SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 43
PINA YA 90 Le Kgothatsane
Leka ho Dula o Ena le Maikutlo a Nepahetseng
“Etsang bonnete ba hore dintho tsohle di nepahetse.” —1 BATHES. 5:21.
NTLHAKGOLO
Seo o ka se etsang hore o be le maikutlo a nepahetseng ka tshebeletso ya hao ho Jehova.
1-2. (a) Ke dipotso dife tseo bahlanka ba Jehova ba ka ipotsang tsona ka dinako tse ding? (b) Sehloohong see re tlo bua ka eng?
KA DINAKO tse ding, re ka nna ra belaella diqeto tseo re di entseng le ho ipotsa hore na re ba bohlokwa ho Jehova. Ka mohlala, motjha wa Paki a ka nna a ipotsa hore na Jehova o a mo tsotella le hore na ke bohlale hore a kolobetswe. Morabo rona ya nang le lelapa a ka nna a ipotsa hore na qeto eo a ileng a e etsa ha e sa le motjha ya ho kenela tshebeletso, na e sa ntse e mo tswela molemo. Kapa nahana ka moradi wa bo rona ya hodileng ya seng a se na matla jwalo ka pele. A ka nna a nyahama hobane ka lebaka la ho hola, ha a sa kgona ho etsa dintho tseo a neng a di etsa. Na o kile wa ipotsa dipotso tse kang tsee: ‘Na ehlile Jehova o a ntsotella? Na Jehova o ananela hore ebe ke iteletse ho mo sebeletsa? Na ebile bohlale hore ebe ke tetse dintho tseo ke di tetseng bakeng sa Jehova? Na ke ntse ke le motho wa bohlokwa ho Jehova?’
2 Ha o ka iphapanyetsa maikutlo ana, o ka iphumana o se o sa batle ho sebeletsa Jehova. Sehloohong sena, re tlo bua ka melaomotheo ya Bibele e tla re thusa haeba re utlwa eka (1) Jehova ha a re tsotelle, (2) re sa kgodiseha ka diqeto tseo re di entseng nakong e fetileng le (3) haeba re utlwa eka ha re sa na thuso ho Jehova.
BATLA DIKARABO TSA DIPOTSO TSA HAO
3. Ke eng e ka re thusang ho fumana dikarabo tsa dipotso tsa rona?
3 Ntho e nngwe e ka re thusang ho fumana dikarabo tsa dipotso tsa rona ke Lentswe la Modimo. Le ka re atametsa haufi le Jehova le ho re thusa hore ‘re eme re tiile tumelong.’—1 Bakor. 16:13.
4. Re ka ‘etsa bonnete ba hore dintho tsohle di nepahetse’ jwang? (1 Bathesalonika 5:21)
4 Bala 1 Bathesalonika 5:21. Bibele e re kgothalletsa ‘ho etsa bonnete ba hore dintho tsohle di nepahetse.’ Re ka etsa see jwang? Ka hore re netefatse hore maikutlo a rona a dumellana le seo Bibele e se buang. Ha re nke mohlala wa motjha ya belaellang hore Jehova o a mo tsotella. Ha a lokela ho iphapanyetsa boikutlo boo. Empa o lokela ‘ho etsa bonnete ba hore dintho tsohle di nepahetse’ ka ho ithuta hore na maikutlo a Jehova ke afe tabeng eo.
5. Re ka etsang hore re utlwe ha Jehova a araba dipotso tsa rona?
5 Ha re bala Lentswe la Modimo, ho jwalo ka ha eka re mo mametse ha a bua le rona. Ka hoo, haeba ho ena le dipotso tseo re ipotsang tsona, re ka batla dikarabo tsa tsona ka Bibeleng. Re ka batlisisa taba eo re sebedisa dingolwa tseo mokgatlo wa Jehova o re fang tsona. (Diprov. 2:3-6) Re ka boela ra kopa Jehova hore a re thuse ho fumana dikarabo tsa dipotso tseo re ipotsang tsona, ebe re batla melaomotheo ya Bibele e ka re thusang boemong boo re leng ho bona. Re ka boela ra bala ka batho ba hlahang ka Bibeleng ba ileng ba eba boemong boo re leng ho bona.
6. Diboka di re thusa jwang ho fumana dikarabo tsa dipotso tsa rona?
6 Re ka boela ra utlwa ha Jehova a bua le rona ha re le dibokeng. Haeba re eba teng ka mehla ho tsona, re ka utlwa ho hong puong kapa karabong ya motho e mong e ka arabang potso eo re ntseng re ipotsa yona. (Diprov. 27:17) A re boneng hore na ke eng e ka re thusang ho fumana dikarabo tsa dipotso tsa rona.
HAEBA RE UTLWA EKA JEHOVA HA A RE TSOTELLE
7. Motho e mong a ka ipotsa eng?
7 Na o ye o ipotse hore na ebe Jehova o a o tsotella? Haeba o ikutlwa o se na thuso, ho ka ba thata ho dumela hore motho ya moholo jwalo ka Jehova e ka ba motswalle wa hao. Mohlomong Morena Davida o ne a ikutlwa ka tsela e tshwanang, ha a tla re: “Jehova, motho keng hore o mo hlokomele, mora wa motho keng hore o mo ele hloko?” (Pes. 144:3) O ka fumana karabo ya potso ee hokae?
8. Ho ya ka 1 Samuele 16:6, 7, 10-12, Jehova o bona eng ha a sheba batho?
8 Ha re bala Bibele, re a hlokomela hore Jehova o tsotella le batho bao ho nkwang ba se na thuso. Ka mohlala, Jehova o ile a roma Samuele hore a ilo kgetha morena wa Iseraele hara bara ba Jese. Jese o ile a bitsa bara ba hae ba supileng yaba o siya wa ho fela e leng Davida.a Empa Jehova yena o ile a kgetha Davida. (Bala 1 Samuele 16:6, 7, 10-12.) Jehova o ne a bona hore na Davida ke motho ya jwang, a bona hore o mo rata ka pelo yohle.
9. O ka kgodiswa ke eng hore Jehova o a o tsotella? (Sheba setshwantsho.)
9 O se ke wa lebala ka moo Jehova a o bontshitseng hore o a o tsotella. A ka o fa keletso e o loketseng. (Pes. 32:8) Taba ena e bontsha hore o re tseba hantle! (Pes. 139:1) Ha o bona ka moo keletso ya Jehova e o tswelang molemo ka teng, o tla kgodiseha hore o a o tsotella. (1 Dikron. 28:9; Dik. 17:26, 27) Jehova o bona boiteko ba hao le makgabane a hao mme o batla ho ba Motswalle wa hao. (Jer. 17:10) O batla hore le wena o leke ho ba motswalle wa hae.—1 Joh. 4:19.
“Haeba o batla [Jehova], o tla etsa hore o mo fumane.”—1 Dikron. 28:9 (Sheba serapa sa 9)b
HAEBA RE SA KGODISEHA KA DIQETO TSEO RE DI ENTSENG NAKONG E FETILENG
10. O ka nna wa ba le maikutlo afe ha o nahana ka diqeto tseo o ileng wa di etsa kgale?
10 Ka dinako tse ding, re ka ipotsa hore na diqeto tseo re ileng ra di etsa nakong e fetileng di nepahetse. Mohlomong o ile wa kgetha ho sebeletsa Jehova ho ena le ho kgetha mosebetsi kapa ho ba le kgwebo e neng e ka o etsetsa tjhelete. Ha morao o se o bona batho bao o hotseng le bona ba entseng qeto e fapaneng eka ba tsitsitse ditjheleteng. Jwale o a ipotsa hore na e ne e le bohlale ho etsa qeto eo o ileng wa e etsa.
11. Ke eng e neng e tshwenya mongodi wa Pesaleme ya 73?
11 Haeba o na le maikutlo a tshwanang, leka ho nahana ka mongodi wa Pesaleme ya 73. O ne a bona eka batho ba bang ba atlehile ebile ha ba na mathata. (Pes. 73:3-5, 12) Taba ena e ne e etsa hore a utlwe eka ho sebeletsa Jehova ha ho mo tswele molemo. O ne a dula a “kgathatsehile letsatsi lohle.” (Pes. 73:13, 14) O ile a thuswa ke eng?
12. Ho latela Pesaleme ya 73:16-18, mopesaleme o ile a thuswa ke eng?
12 Bala Pesaleme ya 73:16-18. Mopesaleme eo o ile a kena ka sehalalelong sa Jehova, yare ha a le moo a kgona ho nahana hantle. O ile a elellwa hore le hoja batho bao ba bonahala eka ba phela ha monate, bokamoso ba bona bo lerootho. Ka mora moo, o ile a ba le kgotso hobane a hlokomela hore ho sebeletsa Jehova ke ntho ya bohlokwa bophelong. Ka hoo, o ile a ikemisetsa ho tswela pele a sebeletsa Jehova.—Pes. 73:23-28.
13. O ka kgothatswa ke eng ha o se o belaella diqeto tseo o ileng wa di etsa nakong e fetileng? (Sheba setshwantsho.)
13 Le wena Lentswe la Modimo le ka o thusa jwalo ka ha le thusitse mopesaleme. O hopole hore Jehova o tla dula a ena le wena mathateng ohle a hao le hore qetellong moputso wa hao o tla ba molemo ho feta wa batho ba sa mo sebeletseng. Batho bana ba tshepile dintho tseo ba kgonang iketsetsa tsona hobane ha ho na bokamoso boo ba bo lebeletseng, empa wena Jehova o tla o hlohonolofatsa ka tsela eo o ke keng wa e lekanya. (Pes. 145:16) Nahana, na ka nnete re ka tseba hore na bophelo ba rona bo ka be bile jwang ha re ne re entse qeto e fapaneng? Ntho eo re kgodisehileng ka yona ke hore motho ha a etsa diqeto tse bontshang hore o rata Modimo le batho ba bang, a ke ke a swetseha.
Letela ditlhohonolofatso tseo Jehova a di tshepisitseng (Sheba serapa sa 13)c
HA O UTLWA EKA HA O SA NA THUSO HO JEHOVA
14. Bahlanka ba bang ba Jehova ba na le mathata afe, hona ba ipotsa potso efe?
14 Bahlanka ba bang ba Jehova ba se ba tsofetse, ba bang ba a kula ha ba bang ba phela le bokowa. Ka hoo, ba ka utlwa eka ha ba thuso ho Jehova. Ba ka ba ba ipotsa hore na Jehova o ntse a ba nka ba le bohlokwa.
15. Mongodi wa Pesaleme ya 71 o ne a kgodisehile ka eng?
15 Mongodi wa Pesaleme ya 71 o ne a tshwenyehile ka bothata bo tshwanang, ha a tla re: “O se ke wa ntlohela ha matla a ka a fela.” (Pes. 71:9, 18) Le ha ho le jwalo, mopesaleme enwa o ne a kgodisehile hore ha a sebeletsa Jehova ka botshepehi, o tla mo tataisa a be a mo tshehetse. Mopesaleme o ile a ithuta hore Jehova o rata batho ba itellang ho mo sebeletsa le ha ba ena le mathata.—Pes. 37:23-25.
16. Ke eng seo batho ba hodileng ba ntseng ba ka se etsetsa Jehova? (Pesaleme ya 92:12-15)
16 Haeba o motho ya hodileng, ipone ka tsela eo Jehova a o bonang ka yona. A ka o thusa hore o dule o le motswalle wa hae le haeba o se o se na matla. (Bala Pesaleme ya 92:12-15.) Ho fapana le ho nahana ka dintho tseo o ke keng wa di etsa, nahana ka tseo o ka di etsang tse kang, ho tsotella ba bang le ho ba kgothatsa. O ka qoqela ba bang ka moo Jehova a o thusitseng nakong e fetileng le ka tshepo eo o nang le yona. O se ke wa halala ka moo dithapelo tsa hao di ka thusang ba bang ka teng. (1 Pet. 3:12) Ho sa tsotellehe maemo a rona, ho na le hoo re ka ho etsetsang Jehova le ba bang.
17. Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho ipapisa le ba bang?
17 Haeba taba ya hore ha o na matla a lekaneng ho sebeletsa Jehova ka tsela eo o batlang ka yona e a o tshwenya, kgodiseha hore Jehova o ananela boiteko boo o bo etsang. Ka ha Jehova ha a re bapise, le wena o lokela ho qoba ho ipapisa le ba bang. (Bagal. 6:4) Ka mohlala, Maria o ile a fa Jesu oli e turang. (Joh. 12:3-5) Mohlolohadi e mong yena o ile a fana ka ditjhelete tse pedi tsa tshepe tsa boleng bo tlase. (Luka 21:1-4) Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a nka ka bobedi ba bontshitse hore ba na le tumelo. Le ha o ka bona eka ntho eo o e etsetsang Jehova e nyenyane, o tsebe hore yena o e nka e le ya bohlokwa haholo.
18. Lentswe la Modimo le ka re thusa jwang? (Sheba lebokose le reng “Lentswe la Jehova le ka o Thusa ho ba le Maikutlo a Matle.”)
18 Kaofela ha rona ho na le dintho tse ka re tshwenyang mabapi le mosebetsi oo re o etsetsang Jehova. Empa jwalo ka ha re bone, Lentswe la hae e leng Bibele, le ka re thusa ho fumana dikarabo tse nepahetseng. Ka hoo, re lokela ho batla dikarabo tseo e le hore re se ke ra dula re tshwenyehile. Jehova ha a re shebe re le sehlopha feela empa o ananela dintho tsohle tseo o mo etsetsang tsona ebile o batla ho o putsa. Le ka mohla, o se ke wa nahana hore Jehova o nka bahlanka ba hae ba se na thuso kapa o ba hlokela nako.
PINA YA 111 Mabaka a ho Thaba
a Le hoja Bibele e sa re bolelle hore Davida o ne a le dilemo di kae ha Jehova a ne a mo kgetha, ho bonahala eka e ne e sa le motjha.—Sheba Molula-Qhooa wa September 1, 2011, leq. 29, ser. 2.
b TLHALOSO YA DITSHWANTSHO: Motjha o batla tataiso ya Jehova ka Mangolong.
c TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Morabo rona o ntse a sebetsa e le hore a ka hlokomela lelapa la hae, feela o ntse a nahana ka lefatshe le letjha la Paradeise.