SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 17
PINA YA 99 Dimiriade Tsa Barabeso
Ha ho Mohla re Leng Bang
“Ke tla o thusa.”—ESA. 41:10.
NTLHAKGOLO
Ditsela tse nne tsa ka moo Jehova a re tsotellang ka teng.
1, 2. (a) Ke hobaneng ha re ka re ha re bang ha re ena le mathata? (b) Re tlo hlahloba eng sehloohong see?
HA RE ena le mathata a boima re ka nna ra ikutlwa eka re bang ka hara moru o teteaneng, ho se na moo re ka tswang le teng. Le ha ho le jwalo, ha re tobane le mathata ana re le bang. Ntate wa rona ya lehodimong ya lerato o bona mathata a rona mme o re tshepisa hore o tla re thusa hore re sebetsane le ona. Jehova o kgodisa bahlanka ba hae ba tshepahalang, o re: ‘Ke tla le thusa.’—Esa. 41:10.
2 Sehloohong sena re tlo hlahloba ka moo Jehova a re thusang ka teng ka (1) ho re tataisa, (2) ho re hlokomela, (3) ho re sireletsa le (4) ho re tshedisa. Jehova o a re kgodisa hore a ke ke a re lebala le ka mohla ho sa tsotellehe diteko tseo re kopanang le tsona bophelong. A ke ke a re lahla. Ka hoo, ha re bang le ka mohla.
JEHOVA O A RE TATAISA
3, 4. Jehova o re tataisa jwang? (Pesaleme ya 48:14)
3 Bala Pesaleme ya 48:14. Jehova ha a lebella hore re itataise. O tataisa barapedi ba hae ba tshepahalang jwang mehleng ee? Tsela e nngwe eo a ba tataisang ka yona ke ka ho sebedisa Bibele. (Pes. 119:105) Jehova o sebedisa Lentswe la hae le buduletsweng ho re thusa ho etsa diqeto le ho ba le makgabane a tla etsa hore re thabe hona jwale le hore re phele ka ho sa feleng nakong e tlang.a Ka mohlala, o re ruta hore re tshwarele batho ba bang, re se ke ra dula re halefile, re etse dintho tsohle ka botshepehi le ho rata ba bang ho tswa pelong. (Pes. 37:8; Baheb. 13:18; 1 Pet. 1:22) Ha re bontsha makgabane a jwalo, re tla ba batswadi, balekane le metswalle e molemo.
4 Ho ekelletsa moo, ka Bibeleng Jehova o ile a fana ka mehlala ya batho ba ileng ba kopana le diteko tse tshwanang le tsa rona ba bile ba ikutlwa jwalo ka rona. (1 Bakor. 10:13; Jak. 5:17) Ha re bala ka mehlala ena e phelang mme re sebedisa seo re ithutang sona, bonyane re rua melemo e mmedi. Wa pele, re a hlokomela hore diteko tse re hlahelang ha di qale ka rona hobane batho ba bang ba ile ba kopana le maemo a tshwanang mme ba ile ba kgona ho a mamella ka katleho. (1 Pet. 5:9) Wa bobedi, re a ithuta hore na re ka mamella mathata a rona jwang.—Bar. 15:4.
5. Jehova o sebedisa bomang ho re tataisa?
5 Jehova o boetse o sebedisa Bakrestemmoho ho re tataisa.b Ka mohlala, balebedi ba potoloho ba tjhakela diphutheho kgafetsa ho re kgothatsa. Dipuo tsa bona di a re matlafatsa ebile di re thusa hore re dule re momahane. (Dik. 15:40–16:5) Baholo le bona ba sebetsa ka thata ho thusa mohweletsi e mong le e mong hore a dule a ena le kamano e matla le Jehova. (1 Pet. 5:2, 3) Batswadi le bona ba thusa bana ba bona hore ba atamele haufi le Jehova, e leng se tla thusa bana bao hore ba etse diqeto tse nepahetseng le hore ba be le boitshwaro. (Diprov. 22:6) Bomme ba Bakreste ba hodileng tsebong ba thusa baradi ba bo rona ba batjha ka ho ba behela mohlala o motle, ho ba fa dikeletso tse sebetsang le ho ba kgothatsa.—Tite 2:3-5.
