Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • w25 November maq. 10-15
  • Dula o Thabile ha o Ntse o Hlokometse Moratuwa wa Hao

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Dula o Thabile ha o Ntse o Hlokometse Moratuwa wa Hao
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • KE HOBANENG HA HO KA BA THATA HORE O DULE O THABILE HA O HLOKOMETSE MORATUWA WA HAO?
  • O KA ETSANG HORE O DULE O THABILE?
  • BATHO BA BANG BA KA O THUSA JWANG?
  • Dula o Thabile Botsofading ba Hao
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Jehova o Etsa Hore re “Thabe Haholo”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Fumana Dikarabo Tsa Dipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ya Potoloho ya 2025-2026 ka Molebedi wa Potoloho
  • O ka Etsang Hore o Thabele ho Etsa Mosebetsi wa Boboledi?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
Bala Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 November maq. 10-15

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 45

PINA YA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba

Dula o Thabile ha o Ntse o Hlokometse Moratuwa wa Hao

“Ba jalang peo ba lla, ba tla kotula ba thabile haholo.”—PES. 126:5.

NTLHAKGOLO

Ka moo batho ba hlokomelang baratuwa ba bona ba ka mamellang mathata a sa tlwaelehang ao ba tobanang le ona le seo ba ka se etsang hore ba dule ba thabile.

1, 2. Jehova o ikutlwa jwang ka batho ba hlokomelang baratuwa ba bona? (Diproverbia 19:17) (Sheba ditshwantsho.)

MORABO rona Jin-yeol wa Korea o re: “Nna le mohatsaka re na le dilemo tse ka hodimo ho tse 32 re nyalane. Mohatsaka o na le dilemo tse hlano a kula, mme haesale ke mo hlokometse. O tshwerwe ke lefu le bitswang Parkinson mme ho thata hore a etse dintho. Ke rata mohatsaka haholo mme ke thabela ho mo hlokomela. Bosiu bo bong le bo bong, o robala betheng e kang ya sepetlele eo re nang le yona lapeng. Ke robala pela hae re tshwarane ka matsoho.”

2 Na o hlokometse motho eo o mo ratang jwalo ka motswadi, molekane, ngwana kapa motswalle? Haeba ho jwalo, e tlameha ebe o ananela tokelo ena e ikgethang ya ho mo thusa. Ha o hlokomela moratuwa wa hao, o bontsha hore o rata Jehova. (1 Tim. 5:​4, 8; Jak. 1:27) Le ha ho le jwalo, o tobana le mathata ao batho ba bangata ba sa a tsebeng. Ka dinako tse ding, o ka nna wa utlwa eka ke wena feela ya nang le mathata. Ha o le bathong, o ka nna wa bososela empa ha o le mong wa utlwa ho le thata ho thiba dikgapha. (Pes. 6:6) Le hoja batho ba sa tsebe mathata ao o tobanang le ona, Jehova yena o a a tseba. (Bapisa le Exoda 3:7.) O nka dikeledi tsa hao le boitelo ba hao e le tsa bohlokwa. (Pes. 56:8; 126:5) O hlokomela ntho e nngwe le e nngwe eo o e etsang ho hlokomela motho eo o mo ratang. O inka a o kolota mme o tshepisa hore o tla o patala.—Bala Diproverbia 19:17.

Ditshwantsho: Batho ba hlokometseng baratuwa ba bona maemong a fapaneng. 1. Moradi wa bo rona o jesa mme wa hae ya seng a hodile ya sa kgoneng ho tloha betheng. 2. Moradi wa bo rona o thusa monna wa hae ya tsamayang ka wheelchair hore a rwale dieta. 3. Mme o rwesa moshanyana wa hae helmete ya batho ba kulang pele a bapala bolo le ntate wa hae. 4. Morabo rona o etetse morabo rona ya hodileng ha hae mme o rapela le yena.

Na o hlokometse motho eo o mo ratang? (Sheba serapa sa 2)


3. Ke mathata afe ao e ka nnang yaba Abrahama le Sara ba ile ba tobana le ona ha ba ntse ba hlokometse Tera?

3 Bibele e na le mehlala e mengata ya banna le basadi ba ileng ba hlokomela motho ya hodileng kapa ya kulang. Nahana ka mohlala wa Abrahama le Sara. Ha ba ne ba tloha Ure, ntate wa bona e leng Tera o ne a le dilemo tse ka bang 200. Le ha ho le jwalo, o ile a tsamaya le bona. Ba ile ba tsamaya dikhilomithara tse ka bang 960 ho ya Harane. (Gen. 11:​31, 32) Ha ho pelaelo hore Abrahama le Sara ba ne ba rata Tera, empa o se o ka inahanela hore na e ka nna yaba ho ne ho le thata hakae ho mo hlokomela, haholoholo ha ba ntse ba le tseleng. Ho ka etsahala hore ba ne ba tsamaya ka dikamele kapa ditonki, e leng se neng se ka etsa hore ho be thata haholo ho Tera ya neng a se a hodile. Ho a utlwahala hore Abrahama le Sara ba ne ba kgathala haholo ka dinako tse ding. Empa ho sa tsotellehe hore na ho etsahetseng, ho hlakile hore Jehova o ile a ba fa matla ao ba neng ba a hloka. Le wena o tla o fa matla le ho o tshehetsa feela jwalo ka ha a ile a tshehetsa Abrahama le Sara.—Pes. 55:22.

4. Re tlo hlahloba eng sehloohong see?

4 Ho thaba ho ka o thusa hore o tiisetse ha o ntse o hlokometse motho ya kulang kapa ya hodileng. (Diprov. 15:13) Hopola hore o ka dula o thabile le ha o tobane le maemo a boima. (Jak. 1:​2, 3) O ka etsang e le hore o dule o thabile? Tsela e nngwe ke ka hore o itshetlehe ka Jehova ka ho mo rapela mme o mo kope hore a o thuse hore o fumane mabaka a ho thaba. Sehloohong sena, re tlo hlahloba dintho tse eketsehileng tseo o ka di etsang hore o dule o thabile. Re tla boela re hlahlobe hore na batho ba bang ba ka etsang ho thusa. A re qaleng ka ho hlahloba hore na ke hobaneng ha batho ba hlokometseng batho ba kulang kapa ba hodileng ba hloka ho dula ba thabile, le mathata a ka etsang hore ba se ke ba thaba.

KE HOBANENG HA HO KA BA THATA HORE O DULE O THABILE HA O HLOKOMETSE MORATUWA WA HAO?

5. Ke hobaneng ha batho ba hlokometseng batho ba kulang kapa ba hodileng ba lokela hore ba dule ba thabile?

5 Haeba motho ya hlokometseng motho ya kulang kapa ya hodileng a sa thaba, ho ka nna ha eba bonolo hore a kgathale. (Diprov. 24:10) Ha a kgathetse a ka nna a se ke a thusa motho eo a mo hlokometseng kapa a ba mosa ka tsela eo a neng a ka ba ka yona ha a ne a sa kgathala. Ke hobaneng ha ho ka ba thata hore motho ya hlokometseng motho ya kulang kapa ya hodileng a dule a thabile?

6. Ke hobaneng ha batho ba bang ba hlokomelang batho ba kulang kapa ba hodileng ba ikutlwa ba kgathetse haholo?

6 Motho ya hlokometseng e mong, a ka nna a kgathala haholo. Moradi wa bo rona Leah o re: “Ho hlokomela motho ho kgathatsa maikutlo le ha dintho di tsamaya hantle. Qetellong ya letsatsi le jwalo, hangata ke ye ke ikutlwe ke sa batle letho. Ka dinako tse ding ha ke be le matla a hore ke arabe le ha e se e le molaetsa feela.” Ba bang ha ba kgone ho ba le nako e lekaneng ya ho robala kapa ya ho phomola. Moradi wa bo rona Inés o re: “Ha ke kgone ho robala nako e lekaneng. Hangata bosiu, ke tlameha ho tsoha ka mora dihora tse ding le tse ding tse pedi e le hore ke hlokomele matsale wa ka. E se e le dilemo nna le mohatsaka re sa kgone ho ya phomolong.” Ba bang ha ba kgone ho qeta nako le metswalle ya bona kapa ho etsa dintho tse itseng tshebeletsong ya Jehova hobane ba hlokomela baratuwa ba bona nako yohle. Ka hoo, ba ka jewa ke bodutu ebile ba ka utlwa eka ba teronkong ka lebaka la maemo a bona.

7. Ke hobaneng ha batho ba bang ba hlokometseng motho ya kulang kapa ya hodileng ba ikutlwa ba le molato kapa ba saretswe?

7 Motho ya hlokometseng motho e mong a ka ikutlwa a le molato kapa a saretswe. Moradi wa bo rona Jessica o re: “Le nna ho na le moo matla a ka a fellang teng. Empa ha ke ipha nako ya ho phomola ke ikutlwa ke le molato ebile ekare ke itjheba bonna feela.” Ba bang ba ikutlwa ba le molato hobane ka dinako tse ding ha ba rate boemo boo ba leng ho bona. Ba bang ba tshwenngwa ke hore ha ba kgone ho etsa ho lekaneng ho thusa baratuwa ba bona. Ba bang bona ba ikutlwa ba le molato ka lebaka la dintho tse bohloko tseo ba di buileng ho motho eo ba mo hlokometseng, hobane ba ne ba nkuwe ke maikutlo. (Jak. 3:2) Ba bang ba utlwiswa bohloko ke ho bona motho eo ba neng ba mo tseba a phetse hantle a bile a le mahlahahlaha, a ntse a kula ho ya pele. Moradi wa bo rona Barbara o re: “E nngwe ya dintho tse nkutlwisang bohloko haholo ke ho shebella motho eo ke mo ratang a ntse a kula ho ya pele.”

8. Pheta phihlelo ya ka moo mantswe a seng makae a bontshang kananelo a ka amang motho ya hlokometseng e mong ka teng.

8 Batho ba bang ba hlokometseng baratuwa ba bona ba utlwa eka ha ba ananelwe. Hobaneng? Hobane ha se hangata ba lebohuwang kapa ba babatswang ka lebaka la mosebetsi o boima oo ba o etsang le boitelo ba bona. Mantswe a seng makae a teboho a ka ba kgothatsa haholo. (1 Bathes. 5:18) Moradi wa bo rona Melissa o re: “Ka dinako tse ding, ke ne ke lla hobane ke kgathetse kapa ke nyahame. Empa ha batho bao ke ba hlokometseng ba nteboha ka dintho tsohle tseo ke ba etsetsang tsona, ke tsoha molota. Mantswe a bona a nthusa hore ke tsohe letsatsing le hlahlamang ke ikemiseditse ke bile ke labalabela hore ke ba hlokomele hape.” Morabo rona Ahmadu o hlalosa ka moo ho utlwa mantswe a bontshang kananelo ho mo amang ka teng. Yena le mohatsa wa hae ba hlokomela motjhana wa bona ya dulang le bona ya nang le lefu la ho akgeha. O re: “Le hoja a sa utlwisise ka ho felletseng boitelo boo re bo etsang ba ho mo hlokomela, re thaba haholo ha a re bolella hore o a re leboha kapa hore o a re rata.”

O KA ETSANG HORE O DULE O THABILE?

9. Motho ya hlokometseng motho e mong a ka inyenyefatsa jwang?

9 Inyenyefatse. (Diprov. 11:2) Kaofela ha rona ha re na nako le matla a ho etsa dintho tsohle tseo re batlang ho di etsa. Ka hoo, o lokela ho ipehela meedi ya seo o ka kgonang ho se etsa, mme ka dinako tse ding ha se phoso hore o hane ho etsa dintho tse ding. Ha o etsa jwalo, o bontsha hore o a inyenyefatsa. Haeba batho ba bang ba ithaopela ho o thusa, amohela thuso ya bona. Morabo rona Jay o re: “Letsatsi le letsatsi re ka kgona ho etsa dintho tse itseng ho latela nako le matla ao re nang le ona. Haeba re sa etse dintho tse fetang matla a rona, re tla dula re thabile.”

10. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore motho ya hlokometseng motho e mong a be le temoho? (Diproverbia 19:11)

10 Eba le temoho. (Bala Diproverbia 19:11.) Ha o na le temoho, ho tla ba bonolo hore o dule o kgobile matshwafo ha motho eo o mo hlokometseng a sa o tshware hantle. Motho ya nang le temoho o leka ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha motho a etsa dintho ka tsela e itseng. Bokudi bo bong bo sa foleng bo ka etsa hore motho a itshware ka tsela e sa tlwaelehang. (Moek. 7:7) Ka mohlala, motho eo ka tlwaelo a leng mosa a bile a nahanela, a ka nna a ba manganga kapa a ba leqhoko. Mohlomong a ka o batla dintho di hana ho fela, a o tshwayatshwaya diphoso kapa ha ba thata ho mo thabisa. Haeba o thusa motho ya nang le bolwetse bo sa foleng, ho ka nna ha eba molemo hore o ithute ka bolwetse boo. Ha o tseba haholwanyane ka bona, o tla kgona ho lemoha hore tsela eo a itshwarang ka yona e bakwa ke boemo ba hae, eseng hore o batla ho o tshwara hampe.—Diprov. 14:29.

11. Ke dintho dife tsa bohlokwa tseo motho ya hlokometseng motho e mong a lokelang ho ipha nako ya ho di etsa letsatsi le letsatsi? (Pesaleme ya 132:​4, 5)

11 Iphe nako ya ho matlafatsa setswalle sa hao le Jehova. Ka dinako tse ding, o tla lokela hore o behelle dintho tse ding ka thoko e le hore o etse dintho tsa “bohlokwa haholo.” (Bafil. 1:10) E nngwe ya dintho tsena tsa bohlokwa haholo ke ho matlafatsa setswalle sa hao le Jehova. Morena Davida o ne a nka ho rapela Jehova e le ntho ya bohlokwa bophelong ba hae. (Bala Pesaleme ya 132:​4, 5.) Ka ho tshwanang, ho bohlokwa hore le wena o iphe nako ya ho bala Bibele le ho rapela letsatsi le letsatsi le hoja o phathahane. Moradi wa bo rona Elisha o re: “Ke dula ke thabile ka lebaka la ho rapela le ho nahanisisa ka dipesaleme tse kgothatsang. Thapelo ke yona ntho e nthusang ka ho fetisisa. Ke iphumana ke rapela letsatsi lohle e le hore ke dule ke kgobile matshwafo.”

12. Ke hobaneng ha motho ya hlokometseng motho e mong a hloka ho ipha nako ya hore a itlhokomele mmeleng le kelellong?

12 Iphe nako ya ho itlhokomela mmeleng. Batho ba phathahaneng jwalo ka ba hlokomelang batho ba bang, ba ka thatafallwa ke ho ja dijo tse nang le phepo hobane ha ba na nako ya ho di reka le ho di pheha. Ho ja hantle le ho ikwetlisa ho bohlokwa e le hore motho a phele hantle mmeleng le kelellong. Ka hoo, leka ho sebedisa nako e fokolang eo o nang le yona hore o je dijo tse nang le phepo le ho ikwetlisa ka mehla. (Baef. 5:​15, 16) Ho ekelletsa moo, leka ho robala nako e lekaneng. (Moek. 4:6) Diphuputso di bontsha hore ho robala ho thusa boko hore bo intjhafatse. Sehlooho se reng “Ka Moo ho Robala ho ka Amang Stress ka Teng” se ngotsweng ke Banner Health, se bontsha hore ho robala nako e lekaneng ho ka nna ha fokotsa ho tshwenyeha ha ba ha thusa motho hore a sebetsane le stress. O boetse o hloka nako ya hore o ithabise. (Moek. 8:15) Motho e mong ya hlokometseng moratuwa wa hae o a re bolella hore na ke eng e mo thusang hore a dule a thabile. O re: “Ha boemo ba lehodimo bo le botle, ke leka ho ya ka ntle letsatsing. Bonyane hanngwe ka kgwedi, ke ipha nako ya hore ke ilo thaba le motswalle wa ka.”

13. Ke hobaneng ha ho tsheha ho le molemo? (Diproverbia 17:22)

13 Fumana menyetla ya ho tsheha. (Bala Diproverbia 17:22; Moek. 3:​1, 4) Ho tsheha ho ka o thusa mmeleng le kelellong. Ha o hlokometse motho, ha se ka mehla dintho di tsamayang ka tsela eo o neng o e lakaditse. Empa ha o ka dula o hopola hore lefuleholo ke ditsheho, o tla kgona hore o mamelle le maemo a boima. Ho tsheha le motho eo o mo hlokometseng ho ka matlafatsa setswalle sa lona.

14. Ho bua le motswalle eo o mo tshepang ho ka o thusa jwang?

14 Bua le motswalle eo o mo tshepang. Ho sa tsotellehe boiteko ba hao, ka dinako tse ding o ka ikutlwa o imetswe. Ha nako e jwalo e fihla, ho bohlokwa hore o bue le motswalle wa hao ya sa tlo o ahlola le ya tla utlwisisa tsela eo o ikutlwang ka yona. (Diprov. 17:17) Ha a o mamela a bile a o bolella mantswe a kgothatsang, o tla hlokomela hore ke yona ntho eo o neng o e hloka hore o dule o thabile.—Diprov. 12:25.

15. Ho nahana ka Paradeise ho ka o thabisa jwang?

15 Ipone o se o le Paradeiseng le motho eo o mo hlokometseng. Hopola hore mosebetsi wa ho hlokomela motho e mong ke wa nakwana. Ha se mosebetsi oo Jehova a neng a re bopetse hore re o etse. (2 Bakor. 4:​16-18) “Bophelo ba sebele” ke hona bo tlang. (1 Tim. 6:19) Ha wena le motho eo o mo ratang le bua ka dintho tseo le tla thabela ho di etsa ha mmoho Paradeiseng, le tla thaba haholo. (Esa. 33:24; 65:21) Moradi wa bo rona Heather o re: “Hangata ke bolella batho bao ke ba thusang hore haufinyane re tla roka, re mathe le ho palama dibaesekele ha mmoho. Re tla pheha bohobe le dijo tse monate bakeng sa baratuwa ba rona ba tsositsweng. Nna le batho bao ke ba thusang, re leboha Jehova ka tshepo eo a re fileng yona.”

BATHO BA BANG BA KA O THUSA JWANG?

16. Re ka thusa batho ba hlokometseng ba bang jwang phuthehong ya habo rona? (Sheba setshwantsho.)

16 Thusa batho ba hlokometseng ba bang e le hore ba be le nako ya ho phomola. Bara le baradi ba bo rona ba ka thusetsa ka hore ba ithaopele ho thusa ba hlokometseng baratuwa ba bona. Seo se tla ba thusa hore ba be le nako ya ho phomotsa kelello le ya ho phetha mabaka a bona. (Bagal. 6:2) Bahweletsi ba bang ba ipha nako beke le beke e le hore ba kgone ho thusa. Moradi wa bo rona Natalya, ya hlokometseng monna wa hae ya sa kgoneng ho tsamaya, o re: “Morabo rona e mong phuthehong ya rona o tla hanngwe kapa habedi bekeng, e le hore a tlo qeta nako le monna wa ka. Ba etsa mosebetsi wa boboledi, ba a qoqa ebile ba shebella di-movie ha mmoho. Tseo e ba dinako tse thabisang ho monna wa ka, mme le nna di mpha monyetla wa hore ke etse dintho tseo ke di ratang jwalo ka ho otlolla maoto.” Maemong a mang, o ka ithaopela ho qeta bosiu ha motho ya hlokometseng moratuwa wa hae, e le hore motho eo ya mo hlokometseng a kgone ho robala.

Baradi ba bo rona ba babedi ba etetse moradi wa bo rona ya hodileng ha hae. Motho ya mo hlokometseng o ba sadisa hantle a thabile a lebile monyako.

O ka thusa motho ya hlokometseng e mong jwang phuthehong ya heno? (Sheba serapa sa 16)a


17. Re ka thusa batho ba hlokometseng ba bang jwang nakong ya diboka?

17 Thusa batho ba hlokometseng baratuwa ba bona nakong ya diboka. Batho ba hlokometseng ba bang ha ba rue molemo o felletseng ha ba le dibokeng, dikopanong tse nyenyane le tse kgolo hobane ba phathahane ka ho hlokomela baratuwa ba bona. Ba bang ba ka ithaopela ho thusa ka hore ba dule le batho ba hlokang ho hlokomelwa nakong ya diboka kapa karolong e nngwe ya tsona. Haeba motho ya hlokang thuso ha a kgone ho tswa ka tlung, o ka ithaopela ho ya ha hae hore le ilo kena diboka ka marangrang e le hore motho ya mo hlokometseng a ka kgona ho ya dibokeng ka seqo.

18. Re ka etsang hape ho thusa batho ba hlokometseng ba bang?

18 Babatsa batho ba hlokometseng ba bang o be o ba rapelle. Baholo ba lokela ho etsetsa batho ba hlokometseng ba bang maeto a bodisa ka mehla. (Diprov. 27:23) Hape ho sa tsotellehe hore na maemo a rona ke afe, kaofela ha rona ka phuthehong re ka itlwaetsa ho kgothatsa batho ba hlokometseng ba bang. Re ka boela ra kopa Jehova hore a tswele pele ho ba matlafatsa le ho ba thusa hore ba dule ba thabile.—2 Bakor. 1:11.

19. Ke dintho dife tseo re di lebelletseng?

19 Haufinyane, Jehova o tla hlakola meokgo difahlehong tsohle. Ho kula le lefu di ke ke tsa hlola di eba teng. (Tshen. 21:​3, 4) “Ya holofetseng o tla tlolatlola jwalo ka kgama.” (Esa. 35:​5, 6) Ditlamorao tse bohloko tsa botsofadi le ho utlwa bohloko ka lebaka la ho hlokomela motho eo re mo ratang ya kulang e tla ba ‘dintho tsa kgale tseo re ke keng ra hlola re di hopola.’ (Esa. 65:17) Le hona jwale ha re ntse re emetse hore tshepo eo e babatsehang e phethahale, Jehova a ke ke a re lahla. Haeba re tswela pele ho itshetleha ka yena e le hore a re fe matla, o tla re thusa hore re ‘mamelle dintho tsohle re tiiseditse ebile re thabile.’—Bakol. 1:11.

O KA RENG?

  • Ke hobaneng ha ho ka ba thata hore motho ya hlokometseng e mong a dule a thabile?

  • Batho ba hlokometseng ba bang ba ka etsang hore ba dule ba thabile?

  • O ka tshehetsa batho ba hlokometseng ba bang jwang phuthehong ya heno?

Pina ya 155 Thabo e sa Feleng

a TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Baradi ba bo rona ba babedi ba batjha ba etetse moradi wa bo rona ya hodileng e le hore motho ya mo hlokometseng a ka tswa a ilo hahlwa ke moya.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela