re bua le Ntate wa rona ya lehodimong, re tla be re bontsha hore re mo nka e le motswalle wa rona.

Monna o shebile hodimo ha a fefa karete ya loto.

“Le a kopa, le ha ho le jwalo ha le amohele, hobane le kopa bakeng sa morero o fosahetseng.”​—Jakobo 4:3.

Re ke ke ra lebella hore Modimo a arabele dithapelo tsa rona haeba re mo kopa dintho tseo re tsebang hore ha a di batle kapa ha a batle hore re be le tsona. Ka mohlala, haeba motho a rata ho betjha mme a rapela Modimo hore ka lehlohonolo a fumane tjhelete, na Modimo o tla arabela thapelo e jwalo? O re bolelletse hore ha a batle hore re be meharo le hore re dumele ho dintho tseo eseng tsa sebele jwalo ka ho dumela ho mahlohonolo. (Esaia 65:11; Luka 12:15) Ha ho utlwahale hore re lebelle hore Jehova a arabele dithapelo tse jwalo. E le hore Jehova a arabele dithapelo tsa rona, re lokela ho etsa bonnete ba hore dintho tseo re di rapellang di dumellana le seo Bibele e se buang.

Moruti wa masole o rapella masole.

“Ya faposang tsebe ya hae hore e se ke ya utlwa molao​—esita le thapelo ya hae ke ntho e manyala.”​—Liproverbia 28:9.

Mehleng ya kgale, Modimo o ne a sa mamele dithapelo tsa batho ba neng ba sa mamele melao ya hae. (Esaia 1:15, 16) Modimo o ntse a so fetohe le kajeno. (Malakia 3:6) Haeba re batla hore Modimo a mamele dithapelo tsa rona, re tlameha ho etsa sohle seo re ka se kgonang hore re mamele melao ya hae. Hothweng haeba re ile ra etsa dintho tse mpe nakong e fetileng? Na seo se bolela hore Jehova a ke ke a mamela dithapelo tsa rona? Ha ho jwalo. Modimo o tla re tshwarela haeba re bontsha hore re ikwahlaela dintho tse mpe tseo re ileng ra di etsa.​—Liketso 3:19.

“Ya atamelang Modimo o lokela ho dumela hore o teng le hore e ba moputsi wa ba mo batlang ka tiyo.”​—Baheberu 11:6.

Mosadi o bala Bibele.

Ho rapela ha se feela ntho eo re e etsang hobane re batla ho ikutlwa betere haeba re tshwenyehile. Re rapela hobane re batla ho bontsha Modimo hore re a mo tshepa, re a mo hlompha ebile re a mo rata. Morutuwa Jakobo o ile a re haeba re sa “kope ka tumelo,” re se ke ra ‘nahana hore re tla amohela letho ho Jehova.’ (Jakobo 1:​6, 7) E le hore re be le tumelo ho Modimo, re tlameha ho etsa boiteko le ho ipha nako ya hore re ithute ka yena. Ho etsa jwalo ho tla re thusa hore re tsebe hore thato ya hae ke efe le hore re tshepe hore o mamela dithapelo tsa rona.

O SE KE WA TELA!

Le hoja Jehova a sa arabele dithapelo tsohle, empa o utlwa le ho arabela dithapelo tsa batho ba bangata. Bibele e tla o thusa hore na o etseng e le hore Modimo a mamele dithapelo tsa hao. Sehlooho se latelang se tla hlalosa taba ena.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share