6. Re lokela ho etsa eng e le hore re rue molemo tataisong eo Jehova a re fang yona?
6 Jehova o re file dintho tseo re di hlokang bakeng sa ho re tataisa. Re ka bontsha jwang hore re ananela seo a re etseditseng sona? Diproverbia 3:5, 6 e re: “Tshepa Jehova ka pelo yohle ya hao, o se ke wa itshetleha ka kutlwisiso ya hao.” Ha re etsa jwalo, ‘o tla otlolla ditsela tsa rona,’ e leng hore o tla re thusa ho qoba mathata le hore re thabele bophelo. Ka nnete ho a thabisa ho tseba hore Jehova o fa motho ka mong tataiso e lerato eo a e hlokang.—Pes. 32:8.
JEHOVA O A RE HLOKOMELA
7. Jehova o re hlokomela ka ditsela dife tse ding? (Bafilipi 4:19)
7 Bala Bafilipi 4:19. Ho phaella tabeng ya ho re tataisa moyeng, Jehova o boetse o hlohonolofatsa boiteko ba rona ba ho fumana dijo, diaparo tseo re di hlokang le bodulo. (Mat. 6:33; 2 Bathes. 3:12) Le hoja ho tlwaelehile hore re tshwenyehe ka dintho tseo re di hlokang, Jehova o re kgothalletsa hore re se ke ra tshwenyeha ho tlola ka tsona. (Matheu 6:25.) Hobaneng? Hobane Ntate wa rona a ke ke a lahla barapedi ba hae ba tshepahalang ha ba hloka thuso. (Mat. 6:8; Baheb. 13:5) Re ka mo tshepa ha a re o tla re hlokomela.
8. Ke eng seo Jehova a ileng a se etsetsa Davida?
8 Nahana ka tsela eo Jehova a ileng a thusa Davida ka yona. Dilemong tse boima tseo Davida le banna ba hae ba di qetileng e le baphaphathehi, Jehova o ile a ba hlokomela ka dintho tseo ba neng ba di hloka e le hore ba phele. Ha Davida a nahana ka tsela eo Jehova a ileng a mo hlokomela ka yona ka dilemo tseo, o ile a re: “Nkile ka ba motjha mme hona jwale ke tsofetse empa ha ke eso bone ya lokileng a lahlilwe kapa bana ba hae ba hloka dijo.” (Pes. 37:25) Mohlomong le wena o ile wa bona ha Jehova ka lerato a hlokomela bahlanka ba hae ba inehetseng ho yena ba mehleng ena.
9. Jehova o hlokomela batho ba hae jwang mehleng ee nakong ya koduwa? (Sheba ditshwantsho.)
9 Jehova o boetse o hlokomela batho ba hae ha ho hlahile dikoduwa. Ka mohlala, nakong eo ho neng ho ena le tlala e kgolo mehleng ya baapostola, Bakreste ba tswang dibakeng tse fapaneng ba ile ba fana ka diphallelo ho bara le baradi ba bo bona. (Dik. 11:27-30; Bar. 15:25, 26) Mehleng ena, batho ba Modimo ba na le moya o tshwanang wa ho fana. Ha ho eba le koduwa, Jehova o susumetsa batho ba hae ho fana ka ditlhoko tsa mantlha tse kang dijo, metsi, diaparo le meriana ho ba anngweng ke dikoduwa. Batho ba kaho ba lokisa matlo le Diholo Tsa Mmuso tse senyehileng. Bahlanka ba Jehova ba potlakela ho kgothatsa le ho fana ka matshediso a tswang ka Bibeleng ho ba lahlehetsweng ke matlo a bona le ke baratuwa ba bona.c
Jehova o re tshedisa jwang nakong ya dikoduwa? (Sheba serapa sa 9)e
10, 11. O ithuta eng phihlelong ya Ntate Borys?
