BATJHA BA A BOTSA
Ke Lokela ho Etsang Ka Mora ho Kolobetswa?—Karolo ya 1: Dula o Imatlafatsa
Re lokela ho dula re hlokomela dintho tsa rona tsa bohlokwa tse kang matlo a rona le dikoloi tsa rona. Re lokela ho etsa se tshwanang ka setswalle sa rona le Jehova. O ka tswela pele o matlafatsa setswalle sa hao le Jehova jwang ka mora hore o kolobetswe?
Sehloohong sena
Dula o ithuta Lentswe la Modimo
Lengolo la sehlooho: “Le lokela ho etsa dintho tse molemo le be le eketse tsebo ya lona e nepahetseng ka Modimo.”—Bakolose 1:10.
Se bolelwang ke sena: Ka mora hore o kolobetswe, o lokela ho tswela pele o bala Bibele o be o nahanisise ka dintho tseo o ithutileng tsona.—Pesaleme ya 25:4; 119:97.
Seo o ka se lebellang: Ka dinako tse ding o ka utlwa o sa thabele ho ithuta. Ha e le hantle, o ka ba wa utlwa eka ha wa etsetswa ho bala.
Seo o ka se etsang: Ithute haholo ka dihlooho tsa Bibele tseo o di ratang. Iketsetse kemiso ya hao ya ho ithuta e tla etsa hore o thabele ho bala. Ha o ntse o ithuta, sepheo sa hao e lokela ho ba ho matlafatsa lerato la hao ho Jehova le Lentswe la hae. Ha o ithuta ka tsela ena, o tla rua molemo haholo o be o thabele ho ithuta.—Pesaleme ya 16:11.
Keletso: E le hore o rue molemo thutong ya hao, leka ho fumana sebaka se kgutsitseng moo ho se nang ditshitiso.
O hloka thuso e eketsehileng?
Bala:
“Bibele e ka Nthusa Jwang?—Karolo ya 2: Thabela ho ithuta Bibele”
“Nka Etsang Hore ke se ke ka Sitiseha?”
Shebella:
Downlouda:
Dula o rapela Jehova
Lengolo la sehlooho: “Le se ke la tshwenyeha ka letho. Ho ena le hoo, le rapele Modimo ka mehla, le mo kope ka tieo hore a le tataise dinthong tsohle mme le mo lebohe ka mehla.”—Bafilipi 4:6.
Se bolelwang ke sena: Puisano ya rona le Modimo e bolela hore o bua le rona mme le rona re bua le yena. Re a mo mamela ha re bala Lentswe la hae. Re bua le yena ha re rapela. Ha o rapela o ka kopa dintho tseo o di hlokang kapa wa leboha Jehova ka dintho tseo a o fileng tsona.
Seo o ka se lebellang: Ka dinako tse ding o ka nna wa utlwa eka o ntse o phetapheta ntho e le ngwe ha o rapela. O ka ba wa utlwa eka Jehova ha a sa mamela dithapelo tsa hao.—Pesaleme ya 10:1.
Seo o ka se etsang: Ho tloha ha letsatsi la hao le qala, nahana ka dintho tseo o ka di rapellang. Haeba o le sebakeng seo o sitwang ho etsa thapelo e telele, hopola ho rapela ha monyetla o hlaha. Rapella dintho tseo e leng tsa bohlokwa ho wena o be o hopole ho rapella batho ba bang.—Bafilipi 2:4.
Keletso: Haeba o se o sitwa ho phetlela Jehova sefuba, bua le yena ka taba ena. O batla ho utlwa hore na o ikutlwa jwang ka dithapelo tseo o mo etsetsang tsona ebile o batla ho utlwa le mathata ohle a hao.—1 Johanne 5:14.
O hloka thuso e eketsehileng?
Bala:
Downlouda:
Dula o bua le ba bang ka tumelo ya hao
Lengolo la sehlooho: “Etsa sohle seo o ka se kgonang hore o be mohlala o motle le hore o rute hantle. . . . hobane o tla pholoha o be o pholose le ba o mamelang.”—1 Timothea 4:16.
Se bolelwang ke sena: Ha o bua le ba bang ka seo o se dumelang, tumelo ya hao e a matlafala. Ka hona, o tla pholoha o be o pholose le ba o mamelang.
Seo o ka se lebellang: Ka dinako tse ding o ka nna wa utlwa o tswafa ho bolella ba bang ka seo o se dumelang. Ka dinako tse ding o ka ba wa utlwa o tshaba, haholo ha o le sekolong.
Seo o ka se etsang: o se ke wa dumella hore maikutlo a fosahetseng le letswalo di laole diqeto tseo o di etsang. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Le haeba ke di [ditaba tse monate] bolela ke sa batle, ke ntse ke fuwe boikarabelo ba ho di bolela.”—1 Bakorinthe 9:16, 17.
Keletso: Haeba batswadi ba hao ba o dumella, batla motho ya ka o thusang. Motho eo e lokela ho ba paki ya Jehova e behang mohlala ka ho ya tshimong.—Diproverbia 27:17.
O hloka thuso e eketsehileng?
Dula o le teng dibokeng tsa Bokreste
Lengolo la sehlooho: “A re tsotellaneng e le hore re ka susumeletsana ho ba lerato le ho etsa dintho tse ntle, re se ke ra tlohela ho bokana mmoho”—Baheberu 10:24, 25.
Se bolelwang ke sena: Lebaka le ka sehloohong la ho ya dibokeng ke ho rorisa Jehova. Empa ho na le mabaka a mang a mabedi a bohlokwa a ho ya dibokeng. Lebaka la pele, Bakreste mmoho le wena ba a o kgothatsa. Lebaka la bobedi, le wena o wa ba kgothatsa ha o le teng dibokeng ebile o nka karolo.—Baroma 1:11, 12.
Seo o ka se lebellang: Ka dinako tse ding o ka qala ho nahana ka dintho tse ding ha o le dibokeng yaba o lahlehelwa ke dintlha tsa bohlokwa. Kapa o ka dumella mabaka a mang a kang mosebetsi wa hao wa sekolo ho o sitisa ho ba teng dibokeng ka mehla.
Seo o ka se etsang: Leka ho etsa mosebetsi wa hao wa sekolo ka nako e sa tlo o sitisa ho ya dibokeng e le hore o be teng dibokeng ka mehla le ho fumana molemo ho tsona. Nka karolo ka hore o arabele. Ka mora diboka babatsa bonyane motho a le mong ka puo kapa karabelo ya hae e monate.
Keletso: Lokisetsa hantle pele o ya dibokeng. Downlouda app ya JW Library®, mme o sebedise tab ya “Meetings” ho bona hore na ho tlo buuwa kang dibokeng.
O hloka thuso e eketsehileng?