SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 47
PINA YA 38 O Tla le Matlafatsa
‘O Motho wa Bohlokwa Haholo’
“O motho [wa bohlokwa] haholo.”—DAN. 9:23.
NTLHAKGOLO
Ho thusa batho ba ikgellang fatshe hore ba utlwisise hore ke ba bohlokwa ho Jehova.
1, 2. O ka etsang e le hore o kgodisehe hore o motho wa bohlokwa ho Jehova?
JEHOVA o nka bahlanka ba hae ba le bohlokwa haholo, empa ba bang ba ikutlwa e se ba bohlokwa. Mohlomong motho e mong o ile a ba tshwara ka tsela e etsang hore ba ikutlwe e se ba bohlokwa. Na ke tsela eo o ikutlwang ka yona? Haeba ho jwalo, o ka etsang e le hore o kgodisehe hore o motho wa bohlokwa ho Jehova?
2 O ka nna wa thuswa ke ho bala ditlaleho tse ka Bibeleng tse bontshang ka moo Jehova a batlang hore batho ba hae ba tshwarwe ka teng. Mora wa hae Jesu o ile a tshwara batho ka tsela e bontshang hore o a ba hlompha le ho ba siela seriti. Ka ho etsa jwalo, o ile a bontsha hore yena le Ntate wa hae ba nka batho ba ikokobeditseng ba ikutlwang eka ha ba na thuso e le ba bohlokwa haholo. (Joh. 5:19; Baheb. 1:3) Sehloohong sena, re tla hlahloba hore na: (1) Jesu o ile a thusa batho jwang hore ba ikutlwe e le ba bohlokwa le (2) hore na re ka ikgodisa jwang hore ehlile re ba bohlokwa mahlong a Modimo.—Hag. 2:7.
JESU O THUSITSE BATHO HORE BA IKUTLWE E LE BA BOHLOKWA JWANG?
3. Jesu o ile a thusa Bagalilea ba neng ba tla ho yena ho tla kopa thuso jwang?
3 Ha Jesu a le leetong la hae la boraro la boboledi Galilea, batho ba bangata ba ne ba tla ho yena ho tla mo mamela le ho fodiswa. Jesu o ile a hlokomela hore “ba ne ba sotlehile ebile ba qhalakane jwalo ka dinku tse se nang modisa.” (Mat. 9:36) Baetapele ba bona ba bodumedi ba ne ba ba kgella fatshe hobane ba ne ba se na tsebo, ba bile ba ba bitsa batho ‘ba rohakilweng.’ (Joh. 7:47-49) Empa Jesu o ile a ba hlompha ka hore a iphe nako ya ho ba ruta le ho ba fodisa. (Mat. 9:35) Ho ekelletsa moo, e le hore a thuse batho ba bangata, o ile a kwetlisa baapostola ba hae bakeng sa mosebetsi wa boboledi le ho ba fa matla a hore ba fodise ba kulang.—Mat. 10:5-8.
4. Re ithutang tseleng eo Jesu a neng a tshwara bamamedi ba hae ba ikokobeditseng ka yona?
4 Ha Jesu a ne a tshwara bamamedi ba hae ka tsela e bontshang hore o a ba hlompha le ho ba siela seriti, o ne a bontsha hore yena le Ntate wa hae ba nka batho bao hangata ba kgellwang fatshe ke batho ba bang, e le ba bohlokwa. Haeba o sebeletsa Jehova empa ha o a kgodiseha hore o motho wa bohlokwa, nahana ka moo Jesu a neng a tsotella batho ba ikokobeditseng ba neng ba batla ho ithuta ho yena ka teng. Ho etsa jwalo ho tla o thusa hore o bone hore o bohlokwa mahlong a Jehova.
5. Hlalosa maemo a mosadi wa Galilea eo Jesu a ileng a kopana le yena.
5 Jesu ha a ka a ruta matshwele a batho feela, empa o ile a boela a ruta le ho thusa batho ka bomong. Ka mohlala, ha a ntse a etsa mosebetsi wa boboledi Galilea, o ile a kopana le mosadi ya neng a qetile dilemo tse 12 a ena le bothata ba phallo ya madi. (Mar. 5:25) Ho ya ka Molao, o ne a sa hlweka mme motho e mong le e mong ya mo amang, e ne e eba ya sa hlwekang. E tlameha ebe sena se ile sa etsa hore ho be thata hore a kopane le batho. Ho ekelletsa moo, o ne a sa kgone ho rapela Jehova le batho matlong a thapelo le ho ya meketeng e neng e amana le borapedi ba Jehova. (Lev. 15:19, 25) Ha ho pelaelo hore mosadi enwa o ne a boetse a ikutlwa a se na thuso ka lebaka la bokudi ba hae.—Mar. 5:26.