10 Jehova o boetse o hlokomela batho ba sa mo rapeleng. Ka ho tshwanang, re batla menyetla ya ho bontsha mosa ho batho ba sa dumeleng dintho tseo re di dumelang. (Bagal. 6:10) Hangata sena se etsa hore ba batle ho tseba ka Jehova. Nahana ka mohlala wa Ntate Borys, mosuwehlooho ya dulang Ukraine. Le hoja e se Paki ya Jehova, o ne a dula a tshwara baithuti ba Dipaki ka mosa mme a hlompha seo ba se dumelang. Ka lebaka la ntwa, o ile a kgetha ho ya sebakeng se sireletsehileng hona naheng eo, mme bara le baradi ba bo rona ba ile ba mo thusa. Ha morao, o ile a ya Sehopotsong sa lefu la Kreste. Ha a nahana ka seo Dipaki di mo etseditseng sona, o ile a re: “Dipaki di ntlhokometse le ho ntsotella haholo. Ke leboha Dipaki Tsa Jehova ho menahane.”
11 Le rona re ka etsisa Ntate wa rona ya lehodimong ka hore re thuse ba hlokang ho sa tsotellehe hore na ba dumela seo re se dumelang kapa tjhe. (Luka 6:1, 36) Re tshepa hore boiteko ba rona ba ho bontsha batho hore re a ba rata, bo tla ba susumetsa hore ebe barutuwa ba Kreste. (1 Pet. 2:12) Ho sa tsotellehe hore na ba kgetha ho sebeletsa Jehova kapa tjhe, re tla thaba hobane ho fana ho thabisa haholo.—Dik. 20:35.
JEHOVA O A RE SIRELETSA
12. Jehova o tshepisa hore o tla sireletsa batho ba hae jwang e le sehlopha? (Pesaleme ya 91:1, 2, 14)
12 Bala Pesaleme ya 91:1, 2, 14. Kajeno, Jehova o tshepisa hore o tla re sireletsa ho eng kapa eng e ka senyang setswalle sa rona le yena. A ke ke a dumella Satane hore a senye borapedi ba nnete. (Joh. 17:15) Ha “mahlomola a maholo” a qala, re ka kgodiseha hore Jehova o tla phethahatsa tshepiso ya hae ya hore o tla sireletsa batho ba hae ka ho ba thusa hore ba be le tumelo e matla le ho ba pholosa.—Tshen. 7:9, 14.
13. Jehova o re sireletsa jwang re le batho ka bomong?
13 Jehova o re sireletsa jwang re le batho ka bomong? Jehova o re thusa hore re kgetholle se nepahetseng ho se fosahetseng a sebedisa Mangolo. (Baheb. 5:14) Ha re phela ka melaomotheo e tswang ka Lentsweng la Modimo, re sireletsa setswalle sa rona le yena ebile re sireletsa bophelo ba rona. (Pes. 91:4) Ho ekelletsa moo, Jehova o re sireletsa a sebedisa phutheho. (Esa. 32:1, 2) Ha re tlwaelana le batho ba ratang Jehova le ba phelang ka melaomotheo ya hae, re tla kgothala mme re matlafale e le hore re ka qoba ho etsa se fosahetseng.—Diprov. 13:20.
14. (a) Ke hobaneng ha Modimo a sa re sireletse mathateng ohle a rona? (b) Pesaleme ya 9:10 e re kgodisa ka eng? (Sheba naletsana.)
