NASA Photo
DULANG LE FADIMEHILE!
Na ho na le Mmuso o Tsitsitseng o ka Busang Lefatshe?—Bibele e Reng?
Mebuso e mengata lefatsheng ka bophara e ferekane. Le dinaheng tseo ho bonahalang eka e busa hantle, mebuso eo e ile ya tlotlollwa ke ditlaleho tse sa thabiseng tsa boradipolotiki, dikgetho tse sa tsamayeng hantle, ho lwantshana ha dihlopha tsa dipolotiki le dintwa tse bakwang ke batho ba ipelaetsang.
Bibele e a bontsha hore ho na le mmuso o le mong feela o tsitsitseng. Mohlomong o se o kile wa utlwa ka mmuso ona. Ke mmuso oo Jesu Kreste a ileng a bua ka wona thapelong ya mohlala.
“Lona le rapele tjena: ‘Ntate wa rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe. Mmuso wa hao o tle. Thato ya hao e etswe lefatsheng jwalo ka ha e etswa lehodimong.’ ”—Matheu 6:9, 10.
Bibele e reng ka Mmuso oo?
Ke Mmuso o tsitsitseng
Mmuso ona o busa o le lehodimong.
Jesu o ile a bitsa mmuso oo “Mmuso wa mahodimo.” (Matheu 4:17; 5:3, 10, 19, 20) Ka lebaka lena o ile a re: “Mmuso wa ka ha se wa lefatshe lena.”—Johanne 18:36.
Mmuso oo o tla nkela mebuso ya batho sebaka.
Bibele e re: “Mmuso ona . . . o tla silakanya o fedise mebuso ena [ya batho] kaofela mme ke wona feela o tla dula o le teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.
Mmuso oo Morena wa wona e leng Jesu Kreste o ke ke wa fediswa le ka mohla.
Bibele e re: “Bobusi ba hae ke bo ke keng ba fela kapa ba feta le mmuso wa hae o ke ke wa fediswa.”—Daniele 7:13, 14.
Mmuso oo o tla tlisa kgotso le tshireletseho lefatsheng.
Bibele e re: “E mong le e mong o tla dula tlasa sefate sa hae sa morara le sa feie. Ha ho na motho ya tla ba tshosa.”—Mikea 4:4.
Ithute ho eketsehileng ka Mmuso
Ha Jesu a le lefatsheng o ile a qeta nako ya hae e ngata “a bolella batho ditaba tse monate tsa Mmuso.” (Matheu 9:35) O ile a boela a bolela esale pele hore:
“Ditaba tse monate tsa Mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle hore batho ba ditjhaba tsohle ba di utlwe ebe ke hona bofelo bo tlang.”—Matheu 24:14.
Kajeno, ditaba tsena tse monate tsa Mmuso di bolelwa dinaheng tse fetang 240. Re a o mema hore o ithute ho eketsehileng ka mmuso le ka moo o ka ruang molemo ho wona.
Ka kopo shebella video e reng Mmuso wa Modimo ke Eng?