ETSISA TUMELO YA BONA | JOBO
“Nke ke ka Tlosa Botshepehi ba ka ho Nna!”
O ne a dutse fatshe mme mmele ohle wa hae o ne o e na le mathopa a bohloko. Le ka ho mo bona, a kobile hlooho, a dutse a le mong, a nyahame ebile a se na matla a ho foka ditshintshi tse neng di mo potapotile. O dutse ka hara molora mme o utlwile bohloko haholo mme o ntse a ikgwabitla ka lengeta. O ne a ruile ebile a hlompheha empa hona jwale ha a sa na letho ebile o a nyatseha! Metswalle ya hae, baahisane le ba lelapa ha ba sa mo tsotella. Batho ba baholo ha esitana le bana, ba ne ba mo tsheha. O ne a nahana hore Jehova Modimo wa hae, o mo fetohetse empa o ne a fositse.—Jobo 2:8; 19:18, 22.
Monna eo re buang ka yena, ke Jobo. Modimo ha a bua ka yena, o ile a re: “Ha ho ya jwalo ka yena lefatsheng.” (Jobo 1:8) Le ha ho se ho fetile dilemo tse ngata, Jehova o ne a ntse a tadima Jobo e le e mong wa banna ba tshepahalang.—Ezekiele 14:14, 20.
Na le wena o hlahelwa ke mathata le dintho tse bohloko? Ho bala pale ya Jobo ho tla o tshedisa. Ho tla boela ho o thuse hore o be le botshepehi, e leng bokgabane boo mohlanka e mong le e mong wa Modimo a bo hlokang. Batho ba bontsha botshepehi ka hore ba sebeletse Modimo ka ho felletseng le hoja ba kopana le mathata. A re ithuteng paleng ya Jobo.
Seo Jobo a Neng a sa se Tsebe
Ho na le mabaka a bontshang hore tlaleho ya bophelo ba Jobo e ile ya ngolwa ke Moshe dilemo kamora hore Jobo a hlokahale. Moshe o ile a tataiswa ke moya o halalelang hore a ngole ka dintho tse ileng tsa etsahalla Jobo le dintho tse ileng tsa etsahala lehodimong.
Qalehong ya tlaleho ya Jobo, re fumana hore o ne a phela bophelo bo monate ebile a thabile. O ne a atlehile, a tumme mme batho bohle ba naheng ya Utse ba ne ba mo hlompha. E ne e le motho ya fanang mme o ne a thusa batho bohle ba hlokang. Jobo le mosadi wa hae ba ne ba e na le bana ba 10. Ha bohlokwa le ho feta, Jobo o ne a rata Modimo. O ile a leka ka hohle ho kgahlisa Jehova jwalo ka baholoholo ba hae e leng Abrahama, Isaka, Jakobo le Josefa. Ho tshwana le baapatriareka bao, Jobo o ne a nyehela mahlabelo molemong wa bana ba hae jwalo ka moprista.—Jobo 1:1-5; 31:16-22.
Kamora tlaleho ena, pale ya Jobo e re bolella ho hong. E re bolella ka dintho tseo Jobo a neng a ke ke a di tseba tse neng di etsahala lehodimong. Mangeloi a tshepahalang a Jehova a ne a eme ka pela hae yaba Satane o a kena. Jehova o ne a tseba hore Satane o hloile Jobo hobane e ne e le monna ya lokileng, ka hoo Modimo o ile a bua le yena mme a mo bolella ka botshepehi ba Jobo. A sa qeaqee Satane o ile a arabela ka hore: “Na ke ha lefeela ha Jobo a tshaba Modimo? Na ha wa hloma lekgwakgwa ho mo potoloha ka hohle le ho potoloha ntlo ya hae le ho potoloha ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona?” Satane o hloile batho ba tshepahalang. Hobane ha ba sebeletsa Jehova ka ho felletseng, ba pepesa hore ke raleshano ya sa rateng batho. Satane o ile a tsitlella hore Jobo o sebeletsa Modimo hobane feela a rua molemo. O ile a tswela pele ka hore haeba Jobo a ka lahlehelwa ke dintho tsohle, o tla rohaka Modimo sefahlamahlo!—Jobo 1:6-11.
Jehova o ne a file Jobo monyetla wa ho pepesa Satane empa Jobo o ne a sa tsebe. Ka hoo, Satane o ile a dumellwa ho amoha Jobo dintho tsohle tseo a neng a e na le tsona. Empa o ne a sa dumellwa ho mo lematsa. Hanghang, Satane o ile a qalella ka morero wa hae o mobe. Ka letsatsi le le leng feela, Jobo o ile a hlahelwa ke dintho tse bohloko ka tatellano. O ile a bolellwa hore mehlape yohle ya hae e bolailwe, ho qadilwe ka dikgomo, ditonki le dinku tsa hae le dikamele. Ho hobe le ho feta ke hore le basebeletsi ba hae ba ile ba bolawa. Tlaleho e nngwe e re mohlape wa hae o ile wa bolawa ke “mollo wa Modimo” mohlomong lehadima. Le pele Jobo a nahana ka dintho tsohle tse mo lahlehetseng, o ile a utlwa ditaba tse bohloko ka ho fetisisa. Ha bana ba hae ba 10 ba ntse ba bokane lelapeng la ya e moholo, ho ile ha e ba le moya o matla yaba ntlo ya ba wela mme ba shwa kaofela!—Jobo 1:12-19.
Ho thata ho utlwisisa hore na ebe Jobo o ne a ikutlwa jwang. O ile a tabola diphahlo tsa hae, a ikuta moriri mme a itihela fatshe. Jobo o ile a nka hore Modimo o mo amohile seo a neng a mo file sona. Ntle ho pelaelo, Satane o ne a sebedisitse bohlale hore ebe eka ke Jehova ya bakeng Jobo dintho tseo tse mpe. Ho ntse ho le jwalo, Jobo ha a ka a rohaka Modimo jwalo ka ha Satane a ne a lakaditse. Ho e na le hoo, Jobo o ile a re: “Lebitso la Jehova le ke le tswele pele ho bokwa.”—Jobo 1:20-22.
Jobo o ne a sa tsebe hore Satane o ntse a mo qosa ho Modimo
‘O Tla o Rohaka Sefahlamahlo’
Le hoja Satane a ne a halefile ha a ka a tela. O ile a boela a hlaha ka pela Jehova nakong eo mangeloi a neng a bokane ka yona. Le lekgetlong lena, Jehova o ile a tsota botshepehi ba Jobo ho sa tsotellehe dintho tse bohloko tseo Satane a neng a mo bakela tsona. Satane o ile a re: “Letlalo bakeng sa letlalo, mme motho o tla nehelana ka ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona bakeng sa moya wa hae. Ho fapana le hoo, ka kopo, otlolla letsoho, o ame lesapo la hae le nama ya hae mme o bone hore na a ke ke a o rohaka sefahlamahlo.” Satane o ne a nahana hore ha Jobo a ka kula o tla rohaka Modimo. Ka ha Jehova o ne a tshepa Jobo, o ile a dumella Satane hore a mo kudise empa a se ke a mo bolaya.—Jobo 2:1-6.
Jobo o ile a kula jwalo ka ha re se re boletse pejana. Ebe mosadi wa Jobo o ne a ikutlwa jwang ha dintho tsena di etsahala? O ne a utlwile bohloko bo otlang pelo ka lebaka la ho shwelwa ke bana ba hae ba 10 mme jwale o ne a lokela ho oka monna wa hae ya neng a kula ha bohloko! A buiswa ke pelo e bohloko, o ile a re: “Na o sa ntse o tshwareletse ka tiyo botshepehing ba hao? Rohaka Modimo mme o shwe!” Jobo o ne a sa lebella hore mosadi wa hae eo a mo ratang a ka bua mantswe a jwalo. Jobo o ile a re: ‘O bua jwalo ka mosadi ya se nang kelello.’ Le ha ho le jwalo, Jobo ha a ka a rohaka Modimo kapa ha a ka a bua se sebe ka molomo wa hae.—Jobo 2:7-10.
Na o ne o tseba hore pale ya Jobo e a o ama le wena? Satane ha a ka a qosa Jobo feela empa o qosa motho e mong le e mong. O ile a re: “Motho o tla nehelana ka ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona bakeng sa moya wa hae.” Ka mantswe a mang, Satane o re ha hona motho ya ka tshepahallang Jehova! O hatella taba ya hore ha o rate Modimo e le ka nnete mme o tla mo fetohela ha ho le thata. Ha e le hantle, Satane o re o inahana bowena feela jwalo ka yena! Na seo ke nnete? Kaofela ha rona re na le monyetla wa ho bontsha Satane hore ke raleshano (Liproverbia 27:11) Ha re boneng hore na Jobo o ile a hlahelwa ke eng kamora moo.
Metswalle ya Hae e Hlolehileng ho Motshedisa
Bibele e re bolella ka metswalle e meraro ya Jobo e ileng ya utlwela ka dintho tse mo hlahetseng mme ya ilo mo etela ho ya motshedisa. Ha ba ntse ba mo atamela ba ne ba sa hlokomele hore ke yena. O ne a fetohile ka lebaka la bohloko boo a neng a le ho bona mme letlalo la hae le ne le le letsho ka lebaka la ho kula. Metswalle ya hae e meraro e leng Elifaze, Bildade le Tsofare ba ile ba etsa eka ba utlwile bohloko, ba ne ba bokolla mme ba itshela ka mobu hloohong. Ba ile ba dula fatshe pela Jobo mme ba itholela. Ba ile ba qeta beke kaofela ba dutse moo bosiu le motshehare ba sa bue letho. Re se ke ra nahana hore banna bana ba ne ba thotse hobane ba ne ba tshedisa Jobo, hobane ha ba ka ba botsa ho utlwisisa boemo ba hae. Ba ne ba tseba feela hore o utlwile bohloko ka ha o ne tswile mathopa.—Jobo 2:11-13; 30:30.
Qetellong, Jobo ke yena ya ileng a qadisa moqoqo. Jobo o ile a bontsha hore o utlwile bohloko haholo ka hore a rohake letsatsi leo a hlahileng ka lona. O ne a ba bolella ka e nngwe ya dintho tse neng di mo bakela mahlomola. O ne a nahana hore Modimo ke yena ya mo bakelang dintho tsena tse bohloko! (Jobo 3:1, 2, 23) Le hoja Jobo e ne e le monna ya nang le tumelo, o ne a hloka ho tshediswa. Eitse ha metswalle ya hae e qala ho bua, Jobo o ile a hlokomela hore ho ne ho le molemo ha ba ne ba thotse.—Jobo 13:5.
Elifaze eo ho neng ho ka etsahala hore ke yena e moholo, o ile a qala ho bua kamora Jobo. Kamora hae, ba bang le bona ba ile ba bua. Le bona ka tsela e tshwanang ba ile ba bua jwalo ka Elifaze, tse ding tsa dintho tseo banna bao ba di buileng di ne di utlwahala eka di nepahetse ka ha ba ne ba bua ka dintho tse mabapi le Modimo, ba bua ka bophahamo ba hae le hore Modimo o otla batho ba molato mme o hlohonolofatsa ba lokileng. Di sa tloha feela, seo ba ileng ba se buwa se ne se heletsa. Elifaze o ile a beha mabaka ka tsela e neng e ka e ya utlwahala, o ile a re Modimo o otla batho ba sa lokang ka hoo, haeba Jobo o hlahelwa ke dintho tse mpe e tlameha hore ebe ho na le ntho e mpe eo a e entseng.—Jobo 4:1, 7, 8; 5:3-6.
Ntle ho pelaelo Jobo ha a ka a dumellana le seo. O ile a se hanyetsa ka matla. (Jobo 6:25) Empa metswalle ya hae e meraro e ne e nahana hore ho na le ntho e mpe eo Jobo a e entseng, ke ka hona dintho tse mpe di neng di mo hlahela. Elifaze o ile a re Jobo o a iphahamisa, o kgopo ebile ha a tshabe Modimo. (Jobo 15:4, 7-9, 20-24; 22:6-11) Bildade le yena o ile a bolella Jobo mantswe a bohloko. (Jobo 11:2, 3, 14; 20:5, 12, 13) O ile a bolela hore e tlameha hore ebe bana ba Jobo ho na le se sebe seo ba se entseng. Ka hona, ba ne ba tshwanelwa ke ho shwa!—Jobo 8:4, 13.
Metswalle ya Jobo e ile ya mo utlwisa bohloko le ho feta ho e na le hore e motshedise
Botshepehi ba Jobo bo a Lekwa!
Banna bao ba kgelohileng ba ile ba bua ntho e mpe le ho feta. Ba ile ba re Jobo o ne a sa tshepahale ho Modimo, ho ekelletsa moo, ba ile ba re Modimo ha a tsotelle botshepehi! Ho seo Elifaze a ileng a se bua ha a qala, o ile a bua ka tlaleho e sa tlwaelehang ebile e le e tshosang ya bodemona. Ho latela seo Elifaze a ileng a se utlwa ha a ne a kopane le modemona, o ile a etsa qeto ya hore Modimo: “Ha a na tumelo ho bahlanka ba hae, o qosa mangosa a hae ka hore a molato.” Ka mantswe a mang, Elifaze o ne a bolela hore ha hona motho ya ka kgahlisang Modimo! Ha morao, Bildade o ile a re Modimo ha a tsotelle botshepehi ba Jobo jwalo ka ha a sa tsotelle bophelo ba seboko!—Jobo 4:12-18; 15:15; 22:2, 3; 25:4-6.
Na o kile wa leka ho tshedisa motho ya utlwileng bohloko ebile a le mahlomoleng? Ho etsa jwalo ha ho bonolo. Ha re tshedisa batho, re ka ithuta hore na keng seo re sa lokelang ho se etsa ho tswa metswalleng ya Jobo. Ha metswalle ya hae e bua seo e neng e nka hore ke mantswe a bohlale, ha ba a ka ba mo utlwela bohloko kapa ba mo bitsa ka lebitso la hae! Ha ba ka ba bua ka mosa hobane ba ne ba sa tsotelle hore na Jobo o ikutlwa jwang.a Haeba o tshedisa motho, leka ho bua ka mosa le ka bonolo. Leka ho matlafatsa tumelo ya motho eo le ho mo thusa hore a tshepe hore Modimo o tla mo thusa le ho mo tshwara ka mosa. Jobo a ka be a ile a etsa seo ho metswalle ya hae haeba e ne e le bona ba mahlomoleng. (Jobo 16:4, 5) Empa Jobo o ile a itshwara jwang ha metswalle ya hae entse e mo qosa?
Jobo o ile a Dula a Tshepahala
Jobo o ne a se a ntse a le mahlomoleng ha puisano ya hae le metswalle ya hae e qala. Qalong ya puisano, Jobo o ile a bolela hore tse ding tsa dintho tseo a di buileng e ne e le “puo e hlaha” le “dipolelo tsa ya felletsweng ke tshepo.” (Jobo 6:3, 26) Mme seo se a utlwahala. O ile bua mantswe ao hobane o ne a utlwile bohloko. Hape mantswe a hae a ile a bontsha ka ho felletseng hore o ne a sa utlwisise se neng se etsahala. Hobane dintho tse ileng tsa mo hlahela yena le ba lelapa la hae di ile tsa etsahala ka pele ebile e le dintho tsa mohlolo, ka hoo Jobo o ile a etsa qeto ya hore e tlameha ebe ke Jehova ya di etsang. Ho ne ho e na le dintho tseo Jobo a sa tsebeng ka tsona, ke ka hoo a ileng a dumela dintho tse fosahetseng.
Ho ntse ho le jwalo, Jobo e ne e le monna ya na leng tumelo e matla. Re bona seo ho tswa mantsweng a nnete le a kgothatsang a ileng a a bua puisanong ya bona e telele. O ile a bua ka popo e hlollang, ka tsela eo motho a neng a ke ke a kgona ho bua ka yona ha e se ka thuso ya Modimo. Ka mohlala, o ile a re Jehova “O leketlisa lefatshe hodima lefeela” mme borasaense ba ile ba fumana hore taba ena ke nnete dilemo hamorao.b (Jobo 26:7) Jobo o ile a bua ka tshepo eo a neng a na le yona ka bokamoso, e tshwanang le ya banna ba bang ba tshepahalang ba neng ba e na le yona. Jobo o ne a kgodisehile hore ha a ne a ka shwa, Modimo o ne a ke ke a mo lebala, o ne a tla mo hopola mme a mo tsose hore a phele hape.—Jobo 14:13-15; Baheberu 11:17-19, 35.
Ho thweng ka botshepehi ba Jobo? Elifaze le metswalle ya hae ba ile ba hatella taba ya hore Modimo ha a tsotelle hore na motho o a tshepahala kapa tjhe. Na Jobo o ile a dumela mashano ao? Ho hang! Jobo o ile a hatella taba ya hore Jehova o tsotella botshepehi. O ile a se hanyetsa ka matla. O ile a bua a kgodisehile a re: “Modimo o tla tseba botshepehi ba ka.” (Jobo 31:6) Ho ekelletsa moo, Jobo o ile a elellwa hore batho bao e neng e ka ba a motshedisa, ba ne ba hlasela botshepehi ba hae. Sena se ile sa etsa Jobo a bue polelo e telele hoo metswalle ya hae e sa kang ya tseba hore e reng ha a qeta ho bua.
Jobo o ne a tseba hore o lokela ho tshepahala letsatsi le letsatsi. Ka hona, o ile a hlalosa hore haesale a etsa dintho ka botshepehi. Ka mohlala, o ile a qoba bohlola, a tshwara batho ka tsela e mosa ebile a ba hlompha, o ne a e na le boitshwaro bo hlwekileng, a hlompha lenyalo la hae mme ha bohlokwa le ho feta o ne a sebeletsa Modimo ka ho fetelletseng. Ke ka hoo Jobo a ileng a bua ho tswa botebong ba pelo ya hae a re: “Nke ke ka tlosa botshepehi ba ka ho nna ho fihlela ke shwa!”—Jobo 27:5; 31:1, 2, 9-11, 16-18, 26-28.
Jobo o ile a dula a tshepahala
Etsisa Tumelo ya Jobo
Na le wena o nka botshepehi e le ntho ya bohlokwa? Ha re a lokela ho bua feela hore re a tshepahala empa re lokela ho bontsha seo le ka diketso tsa rona. Re bontsha hore re tshepahalla Modimo haeba re tswela pele re mo mamela mme re etsa se nepahetseng le hoja re kopana le mathata. Haeba re etsa jwalo, re tla etsisa Jobo ka hore re thabise Jehova mme Satane o tla swaba. Ena ke tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho etsisa tumelo ya Jobo!
Empa pale ya Jobo e ne e so fele. Jobo o ne a amehile haholo ka ho buella botshepehi ba hae hoo a ileng a lebala ho tlotlisa Modimo. O ne a hloka thuso ya ho bona dintho ka moo Jehova a di bonang ka teng. Ka nako e tshwanang, o ne a ntse a utlwile bohloko bo otlang pelo mme o ne a hloka ho tshediswa. Jehova o ne a tla thusa monna enwa ya tshepahalang jwang? Sehlooho se latelang se buang ka Jobo, se ka arabela dipotso tsena.
a Ho a makatsa hore ebe Elifaze le metswalle ya hae ba ne ba nahana hore ba buile ka tsela e mosa le Jobo ka ha ba ne ba bua le yena ba sa mo omanye. (Jobo 15:11) Empa motho a ka bua mantswe a hlabang le hoja a sa omanye.
b Ho fetile dilemo tse ka bang 3 000 pele borasaense ba dumela hore lefatshe le leketlile hodima lefeela. Kamora hore lefatshe le kgone ho nkwa dinepe ho tloha sepakapakeng, batho ba ile ba kgona ho dumela hore seo Jobo a neng a se bua ke nnete.