6. Mosadi ya neng a ena le phallo ya madi o ile a fodiswa jwang?
6 Mosadi enwa ya neng a kula haholo o ne a batla hore Jesu a mo fodise. Empa ha a ka a ya ho yena ka ho toba. Hobaneng? Mohlomong o ne a swabela kapa a tlotlollwa ke bokudi ba hae. Kapa mohlomong o ne a tshohile hore Jesu o tla mo leleka hobane a kene ka hara letshwele a sa dumellwe ke Molao. Ka hoo, o ile a tshwara seaparo sa hae sa ka ntle, a kgodisehile hore ho etsa jwalo ho tla etsa hore a fole. (Mar. 5:27, 28) Tumelo ya hae e ile ya putswa ka ha o ile a fola. Ka hoo, Jesu o ile a botsa hore na ke mang ya mo ammeng, mme mosadi eo o ile a re ke yena ya mo ammeng. Jesu o ile a mo tshwara jwang?
7. Jesu o ile a tshwara mosadi ya neng a kula jwang? (Mareka 5:34, nal.)
7 Jesu o ile a tshwara mosadi eo ka mosa le ka tlhompho. O ile a hlokomela hore o ne “a tshohile a bile a thothomela.” (Mar. 5:33) Ka hoo, o ile a bua le yena ka tsela e kgothatsang. O ile a ba a mo bitsa “moradi” e leng lentswe le bontshang hore ha se feela hore o a mo hlompha empa o mosa ebile o a mo rata. (Bala Mareka 5:34, nal.) Ke temaneng ena feela ka Bibeleng moo Jesu a ileng a bitsa mosadi “moradi.” Mohlomong o ile a sebedisa lentswe lena le mosa hobane a bona hore mosadi enwa o ne “a tshohile” haholo. Nahana hore na o ile a ikutlwa a imolohile hakaakang! Hoja ebe Jesu o ne a sa bua mantswe ao a kgothatsang, mosadi eo a ka be a ile a itsamaela a fodile empa a ntse a ikutlwa a le molato. Ho ena le hoo, Jesu o ile a mo thusa hore a tsebe hore ke moradi wa bohlokwa wa Ntate ya lerato ya lehodimong.
8. Moradi wa bo rona wa Brazil o ne a ena le mathata afe?
8 Le mehleng ena, bahlanka ba bang ba Modimo ba na le bokudi bo etsang hore ba ikutlwe ba nyahame ebile e se batho ba bohlokwa. Moradi wa bo rona Mariaa wa pulamadiboho ya ka mehla ya dulang Brazil, o hlahile a se na maoto le letsoho la leqele. O re: “Bana bao ke neng ke kena sekolo le bona ba ne ba dula ba ntshwara hampe ka lebaka la boemo ba ka ba bile ba mpitsa ka mabitso a nkutlwisang bohloko. Ke ne ke bile ke kgethollwa ka lapeng.”
9. Ke eng e thusitseng Moradi wa bo rona Maria hore a bone hore o bohlokwa ho Jehova?
9 Moradi wa bo rona Maria o ile a thuswa keng? Ha e se e le Paki ya Jehova, Bakrestemmoho le yena ba ile ba mo kgothatsa le ho mo thusa ho ipona ka moo Jehova a mo bonang ka teng. O re: “Ha ho na maqephe a lekaneng bukeng ya ka e le hore ke ngole batho bohle ba nthusitseng. Ke leboha Jehova ka pelo yohle ya ka ka ho mpha lelapa le babatsehang la moya.” Bara le baradi ba bo rona ba thusitse Maria ho tseba hore o bohlokwa mahlong a Modimo.
10. Ke mathata afe ao Maria Magdalena a ileng a tobana le ona? (Sheba ditshwantsho.)
10 Nahana ka moo Jesu a ileng a thusa motho e mong hape e leng Maria Magdalena. O ne a ena le bademona ba supileng. (Luka 8:2) Mohlomong o ne a itshwara ka tsela e sa tlwaelehang ka ha o ne a le tlasa tshusumetso ya bademona. Ka hoo, e ka nna yaba batho ba ne ba mo qoba. Nakong eo e thata bophelong ba hae, e tlameha ebe o ne a ikutlwa a lahlilwe, a tshohile a bile a se na thuso. E ka nna yaba Jesu o ile a leleka bademona bao ba neng ba mo utlwisa bohloko, mme ya eba molatedi wa Jesu ya inehetseng. Jesu o ile a boela a thusa Maria Magdalena ho utlwisisa hore o bohlokwa ho Modimo jwang?
Jesu o ile a kgodisa Maria Magdalena jwang hore o bohlokwa ho Jehova? (Sheba serapa sa 10 le 11)
11. Jesu o ile a bontsha Maria Magdalena jwang hore ke motho wa bohlokwa ho Modimo? (Sheba ditshwantsho.)
11 Jesu o ile a fa Maria Magdalena tlotla ya ho tsamaya le yena le barutuwa ba hae mosebetsing wa boboledi.b Ka hoo, o ile a mamela ha Jesu a ntse a ruta batho ba bang. Jesu o ile a boela a hlaha ho yena letsatsing leo a ileng a tsoswa ka lona. E ne e le e mong wa barutuwa ba pele bao Jesu a ileng a bua le bona letsatsing leo. Jesu o ile a ba a mo roma hore a ilo bolella baapostola ba hae hore o tsositswe. Ena e ne e le tsela e babatsehang e bontshang hore ka nnete ke motho wa bohlokwa ho Jehova.—Joh. 20:11-18.
12. Ke eng e ileng ya etsa hore Lidia a ikutlwe a sa ratwe?
12 Jwalo ka Maria Magdalena, le mehleng ena batho ba bangata ba lwantshana le ho ikutlwa eka ha ho na batho ba ka ba ratang. Moradi wa bo rona Lidia wa Spain o re pele a hlaha, mme wa hae o ne a batla ho ntsha mpa. O ntse a hopola hore le ho tloha bonyenyaneng, mme wa hae o ne a sa mo tsotelle ebile a mo hlaba ka mantswe. O re: “Ntho eo ke neng ke batla ho e finyella bophelong ke ho ratwa le ho amohelwa ke batho ba bang. Ke ne ke tshaba hore ha ho na motho ya ka nthatang ho sa tsotellehe hore na ke etsang, hobane mme wa ka o ne a entse hore ke kgolwe hore ke motho ya mobe.”
13. Ke eng e thusitseng Moradi wa bo rona Lidia hore a inke e le wa bohlokwa ho Jehova?
13 Ka mora hore Moradi wa bo rona Lidia a ithute nnete, ho rapela, ho ithuta ha mmoho le mantswe le diketso tse mosa tsa Bakrestemmoho di mo thusitse ho utlwisisa hore o bohlokwa mahlong a Jehova. O re: “Hangata monna wa ka o mpolella ka moo a nthatang ka teng. Nako le nako o nkgopotsa makgabane a ka a matle. Metswalle e meng ya ka e etsa se tshwanang.” Jwalo ka Lidia, mohlomong ho na le motho ka phuthehong ya heno, ya hlokang hore o mo thuse ho utlwisisa hore o bohlokwa ho Jehova, mme o ka mo thusa ka mantswe le diketso tsa hao tse mosa.
RE KA INKA KA TSELA EO JEHOVA A RE NKANG KA YONA JWANG?
14. 1 Samuele 16:7 e re thusa jwang hore re nke batho ka tsela eo Jehova a ba nkang ka yona? (Sheba lebokose le reng “Ke Hobaneng ha Jehova a Nka Batho ba Hae e le ba Bohlokwa?”)
14 Hopola hore Jehova ha a o nke ka tsela eo batho ba bang ba o nkang ka yona. (Bala 1 Samuele 16:7.) Batho ba bangata ba nka motho a le bohlokwa ho latela tsela eo a shebahalang ka yona, tjhelete eo a nang le yona, kapa hore na o rutehile hakae. Empa Jehova ha a nahane jwalo. (Esa. 55:8, 9) Ka hoo, ho ena le hore o inke ka tsela eo batho ba o nkang ka yona, inke ka tsela eo Jehova a o nkang ka yona. O ka bala ditlaleho tsa Bibele tse bontshang ka moo Jehova a nkang batho bao ka dinako tse ding ba neng ba ikgalala, e le ba bohlokwa jwalo ka Elia, Naomi le Anna. O ka nna wa ngola dintho tse ileng tsa o etsahalla tse o kgodisitseng hore Jehova o o rata e le ka nnete ebile o o nka o le motho wa bohlokwa. Ho ekelletsa moo, o ka bala dihlooho tse buang ka ho ikgalala dingolweng tsa rona.c
15. Ke hobaneng ha Jehova a ne a nka Daniele e le “motho ya ratwang haholo” kapa wa bohlokwa? (Daniele 9:23)
15 Kgodiseha hore botshepehi ba hao bo etsa hore o be motho wa bohlokwa ho Jehova. Ha moprofeta Daniele a le dilemo di ka bang lekgolo, ka nako e nngwe o ile a ikutlwa a “kgathetse haholo” a bile a nyahame. (Dan. 9:20, 21) Jehova o ile a mo kgothatsa jwang? O ile a romela lengeloi Gabariele ho mo hopotsa hore ke “motho ya ratwang haholo” kapa wa bohlokwa, le hore o utlwile dithapelo tsa hae. (Bala Daniele 9:23.) Ke eng e neng e etsa hore Modimo a nke Daniele e le motho wa bohlokwa haholo? Daniele o ne a rata ho loka a bile a tshepahala. (Ezek. 14:14) Jehova o bolokile tlaleho ena ka Lentsweng la hae e le hore a re tshedise. (Bar. 15:4) O boetse o mamela dithapelo tsa hao ebile o o nka o le motho wa bohlokwa hobane o rata ho loka ebile o mo sebeletsa ka botshepehi.—Mik. 6:8, nal.; Baheb. 6:10.
16. Ke eng e ka o thusang hore o nke Jehova e le Ntate ya lerato?
16 Nka Jehova e le Ntate ya o ratang. O batla ho o thusa, eseng ho o tshwaya diphoso. (Pes. 130:3; Mat. 7:11; Luka 12:6, 7) Ho thuisa ka sena, ho thusitse batho ba bangata ba ikgellang fatshe. Ka mohlala, nahana ka Moradi wa bo rona Michelle wa Spain, ya neng a ikutlwa a sa ratwe a bile a se na thuso hobane monna wa hae a ne a dula a mo hlaba ka mantswe ka dilemo tse ngata. O re: “Hang ha ke ikutlwa ke se na thuso, ke leka ho nahana Jehova a nkukile ka matsoho a hae a mpontsha hore o a nthata le ho ntshireletsa.” (Pes. 28:9) Moradi wa bo rona Lauren wa Afrika Borwa, o re: “Haeba Jehova o nkgutse ka lerato jwalo ka ha eka ke ka diropo, a nkatametsa ho yena ka dilemo tsena kaofela, a ba a ntshebedisa hore ke rute batho ba bang, e tlameha ebe ka nnete o nkuka ke le motho wa bohlokwa le ya molemo.”—Hos. 11:4.
17. Ke eng e ka o thusang hore o kgodisehe hore Jehova o a o amohela? (Pesaleme ya 5:12) (Sheba setshwantsho.)
17 Kgodiseha hore Jehova o a o amohela. (Bala Pesaleme ya 5:12.) Davida o ile a re Jehova o amohela batho ba lokileng ebile o ba sireletsa jwalo ka “thebe e kgolo.” Ho tseba hore Jehova o a o amohela le ho o tshehetsa ho ka o sireletsa ha o tlelwa ke maikutlo a ho ikgalala. O ka tseba jwang hore Jehova o a o amohela? Jwalo ka ha re bone, Jehova o o kgodisa ka Lentswe la hae. Ho ekelletsa moo, o sebedisa baholo, metswalle e haufi le ba bang ho o hopotsa hore o motho wa bohlokwa ho yena. O ka etsang ha batho ba bang ba o kgothatsa?
Ho tseba hore Jehova o a re amohela, ho ka re thusa hore re qobe maikutlo a ho ikgalala (Sheba serapa sa 17)
18. Ke hobaneng ha o lokela ho kgolwa ha batho ba bang ba o babatsa?
18 O se ke wa hana ha batho ba o tsebang le ba o ratang ba o kgothatsa. Dula o hopola hore e ka nna yaba Jehova o ba sebedisa ho o thusa hore o kgodisehe hore o a o amohela. Moradi wa bo rona Michelle, eo re buileng ka yena pejana, o re: “Hanyane ka hanyane, ke ithuta ho kgolwa ha batho ba bang ba mpolella mantswe a mosa. Ho thata ho kgolwa dintho tse ntle tseo ba di buang ka nna, empa ke a tseba hore ke sona seo Jehova a batlang hore ke se etse.” Baholo ba boetse ba thusitse Moradi wa bo rona Michelle hore a bone hore Jehova o a mo amohela. Hona jwale ke pulamadiboho ebile o sebeletsa Bethele a le hae.
19. Ke hobaneng ha o lokela ho kgodiseha hore o bohlokwa ho Modimo?
19 Jesu o re hopotsa hore re ba bohlokwa haholo ho Ntate wa rona ya lehodimong. (Luka 12:24) Ka hoo, re ka kgodiseha hore Jehova o re nka re le batho ba bohlokwa. E se eka re ke ke ra lebala taba ena mme re etse sohle seo re ka se kgonang ho thusa batho ba bang hore ba bone hore ke ba bohlokwa ho Modimo.
PINA YA 139 Ipone o le Teng Lefatsheng le Letjha
a Mabitso a mang a fetotswe.
b Maria Magdalena e ne e le e mong wa basadi ba neng ba tsamaya le Jesu. Basadi bana ba ne ba sebedisa tjhelete ya bona bakeng sa dintho tseo Jesu le baapostola ba hae ba neng ba di hloka.—Mat. 27:55, 56; Luka 8:1-3.
c Ka mohlala, bala kgaolo ya 24 bukeng ya Atamela ho Jehova o be o bale mangolo le ditlaleho tsa Bibele tse hlahang tlasa sehlooho se reng “Ho se Itshepe” bukeng ya Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste.