Ho Bolela Eng ho Tswalwa Hape?
Karabo ya Bibele
Polelwana e reng “ho tswalwa hape” e bolela qaleho ya kamano e ntjha eo motho ya tswetsweng hape a bang le yona le Modimo. (Johanne 3:3, 7) Modimo o nka bana ba tswetsweng hape ebe o ba etsa bana ba hae. (Baroma 8:15, 16; Bagalata 4:5; 1 Johanne 3:1) E ba karolo ya lelapa la Modimo, jwalo ka bana bao motswadi a ba etsang ba hae ka molao.—2 Bakorinthe 6:18.
Ke hobaneng ha motho a tswalwa hape?
Jesu o ile a re: “Ha motho a sa tswalwe hape a ke ke a bona Mmuso wa Modimo.” (Johanne 3:3) Ho tswalwa hape ho lokisetsa motho hore a buse le Kreste Mmusong wa Modimo. Mmuso ona o busa o le lehodimong, ka hoo Bibele e hlalosa ho “tswalwa botjha” e le se tla ba thusa ho fumana lefa leo ba ‘le boloketsweng lehodimong.’ (1 Petrose 1:3, 4) Bana ba tswetsweng hape ba fuwe kgodiseho ya hore ba tla ‘busa e le marena’ le Kreste.—2 Timothea 2:12; 2 Bakorinthe 1:21, 22.
Motho o tswalwa hape jwang?
Ha Jesu a bua ka taba ena, o ile a re batho ba tswalwang hape ba tla “tswalwa ka metsi le ka moya.” (Johanne 3:5) Polelo ena e bolela ho kolobetswa ka metsi, ka mora moo ebe o kolobetswa ka moya o halalelang.—Diketso 1:5; 2:1-4.
Jesu ke motho wa pele wa hore a tswalwe hape. O ile a kolobetswa Nokeng ya Jordane, ka mora moo Modimo o ile a mo tlotsa (kapa a mo kolobetsa) ka moya o halalelang. Ka hoo, o ne a se a tswetswe hape ka moya o halalelang e le mora wa Modimo mme a ena le tshepo ya ho kgutlela lehodimong. (Mareka 1:9-11) Modimo o ile a phethahatsa tshepo ena ka ho tsosa Jesu e le sebopuwa sa moya.—Diketso 13:33.
Ba bang ba tswetsweng hape ba kolobetswa ka metsi pele ba ka amohela moya o halalelang.a (Diketso 2:38, 41) Ka mora moo ba ba le kgodiseho eo Modimo a tla e phethahatsa ya hore ba tla phela lehodimong, ha a ba tsosa.—1 Bakorinthe 15:42-49.
Maikutlo a fosahetseng ka ho tswalwa hape
Maikutlo a fosahetseng: Motho o lokela hore a tswalwe hape e le hore a pholohe kapa hore e be Mokreste.
Nnete: Sehlabelo sa Kreste ha se etse hore ho pholohe batho ba tswetsweng hape feela, e leng ba tla eo busa le Kreste lehodimong empa hape se bohlokwa bakeng sa batho ba tlo buswa ke Mmuso wa Modimo lefatsheng. (1 Johanne 2:1, 2; Tshenolo 5:9, 10) Sehlopha sena sa bobedi sa Bakreste se na le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng mona lefatsheng.—Pesaleme ya 37:29; Matheu 6:9, 10; Tshenolo 21:1-5.
Maikutlo a fosahetseng: Motho a ka ikgethela hore o batla ho tswalwa hape.
Nnete: Batho bohle ba na le monyetla wa ho ba le setswalle le Modimo le ho pholoswa. (1 Timothea 2:3, 4; Jakobo 4:8) Le ha ho le jwalo, Modimo ke yena ya kgethang hore na ke bomang ba tla tswalwa hape kapa ba tlotswe ka moya o halalelang. Bibele e re ho tswalwa hape ha ho “a itshetleha ka hore na motho o batlang kapa o sebetsa ka thata hakae empa [ho] itshetlehile ka mohau wa Modimo.” (Baroma 9:16) Polelwana e reng “ho tswalwa hape” e bolela hore motho o kgethilwe ke Modimo.—Johanne 3:3.
a Ntle le Korneliase le ba bang ba neng ba ena le yena.—Diketso 10:44-48.