14 Mehleng ya kgale, Jehova o ne a ena le ho sireletsa barapedi ba hae dinthong tse neng di ka ba ntsha kotsi kapa tsa ba bolaya. Le ha ho le jwalo, o ne a sa dule a ba sireletsa. Ka dinako tse ding re ka “hlahelwa ke dintho ka tshohanyetso.” (Moek. 9:11) Hape, ho theosa le dilemo haesale Jehova a dumella bahlanka ba hae hore ba hloriswe le ho bolawa e le hore a ka paka hore Satane ke raleshano. (Jobo 2:4-6; Mat. 23:34) Le kajeno ho a tshwana. Le hoja Jehova a ka nna a se ke a fedisa mathata a rona, re ka kgodiseha hore a ke ke a lahla ba mo ratang.d—Pes. 9:10.
JEHOVA O A RE TSHEDISA
15. Thapelo, Lentswe la Modimo le Bakrestemmoho ba re tshedisa jwang? (2 Bakorinthe 1:3, 4)
15 Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4. Ka dinako tse ding, re a sarelwa, re a tshwenyeha ebile re a hlomoha. Mohlomong o ka hara boemo bo boima bo etsang hore o ikutlwe eka o mong. Na ho na le motho ya utlwisisang tsela eo o ikutlwang ka yona? Jehova o a utlwisisa. Ha a utlwisise feela bohloko boo re bo utlwang empa o boetse “o re tshedisa mathateng ohle a rona.” Jwang? Ha re tshollela dipelo tsa rona ho yena, o re “fa kgotso eo batho ba ke keng ba e utlwisisa.” (Bafil. 4:6, 7) Re boetse re a tshediseha ha re bala seo Jehova a re ngolletseng sona ka Bibeleng. Ka hara letlotlo leo, re fumana mantswe a bontshang hore Jehova o a re rata, a re fang bohlale le tshepo e le hore re ka kgothala. Hape re tshediswa ke lerato le mofuthu la bara le baradi ba bo rona le dikgothatso tse tswang ka Bibeleng tseo re di fumanang ha re le dibokeng.
16. O ithuta eng ho se ileng sa etsahalla Nathan le Priscilla?
16 E le ho utlwisisa ka moo Jehova a re matlafatsang le ho re tshedisa ka teng a sebedisa Lentswe la hae, nahana ka se ileng sa etsahalla Nathan le Priscilla, ba dulang Amerika. Dilemo tse mmalwa tse fetileng, ba ile ba etsa qeto ya hore ba fallele moo ho nang le tlhokahalo ya bahweletsi. Nathan o re: “Re ne re kgodisehile hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rona.” Le ha ho le jwalo, ha ba fihla sebakeng seo, ba ile ba hlahelwa ke mathata ao ba sa a lebellang a bokudi le ditjhelete. Qetellong, banyalani bana ba ile ba tlameha ho kgutlela hae moo ba ileng ba tswela pele ba ena le mathata a ditjhelete. Nathan o re: “Ke ne ke ipotsa hore na ke hobaneng ha Modimo a sa re hlohonolofatsa ka tsela eo re neng re e nahanne. Ke ne ke bile ke nahana hore ho na le phoso eo ke e entseng.” Le ha ho le jwalo, ha nako e ntse e ya, Nathan le Priscilla ba ile ba hlokomela hore Modimo o ne a sa ba lahla ha ba ne ba mo hloka. Nathan o boetse o re: “Dinakong tseo tse thata, Bibele e ile ya re kgothatsa le ho re tataisa jwalo ka motswalle ya bohlale. Ho ena le ho nahana ka mathata, re ile ra thuisa ka tsela eo Jehova a ileng a re thusa ka yona hore re mamelle, e leng se ileng sa re lokisetsa hore re be le tumelo ya hore Jehova o tla re thusa nakong e tlang.”
17. Moradi wa bo rona Helga o ile a tshediswa jwang? (Sheba setshwantsho.)
17 Bara le baradi ba bo rona le bona ba ka re tshedisa. Jwang? Nahana ka mohlala wa Moradi wa bo rona Helga, ya dulang Hungary. Ka dilemo tse mashome, o ile a sebetsana le mathata a fapaneng, a neng a etsa hore a ikutlwe a tshwenyehile a bile a se na thuso. Le ha ho le jwalo, ha a hetla morao o a hlokomela ka moo Jehova a ileng a mo kgothatsa ka teng a sebedisa phutheho. O re: “Ka mehla Jehova o ne a dula a nthusa ha a bona hore ke a fokola ka lebaka la mosebetsi wa boiphediso, ho hlokomela ngwana wa ka ya kulang le mathata a mang. Dilemo tse 30 tse fetileng, haesale Jehova a phethahatsa tshepiso ya hae ya hore o tla ntshedisa. Hangata ke ne ke bona hore Jehova o a ntshedisa ha ke utlwa mantswe a tswang ho ba bang a mosa, a kgothatsang le a bontshang hore ba a nkananela. Ke ne ke atisa ho fumana melaetsa fonong, mangolo le mantswe a kgothatsang ka nako eo ke neng ke a hloka haholo.”
Jehova a ka o sebedisa jwang ho tshedisa ba bang? (Sheba serapa sa 17)
18. Re ka tshedisa ba bang jwang?
18 Re na le tlotla ya ho etsisa Modimo wa rona ka ho tshedisa ba bang. Re ka etsa seo jwang? Re ka ba mamela re sa ba felle pelo, ra bua mantswe a ba kgothatsang le ho ba thusa ka dintho tseo ba di hlokang. (Diprov. 3:27) Re ikemiseditse ho tshedisa bohle ba nang le mathata, ho akarelletsa le ba e so ka ba sebeletsa Modimo. Ha baahisani ba rona ba utlwile bohloko, ba kula kapa ba tshwenyehile, re a ba etela, re ba mamele re be re ba bolelle mantswe a kgothatsang a tswang ka Bibeleng. Ha re etsisa Jehova ya ‘tshedisang batho maemong ohle,’ re ka thusa Bakrestemmoho hore ba mamelle mathata. Hape re ka nna ra thusa le batho ba sa sebeletseng Jehova hore ba batle ho ithuta ka yena.—Mat. 5:16.
JEHOVA O DULA A ENA LE RONA
19. Ke eng eo Jehova a re etsetsang yona, hona re ka mo etsisa jwang?
19 Jehova o amehile haholo ka batho bohle ba mo ratang. Ha a re lahle ha re ena le mathata. Jwalo ka ha motswadi a tsotella ngwana wa hae ka lerato, Jehova le yena o tsotella barapedi ba hae ba mo tshepahallang. O a re tataisa, o a re hlokomela, o a re sireletsa ebile o a re tshedisa. Re etsisa Ntate wa rona ya lehodimong ya lerato ha re kgothatsa le ho tshehetsa ba bang ha ba ena le mathata. Le haeba re ka hlahelwa ke mathata le matshwenyeho, re ka kgodiseha hore Jehova o na le rona. O re tshepisitse a re: “O se ke wa tshoha ka ha ke na le wena.” (Esa. 41:10) Sena se a re kgodisa hore le ka mohla ha re bang.
PINA YA 100 Ba Amoheleng ka Mofuthu
a Sheba sehlooho se reng “Etsa Liqeto Tse Tlotlisang Molimo” ho Molula-Qhooa wa April 15, 2011.
b Sheba serapa sa 11-14 sehloohong se reng “Dula o Mamela Tataiso ya Jehova” ho Tora ya ho Lebela ya February 2024.
c O ka fumana mehlala ya moraorao ho jw.org ka hore o ngole “diphallelo” ho batla.
d Sheba “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” ho Tora ya ho Lebela ya February 2017.
e TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Bara le baradi ba bo rona ba Malawi ba fumana dijo, dintho tseo ba di hlokang le matshediso a tswang mokgatlong wa Jehova ka mora koduwa.