SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 44
PINA YA 138 “Moriri o Moputswa ke Korone ya Botle”
Dula o Thabile Botsofading ba Hao
“Ba tla nne ba atlehe le ha ba se ba tsofetse.”—PES. 92:14.
NTLHAKGOLO
Mabaka ao ka ona ho leng bohlokwa hore batho ba hodileng ba dule ba thabile le hore na ba ka etsa seo jwang.
1, 2. Jehova o nka bahlanka ba hae ba tshepahalang ba hodileng jwang? (Pesaleme ya 92:12-14; sheba setshwantsho.)
LEFATSHENG lohle, batho ba na le maikutlo a fapaneng ka taba ya botsofadi. Ka mohlala, nahana ka boemo bona: Na o hopola mohlang o neng o bona moriri o moputswa hloohong ya hao ka lekgetlo la pele? Ho ka etsahala hore o ile wa leka ho o hlotha pele batho ba bang ba ka o bona. Empa o ile wa hlokomela hore ho o hlotha ha ho thuse letho hobane o ntse o tlo hlaha o le mongata. Mohlala ona o bontsha ka ho hlaka hore batho ba bangata ha ba batle ho tsofala.
2 Le ha ho le jwalo, Ntate wa rona ya lehodimong o nka bahlanka ba hae ba seng ba hodile ka tsela e fapaneng. (Diprov. 16:31) O ba tshwantsha le difate tse atlehileng. (Bala Pesaleme ya 92:12-14.) Ke hobaneng ha papiso ee e loketse? Difate tse nang le makgasi a mangata le dipalesa tse nkgang ha monate, hangata ke tse nang le nako e telele di phela. Ka mohlala, ho na le mofuta wa sefate se fumanehang Japane se phelang dilemo tse ngata. Tse ding tsa difate tse ntle ka ho fetisisa di na le dilemo tse fetang sekete. Ho tshwana le difate tsena tse phelang nako e telele, bahlanka ba Jehova ba seng ba hodile ba batle, haholoholo mahlong a Modimo. Jehova ha a bone feela moriri wa bona o moputswa, empa o bona seo ba leng sona ka hare. O ananela makgabane a matle ao ba nang le ona, jwalo ka mamello le botshepehi ba bona. O boetse o ananela dilemo tse ngata tseo ba di qetileng ba mo sebeletsa ka botshepehi.
Batho ba hodileng ba sebeletsang Jehova ka botshepehi, ba batle ebile ba a atleha jwalo ka difate tse ntle tse nang le nako e telele di phela (Sheba serapa sa 2)
3. Fana ka mehlala e bontshang ka moo Jehova a ileng a sebedisa batho ba hodileng ka teng ho phethahatsa morero wa hae.
3 Ha se hore motho ha e sa le wa bohlokwa ho Jehova hobane feela a se a ile dilemong.a Ha e le hantle, hangata Jehova o sebedisa batho ba hodileng ho phethahatsa morero wa hae. Ka mohlala, Sara o ne a se a hodile ha Jehova a re e tla ba mme wa setjhaba se seholo le moholoholo wa Mesia. (Gen. 17:15-19) Moshe o ne a se a ile dilemong ha Jehova a mo roma hore a ilo lokolla setjhaba sa Iseraele Egepeta. (Ex. 7:6, 7) Moapostola Johanne le yena o ne a se a hodile ha Jehova a mo kgetha hore a ngole dibuka tse hlano tsa Bibele.
4. Ho ya ka Diproverbia 15:15, ke eng e ka thusang batho ba hodileng hore ba mamelle mathata? (Sheba setshwantsho.)
4 Bara le baradi ba bo rona ba seng ba hodile ba tobana le mathata a mangata a tliswang ke botsofadi. Moradi wa bo rona e mong o ile a bua a swaswa a re: “Botsofadi ha se mantlwane.” Empa ha batho ba hodileng ba dula ba thabile,b ba tla kgona ho mamella diteko tse tliswang ke botsofadi. (Bala Diproverbia 15:15.) Sehloohong sena, re tlo bua ka dintho tseo batho ba hodileng ba ka di etsang e le hore ba dule ba thabile. Re tla boela re bue ka hore na batho ba bang ba ka thusa bara le baradi ba bo rona ba hodileng jwang diphuthehong tsa habo bona. A re qaleng ka ho hlahloba hore na ke hobaneng ha ho ka ba thata hore re dule re thabile ha re ntse re hola.
Ha batho ba hodileng ba dula ba thabile, ba tla kgona ho mamella diteko tse tliswang ke botsofadi (Sheba serapa sa 4)
BOTSOFADI BO KA AMA THABO YA HAO JWANG?
5. Ke dintho dife tse ka nyahamisang batho ba hodileng?
5 Ke dintho dife tse ka o nyahamisang? Mohlomong o nyahamiswa ke hore ha o sa kgona ho iketsetsa dintho jwalo ka pele. Mohlomong o kgalla dinako tse fetileng ha o ne o sa le motjha mme o phetse hantle mmeleng. (Moek. 7:10) Ka mohlala, moradi wa bo rona Ruby o re: “Ho apara feela e se e le tjhaba se hole ka lebaka la ho opelwa le ho sitwa ho sisinyeha. Ka dinako tse ding, ho rwala kausi ho pala feela ke ntwa. Matsoho a ka a shwele bohatsu ka lebaka la ramatiki mme ha ke sa kgona le ho iketsetsa dintho tse nyenyane.” Morabo rona Harold, ya neng a sebeletsa Bethele, o re: “Ha ke sa itseba mme ka dinako tse ding ke a teneha. Ke ne ke rata dipapadi haholo. Mehleng ya ka ke ne ke rata ho bapala papadi ya baseball. Batho ba bang ba ne ba re, ‘Lahlellang Harold bolo, ha ho mohla a e fosang.’ Empa hona jwale, ha ke nahane hore nka kgona le ho e akgela feela.”
6. (a) Ke mabaka afe a mang a etsang hore batho ba hodileng ba nyahame? (b) Ke eng e ka ba thusang hore ba tsebe hore na ba lokela ho kgaotsa ho kganna kapa tjhe? (Sheba sehlooho se reng “Na ke Lokela ho Kgaotsa ho Kganna?” makasineng ena.)
6 E ka nna yaba o nyahamiswa ke hore ha o sa kgona ho iketsetsa dintho. Sena se ka etsahala haholo haeba o hloka motho ya tla o hlokomela kapa ho se ho hlokahala hore o ilo dula le e mong wa bana ba hao. Mohlomong o nyahamiswa haholo ke hore ha o sa na bophelo kapa mahlo a hao ha a sa bona hantle hoo o seng o sa kgone ho ikisa dibakeng tse ding kapa ho ikgannela. Dintho tsena di ka o utlwisa bohloko haholo. Empa hopola hore o ntse o le bohlokwa ho Jehova le ho batho ba bang le hoja o se o sa kgone ho itlhokomela, ho dula o le mong kapa ho ikgannela. Hape re ka kgodiseha hore Jehova o utlwisisa tsela eo re ikutlwang ka yona. Ntho ya bohlokwa ho Jehova ke motho eo re leng yena ka hare, e leng motho ya ratang Jehova le Bakrestemmoho le yena.—1 Sam. 16:7.
7. Ke eng e ka thusang batho ba hlokomelang hore mohlomong bofelo ba lefatshe bo tla fihla ba se ba le siyo?
7 Mohlomong o nyahamiswa ke ho hlokomela hore bofelo ba lefatshe bo ka nna ba fihla o se o le siyo. Haeba o ikutlwa jwalo, o ka thuswa ke eng? Leka ho hopola hore Jehova o letile ka mamello hore a fedise lefatshe lena le kgopo. (Esa. 30:18) Empa o mamelletse ka lebaka. Mamello ya hae e fa batho ba dimilione monyetla wa hore ba mo tsebe ba be ba mo sebeletse. (2 Pet. 3:9) Ka hoo, ha o ikutlwa o nyahame, leka ho nahana ka batho ba bangata ba tla rua molemo mamellong ya Jehova pele bofelo bo fihla. Mohlomong ba bang ba bona ke ba lelapa la hao.
8. Mathata a mang a botsofadi a ka ama batho ba hodileng jwang?
8 Ho sa tsotellehe hore na re dilemo di kae, ha re kula re ka nna ra bua kapa ra etsa dintho tseo re ka ikwahlaelang tsona. (Moek. 7:7; Jak. 3:2) Ka mohlala, ha monna ya tshepahalang Jobo a ne a ena le mathata, o ile a bua “puo e hlaha.” (Jobo 6:1-3) Ho ekelletsa moo, bokudi bo bong bo ka etsa hore batho ba hodileng ba etse kapa ba bue dintho tse sa tlwaelehang. Ke nnete hore ho sa tsotellehe hore na re hodile hakae kapa re kula hakae, ha re na lebaka la ho tshwara batho ba bang hampe kapa ho lebella hore ba re etsetse dintho. Haeba re hlokomela hore re utlwisitse motho e mong bohloko, re lokela ho kopa tshwarelo.—Mat. 5:23, 24.
O KA ETSANG HORE O DULE O THABILE?
O ka etsang hore o dule o thabile ho sa tsotellehe mathata ao o tobanang le ona ka lebaka la botsofadi? (Sheba serapa sa 9-13)
9. Ke hobaneng ha o lokela ho amohela thuso ya batho ba bang? (Sheba ditshwantsho.)
9 Amohela thuso ya batho ba bang. (Bagal. 6:2) Qalong ho ka ba thata ho etsa jwalo. Moradi wa bo rona Gretl o re: “Ka dinako tse ding, ho thata ho amohela thuso ya batho ba bang hobane ke utlwa eka ke tlo ba morwalo ho bona. Ho nkukile nako hore ke fetole monahano wa ka mme ka boikokobetso ke amohele hore ke hloka thuso ya ba bang.” Ha o amohela thuso ya ba bang, o ba fa monyetla wa hore ba fumane thabo e tliswang ke ho fana. (Dik. 20:35) Ha ho pelaelo hore le wena o tla thabiswa ke ka moo ba o ratang ka teng le ho o tsotella.
(Sheba serapa sa 9)
10. Ke hobaneng ha re lokela ho hopola ho bontsha kananelo? (Sheba ditshwantsho.)
10 Bontsha kananelo. (Bakol. 3:15; 1 Bathes. 5:18) Ha batho ba re etsetsa dintho tse ntle, re a di ananela empa re ka nna ra lebala ho leboha. Le ha ho le jwalo, ha re bososela ebile re re re a leboha, metswalle ya rona e tla ikutlwa e ananelwa ebile e le ya bohlokwa. Moradi wa bo rona Leah ya hlokomelang batho ba hodileng Bethele, o re: “Moradi wa bo rona e mong eo ke mo hlokomelang o nngolla melaetsa ya teboho. Ha e melelele haholo empa e monate. Ke thabela ho fumana melaetsa eo. Ho a thabisa ho tseba hore o ananela thuso ya ka.”
(Sheba serapa sa 10)
11. O ka thusa batho ba bang jwang? (Sheba ditshwantsho.)
11 Lwanela ho thusa batho ba bang. Ha o sebedisa nako le matla a hao ho thusa batho ba bang, o ke ke wa dula o nahanne ka mathata a hao. Maele a mang a Afrika a tshwantsha batho ba hodileng le laebrari e nang le dibuka tse tletseng bohlale. Empa haeba batho ba sa bale dibuka tseo, ba ke ke ba ithuta letho ho tsona. Ka hoo, jwalo ka ha o le “laebrari e phelang,” etsa boiteko ba ho bolella batjha dintho tseo o di tsebang le diphihlelo tsa hao. Iphe nako ya ho ba tseba ka ho ba botsa dipotso ebe o ba mamela ka hloko. Ba rute hore na ke hobaneng ha ka mehla ho le molemo ebile ho thabisa ho phela ka melao ya Jehova. Ha ho pelaelo hore o tla thaba ha o tshedisa ebile o matlafatsa metswalle ya hao e ntseng e hola.—Pes. 71:18.
(Sheba serapa sa 11)
12. Ho ya ka Esaia 46:4, Jehova o tshepisa batho ba hodileng eng? (Sheba ditshwantsho.)
12 Rapella hore Jehova a o fe matla. Ka dinako tse ding, o ka ikutlwa o kgathetse mmeleng le maikutlong, empa hopola hore “ha ho mohla [Jehova] a kgathalang kapa hona ho tepella.” (Esa. 40:28) Jehova o sebedisa matla a hae a sa feleng jwang? Tsela e nngwe ke ka ho matlafatsa bahlanka ba hae ba tshepahalang ba hodileng. (Esa. 40:29-31) Ha e le hantle, o tshepisa ho ba thusa. (Bala Esaia 46:4.) Jehova o phethahatsa ditshepiso tsa hae ka mehla. (Josh. 23:14; Esa. 55:10, 11) Ha o rapela, Jehova o tla o thusa. Ka mora moo, o tla bona lerato le tshehetso ya hae mme jwang kapa jwang o tla thaba.
(Sheba serapa sa 12)
13. Ho ya ka 2 Bakorinthe 4:16-18, re lokela ho hopolang? (Sheba ditshwantsho.)
13 Hopola hore boemo ba hao ke ba nakwana. Ha re hopola hore boemo bo thata boo re leng ho bona ke ba nakwana, ho ka ba bonolo hore re bo mamelle. Le Bibele e a re kgodisa hore botsofadi le ho kula ke dintho tsa nakwana. (Jobo 33:25; Esa. 33:24) Haeba o nahana hore o ne o phela ha monate ha o sa le motjha, tseo ke dinyane. O tla thabiswa ke ho tseba hore bophelo bo monate ka ho fetisisa ke hona bo tlang. (Bala 2 Bakorinthe 4:16-18.) Empa batho ba bang ba ka thusa jwang?
(Sheba serapa sa 13)
BATHO BA BANG BA KA THUSA JWANG?
14. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho etela le ho founela batho ba hodileng?
14 Etela batho ba hodileng mme o ba founele ka mehla. (Baheb. 13:16) Batho ba hodileng ba jewa ke bodutu. Morabo rona Camille o re: “Ke a tshwenyeha ebile ke halefiswa ke hore ke tlameha ho dula ka tlung letshehare lohle. Ka hoo, ke jewa ke bodutu haholo. Ka dinako tse ding, ke ikutlwa eka ke tau e tsofetseng e kwalletsweng.” Ha re etela batho ba hodileng, re a ba kgodisa hore ke ba bohlokwa le hore re a ba rata. Ho ka etsahala hore o kile wa ikemisetsa ho founela kapa ho tjhakela motho ya hodileng phuthehong ya heno empa wa hloleha ho etsa jwalo. Kaofela ha rona re phathahane. Ka hoo, re ka thuswa ke eng “ho lemoha hore na dintho tsa bohlokwa haholo ke dife,” tse akarelletsang ho tjhakela batho ba hodileng? (Bafil. 1:10) E le hore o se ke wa lebala, o ka thuswa ke ho ngola mabitso a batho ba hodileng phuthehong ya heno le letsatsi leo o tla ba romella molaetsa ka lona kapa ho ba founela. O ka boela wa beha letsatsi leo o tla ba tjhakela ka lona. O se ke wa nahana hore ho tla itlela feela hore o hopole.
15. Ke dintho dife tseo batjha le batho ba hodileng ba ka di etsang ha mmoho?
15 Haeba o sa le motjha, e ka nna yaba o a ipotsa hore na o ka qoqa ka eng kapa wa etsang le batho ba hodileng. O se ke wa nahana ka seo haholo. Wena leka feela ho ba motswalle wa bona. (Diprov. 17:17) Iphe nako ya ho qoqa le batho ba hodileng ka mora diboka kapa pele di qala. Mohlomong o ka ba kopa hore ba o bolelle hore na ba rata temana efe kapa ba o qoqele dintho tse qabolang tseo ba ileng ba di etsa ha ba ntse ba hola. O ka boela wa ba mema hore ba tlo shebella lenaneo la JW Broadcasting® le wena. O ka boela wa ba thusa ka dintho tseo ba sa kgoneng ho iketsetsa tsona. Ka mohlala, o ka ba thusa ka ho apdeita difono tsa bona kapa ho ba daonloudela dingolwa tsa moraorao. Moradi wa bo rona Carol o re: “O ka kopa batho ba hodileng hore le etse dintho tseo o di thabelang. Le hoja ke se ke hodile, ke ntse ke batla ho thabela bophelo. Ke rata ho ya dishopong, ho ja direstjhurenteng le ho intsha ke ilo boha popo.” Moradi wa bo rona Maira o re: “E mong wa metswalle ya ka o dilemo di 90. O ntshiya ka dilemo tse 57. Empa hangata ke a lebala le hore o ntshiya ka dilemo tse kaalo hobane re tsheha ha mmoho le ho shebella di-movie ha mmoho. Ha re ena le mathata, re a eletsana.”
16. Ke hobaneng ha ho le molemo ho felehetsa batho ba hodileng ha ba ya ngakeng?
16 Ba felehetse ha ba ya ngakeng. O ka isa motho ya hodileng ngakeng mme ha le le moo, o kene le yena ka ngakeng ho etsa bonnete ba hore ngaka kapa mooki o mo tshwara hantle le ho mo fa thuso eo a e hlokang. (Esa. 1:17) O ka ba wa mo thusa ka hore o ngole ditaelo tsa ngaka. Moradi wa bo rona ya hodileng Ruth o re: “Hangata ha ke ile ke le mong ngakeng, ngaka ha e nkukele hloohong. Dingaka di ka nna tsa re: ‘Ha o kule, o a iketsisa.’ Empa ha motho e mong a ena le nna ho ba le phapang ebile ngaka e ntshwara hantle. Ke leboha bara le baradi ba bo rona ba iphang nako ya ho mphelehetsa.”
17. Ke mefuta efe ya tshebeletso eo o ka e etsang le batho ba hodileng?
17 Sebetsa le bona tshimong. Batho ba bang ba hodileng ha ba sa na matla a ho ya ka ntlo le ntlo. Mohlomong o ka ba kopa hore ba sebetse le wena ha o paka ka toroli. O ka ba wa ba tlela le setulo hore ba dule pela toroli. O ka boela wa ba kopa hore ba tsamaye le wena ha o ilo kganna thuto kapa hore le kgannele thuto ya hao moo ba dulang teng. Baholo ba ka hlophisa hore seboka sa tshimo se tshwarelwe ha mora kapa moradi wa bo rona ya hodileng, e le hore ho be bonolo hore le bona ba nke karolo. Jehova o thabiswa ke ntho e nngwe le e nngwe eo re e etsang ho bontsha hore re hlompha le ho rata batho ba hodileng.—Diprov. 3:27; Bar. 12:10.
18. Re tlo bua ka eng sehloohong se latelang?
18 Re hopoditswe hore Jehova o rata batho ba hodileng ebile o ba nka e le ba bohlokwa. Le rona kaofela re ikutlwa jwalo ka Jehova. Ho hola ha se papadi, empa batho ba hodileng ba ka dula ba thabile ka thuso ya Jehova. (Pes. 37:25) Haeba o nahana hore o ne o phela ha monate ha o sa le motjha, tseo ke dinyane. Ho a kgothatsa ho tseba hore bophelo bo monate ka ho fetisisa ke hona bo tlang. Ho thweng ka ba bang ba rona ba hlokometseng e mong wa lelapa ya seng a hodile, ngwana kapa motswalle ya kulang? Motho ya boemong boo a ka etsang hore a dule a thabile? Re tla hlahloba karabo ya potso eo sehloohong se latelang.
PINA YA 30 Jehova ke Ntate, Modimo le Motswalle wa Ka
a Shebella video ya Ba Holileng—Le Etsa Mosebetsi oa Bohlokoa ho JW Library® le ho jw.org/st.
b TLHALOSO: Thabo ke tholwana ya moya wa Modimo. (Bagal. 5:22) Motheo wa thabo ya sebele ke ho ba le kamano e haufi le Jehova.