ETSISA TUMELO YA BONA | JOBO
Jehova o ile a Matlafatsa Jobo
Qetellong banna bana ba ile ba thola. Ho ka etsahala hore modumo o neng o utlwahala e ne e le moya o hlahang lehwatateng la Arabia. Jobo o ne a felletswe ke mantswe ebile a kgathetse ka mora ho ba le puisano e telele. Nahana o bona Jobo a halefile a shebile metswalle e na ya hae Elifaze, Bildade le Tsofare e ka o emetse hore ba bue ho hong. Ba ne ba fiela ka dintshi fatshe, ba kwatile hore ebe dipuo tsa bona e ne e le lefeela mabapi le Jobo. (Jobo 16:3) Jobo o ne a ikemiseditse ho sireletsa botshepehi ba hae.
Ho Jobo botshepehi e ne e le yona ntho e ka sehloohong. O ne a lahlehetswe ke maruo, bana ba hae ba leshome, tshehetso le tlhompho e tswang ho metswalle ya hae le baahisane ebile a kula. Letlalo la hae le ne le le letsho ke ho kula, le kgakgaphehile le bile le tsamauwa ke diboko. Ebile le lehano la hae le ne le nkga. (Jobo 7:5; 19:17; 30:30) Dipuo tse mpe tseo banna ba na ba di buileng di ile tsa etsa hore Jobo a tuke ke bohale. O ne a ikemiseditse ho ba bontsha hore ha se motho ya mobe jwalo ka ha ba ne ba bontsha. Ka mora mantswe ao Jobo a ileng a a bua banna bao ha ba ka ba re letho. Ho ne ho se ho sena letho le lebe leo ba ka le buang ka ena. Le ha hole jwalo o ne a ntse a utlwile bohloko maikutlong ebile a opelwa. O ne a ntse a hloka thuso!
Re ka utlwisisa hore na ke hobaneng ha Jobo a ne a na le maikutlo a fosahetseng ka dintho tse neng di mo etsahalla. O ne a hloka ho kgalemelwa le ho tataiswa. O ne a hloka matshediso a tswang ho motswalle ya mo tsotellang e le ka nnete e leng seo metswalle e na e meraro e ka beng e se e ntse empa e ile ya hloleha. Na o kile wa ikutlwa o hloka ho kgothatswa e le hore o ka mamella? Na o kile wa phoqwa ke metswalle eo o neng o e tshepile? Ho ithuta ka moo Jehova a ileng a thusa mohlanka wa hae Jobo ka teng ho ka o fa tshepo le thuso ya sebele.
Moeletsi ya Bohlale le ya Mosa
Ho ile ha etsahala seo re sa se lebellang tlalehong ya Jobo. Ho ne ho e na le monna e monyenyane ho bona e leng Elihu. O ne a ntse a le teng nako e na kaofela a thotse, a mametse ha banna bana ba ntse ba bua. O ne a sa thaba ho hang ka seo a neng a se utlwile.
Elihu o ne a halefetse Jobo. O ile a utlwa bohloko ha a bona monna ya lokileng Jobo a itshireletsa “hore moya wa hae o lokile ho e na le Modimo.” Elihu o ile a utlwela Jobo bohloko mme o ne a utlwisisa bohloko boo Jobo a leng ho bona le hore o ne a hloka ho kgothatswa. Ke ka hona Elihu a ileng a tenehela banna bao ba bararo! O ile a utlwa ha banna bana ba hlasela Jobo ba leka ho fokodisa tumelo ya hae, ho mo tlosa seriti le ho belaella botshepehi ba hae. Ho hobe le ho feta, ke hore ba ile ba bua dipuo tse mpe ka Modimo ba etsa eka o kgopo. Ka mora ho utlwa dintho tsena tsohle, Elihu o ile a ikutlwa a lokela ho bua ho hong!—Jobo 32:2-4, 18.
O ile a re: “Ke monyenyane ka matsatsi. Lona le hodile. Ke ka lebaka leo ke ileng ka tjhetjhela morao mme ka tshaba ho le bolella tsebo ya ka.” Empa o ne a se a sa kgone ho thola. O ile a tswela pele hore: “Hase ba nang le matsatsi a mangata feela ba bohlale, kapa hore ke ba hodileng feela ba utlwisisang kahlolo.” (Jobo 32:6, 9) O ile a bua ka ho eketsehileng ho paka hore seo a se buang ke nnete. Elihu o ile a bua le Jobo ka tsela e fapaneng le eo Elifaze, Bildade le Tsofare ba neng ba bua le Jobo ka yona. Elihu o ile a tiisetsa Jobo hore a ke ke a mo tetebetsa maikutlo kapa hona ho mo nyatsa. O ile a bua le Jobo ka tlhompho a mo bitsa ka lebitso le ho bontsha hore banna bao ba ile ba bua le Jobo ka tsela e sa bontsheng tlhompho.a Ka tlhompho o ile a re: “Jwale, le ha ho le jwalo, wena Jobo, ka kopo utlwa mantswe a ka.”—Jobo 33:1, 7; 34:7.
Elihu o ile a bitsa Jobo ka lebitso, a mo tshwara ka mosa le ho mo siela seriti
Elihu o ile a bua le Jobo ka ho toba a re: “Feela o itse moo ke ntseng ke utlwa, . . . ‘Ke hlwekile mme ha ke na tlolo, ha ke a silafala, mme ha ke na phoso. Bona! O fumana dinako tsa ho nkganyetsa.’” Elihu o ile a senola bothata ba Jobo ha a botsa a re: “Na see ke seo o se nkileng e le toka? O itse, ‘Ho loka ha ka ho feta ha Modimo.’” Elihu o ne a ke ke a dumella Jobo ho nahana ka tsela ena. Elihu o ile a re “ha wa nepa ho sena.” (Jobo 33:8-12; 35:2) Elihu o ne a tseba hore Jobo o ne a halefile ka lebaka la hore o ne a lahlehetswe ke dintho tsohle le hore batho ba neng ba tlameha ho mo kgothatsa ba ile ba mo tshwara hampe. Empa Elihu o ile a eletsa Jobo a re: “Hlokomela hore kgalefo e se ke ya o hokahoka hore o ope diatla ka ho nyefola.”—Jobo 36:18.
Elihu o Bua ka Mosa wa Jehova
Ka hodima tsohle Elihu o ile a bontsha hore diketso tsa Jehova di lokile. O ile a bua mantswe a bohlokwa a re: “Ho ke ho be hole le Modimo wa nnete hore a sebetse bokgopo, le hore Ya Matla Ohle a sebetse ka mokgwa o hlokang toka! . . . Ya Matla Ohle ha a kgopamise kahlolo.” (Jobo 34:10, 12) Elihu o ile a thusa Jobo ho bona hore Jehova o lokile mme o mosa hobane Jobo o ile a bua mantswe a seng hantle ka Modimo empa ha a ka a mo fa kotlo. (Jobo 35:13-15) Elihu ha a ka a etsa eka o utlwisisa ntho e nngwe le e nngwe ka Modimo, ho e na le hoo ka boikokobetso o ile a re: “Modimo o phahame ho feta ka moo re ka tsebang.”—Jobo 36:26.
Le hoja Elihu a ile a kgalemela Jobo empa o ne a ntse a le mosa. Elihu o ile a bua ka tsela e fang Jobo tshepo ya hore Jehova o tla mo fodisa. Modimo o ne a tla re ho mohlanka wa hae Jobo: “Nama ya hae e ke e ntjhafale ho feta botjheng, a ke a kgutlele matsatsing a mahlahahlaha a hae a botjha.” Ntho e nngwe eo Elihu a e entseng, ke ho fa Jobo monyetla wa hore a bue ho e na le ho mo bolella hore na a etseng. O ile a re: “Bua, etswe ke kgahlilwe ke ho loka ha hao.” (Jobo 33:25, 32) Empa Jobo ha a ka a mo araba. Mohlomong Elihu o ile a bua ka tsela e mosa le e kgothatsang hoo Jobo a ileng a bona ho sa hlokahale hore a mo arabe. Mohlomong Jobo o ile a lla ha a hlokomela hore Elihu o ne a mo tsotella.
Re ka ithuta thuto ya bohlokwa ho banna bana babedi ba tshepahalang. Ho Elihu re ithuta hore ke jwang re ka fanang ka kgalemelo le ho tshedisa ba e hlokang. Motswalle wa nnete o tla o bolella ha o entse phoso le ho hlokomedisa phoso pele o e etsa le hoja ho ka ba thata ho etsa jwalo. (Liproverbia 27:6) Le rona re batla ho ba metswalle e jwalo, re be mosa mme re kgothatse ba bang ha ba nyahame le haeba ba ka bua hampe le rona. Le rona ka ho tshwanang ha re fuwa kgalemelo re lokela ho hopola mohlala wa Jobo ka hore ka boikokobetso re mamele ha re kgalemelwa ho e na le ho iphapanya. Kaofela ha rona re hloka keletso le ho kgalemelwa. Ho e amohela ho ka pholosa bophelo ba rona.—Liproverbia 4:13.
“Jehova a Araba a le Sefefong”
Ha Elihu a ntse a bua, o ile a bua ka moya, maru, ho thwathwaretsa le lehadima. Ha a bua ka Jehova o ile a re: “Mamelang ka hloko ho thwathwaretsa ha lentswe la hae.” Ka mora moo Elihu o re bolella ka “moya wa sefefo.” (Jobo 37:2, 9) Ho ka etsahala hore ha Elihu a ntse a bua ba ile ba bona ha maru a ntse a teteana eka ho tla ba le sefefo se matla. Qetellong ho ile ha e ba le sefefo se matla. Ho ile ha e ba le ntho e makatsang e ileng ya etsahala. Jehova o ile a bua le Jobo!—Jobo 38:1.
A ko nahane o rutwa ka popo ke titjhere e hlwahlwa ka ho fetisisa lefatsheng lohle e leng Jehova!
Ha re bala buka ya Jobo re thaba haholo ha re bala dikgaolo tsena tse hlollang tse bontshang ha Jehova a ne a bua le Jobo. Jwalo ka ha sefefo se matla se fefola matlakala, mantswe a Jehova e ne e ka a fefola dipuo tsohle tse mpe tseo e leng hore Elifaze, Bildade le Tsofare ba ile ba di bua. Jehova ha a ka a bua le banna bao ka nako eo. Ka mosa Jehova o ile a kgalemela mohlanka wa hae Jobo jwalo ka ha Ntate a ne a ka kgalemela mora wa hae.
Jehova o ne a utlwisisa bohloko boo Jobo a neng bo utlwa. Ka hoo, Jehova o ile a utlwela Jobo bohloko jwalo ka ha a qenehela bahlanka bohle ba hae. (Esaia 63:9; Zakaria 2:8) O ne a tseba hore Jobo o ne a bua ho ba ‘a se na tsebo mme ka ho etsa jwalo o ile a ipakela mathata le ho feta. Jehova o ile a kgalemela Jobo ka ho mmotsa dipotso tse neng di fata maikutlo. O ile a re: “O ne o le hokae ha ke theha lefatshe? Mpolelle, haeba o tseba kutlwisiso.” Ha Jehova a qeta ho bopa lefatshe “dinaledi di ile tsa hweletsa,” mme mangeloi a opa diatla ka lebaka la botle ba popo. (Jobo 38:2, 4, 7) Jobo ha a ka araba hobane o ne a sa tsebe letho ka dintho tsena.
Jehova o ile a bua le Jobo a le sefefong
Jehova o ile a nna a tswela pele ho bua ka makgabane a popo. Re ka re Jehova o ile a hlalosetsa Jobo ka dithuto tseo hona jwale di bitswang natural sciences tse akarelletsang astronomy, biology, geology le physics. Jehova o ile a bua ka diphoofolo tse mmalwa tse neng di fumaneha moo ka nako eo tse jwalo ka tau, lekgwaba, podi ya thabeng, tonki e hlaha, poho e hlaha, mpshe, pere, phakwe, ntsu, Behemoth (eo ho ka etsahalang hore e be ke kubu) le Leviathan (eo ho ka etsahalang hore e be ke kwena). A ko inahanele o fumane monyetla wa ho rutwa ke titjhere e hlwahlwa ka ho fetisisa lefatsheng e leng Jehova, e o ruta mabapi le dintho tsa tlhahob
Jobo o Rutwa Boikokobetso le Lerato
Ntlha e ka sehloohong e ne e le efe? Jobo o ne a hloka ho ba le boikokobetso. Ha Jobo a ne a tletleba ka hore Jehova ha a sebedise toka mme ka ho etsa jwalo o ne a beha setswalle sa hae le Jehova kotsing. Jehova o ile a botsa Jobo ka makgetlokgetlo hore na o ne a le hokae ha a ne a bopa dintho tsohle tse lefatsheng le hore Jobo o ne a ka di fepa, ho di laola kapa ho di thapisa. Haeba Jobo a ke ke a laola dintho tseo Jehova a di bopileng, jwale o se nka kae sebete sa hore a bolelle Jehova hore na a etseng? Jehova o tseba ho re feta, wa tseba hore na re hlokang le hore na re lokela ho etsa dintho jwang!
Jobo ha a ka a ngangisana le Jehova kapa ho ipehela mabaka
Dintho tsohle tseo Jehova a ileng a di bua ho Jobo di ile tsa bontsha hore wa mo rata. E ne e ka Jehova o re ho Jobo: ‘Mora wa ka haeba ke kgona ho bopa dintho tsohle tse lefatsheng nka hlolwa ke eng ho o hlokomela? Na nka o furalla, ka o amoha dintho tsohle, bana ba hao, tshireletseho, ka ba ka etsa hore o kule ? Na ha se nna feela ya ka etsang hore o fole bolwetseng ba hao le ho o fa dintho tsohle tse ho lahlehetsweng?’
Dipotsong tsohle tseo Jehova a ileng a di botsa Jobo, o ile a arabile tse pedi feela. Ha a ka a ipuella kapa ho ngangisana le Modimo. Ka boikokobetso Jobo o ile a hlokomela hore o ne a sa tsebe letho mme o ile bakela seo a se buileng. (Jobo 40:4, 5; 42:1-6) Ka nnete re hlokomela mohlala o motle wa tumelo ya Jobo. Ka mora ho mamella maemo a thata o ile a nna a tswela pele ho beha tumelo ho Modimo. O ile a mamela kgalemelo ya Jehova mme a e sebedisa. Re ka ipotsa potso e latelang: ‘Na ha ke fuwa keletso ka boikokobetso, ke a e amohela?’ Kaofela ha rona re hloka ho thuswa. Ha re amohela kgalemelo re etsisa tumelo ya Jobo.
“Ha Lea Bua Nnete ka Nna”
Jehova o ne a utlwisisa bohloko ba Jobo mme o ile a etsa ho hong ho mo thusa. Jehova o ile a bua le Elifaze ya neng a le moholo ho bona mme a re: “Bohale ba ka bo tuketse wena le metswalle ya hao e mmedi, ka ha ha lea bua nnete ka nna jwalo ka ha ho entse mohlanka wa ka Jobo.” (Jobo 42:7) A ko nahane ka mantswe ao. Na Jehova o ne a bolela hore sohle seo banna baa ba bararo ba se buileng se ne se fosahetse le hore seo Jobo a se buileng se nepahetse? Tjhe ha ho jwalo.c Le ha ho le jwalo, ho ne ho e na le phapang e kgolo pakeng tsa Jobo le baqosi ba hae. Jobo o ne a utlwile bohloko ka lebaka la dintho tse mo etsahalletseng ebile a nyahame ka lebaka la ho etselletswa. Re a utlwisisa hore na ke hobaneng ha Jobo a ne a bua a sa nahana. Le ha ho le jwalo, Elifaze le metswalle ya hae ba ne ba e so hlahelwe ke mathata a ileng a hlahela Jobo. Ba ile ba bua dipuo tse mpe hobane ba ne ba se na tumelo. Ha ba a ka ba hlasela monna enwa ya se nang molato feela empa ba ile ba bua Jehova hampe ba re o kgopo ebile o sehlooho!
Ho a utlwahala hore ebe Jehova o ile a re banna ba na ba nyehele mahlabelo a neng a le theko e boima. Banna ba na ba ne ba lokela ho nyehela dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng tse neng di le theko e boima, ka ha Molaong wa Moshe moprista o ne a lokela ho nyehela poho haeba motho a ne a entse sebe se neng se ama setjhaba. (Levitike 4:3) E ne e le phoofolo e neng e tura ka ho fetisisa eo motho a neng a ka nyehela ka yona Molaong wa Moshe. Ho feta moo Jehova ile a re o tla amohela nyehelo ya banna bana haeba feela Jobo a ka ba rapella.d (Jobo 42:8) E tlameha e be Jobo o ile a kgothala hakaakang ha bona Jehova a phethahatsa toka ya hae!
“Mohlanka wa ka Jobo o tla le rapella.”—Jobo 42:8
Jehova o ne a kgodisehile hore Jobo o tla fela a etse seo a mo kopileng sona ho bontsha hore o ne a tshwaretse batho bao. Jobo o ile a feela a mamela Ntate wa hae. (Jobo 42:9) Jobo o ile a bontsha ka diketso ho feta ka mantswe ho bontsha hore o feela a tshepa Jehova. Ka lebaka la hore Jobo o ne a mamela Jehova o ile a mo putsa haholo.
“Jehova o na le Lerato le Mofuthu Haholo”
Jehova o ne a na le ‘lerato le mofuthu haholo mme a le mohau’ ho Jobo. (Jakobo 5:11) O ile a etsa seo jwang? Jehova o ile a fodisa Jobo malwetseng a hae. O ka inahanela hore na Jobo o ile a ikutlwa jwang ha a hlokomela hore letlalo la hae le ‘ntjhafetse ho feta botjheng’ jwalo ka ha Elihu a ne a boletse! Qetellong lelapa la hae le metswalle e ile ya mo fa tshehetso eo a neng a e hloka kutlwelo bohloko le dimpho. Jehova o ile a fa Jobo maruo a mangata ho feta a pele. Jehova o ile a kgothatsa Jobo jwang ka ho shwelwa ke bana ba hae? Le hoja Jobo le mosadi wa hae ba ne ba ka hopola bana ba bona ba pele, Jehova o ile a ba tshedisa ka hore a ba hlohonolofatse hape ka bana ba bang ba leshome! Hape Jehova o ile a ekelletsa Jobo dilemo tsa hae tsa ho phela. Jobo o ile a phela dilemo tse ding tse 140 hoo a ileng a bona meloko e mene ya lelapa la hae. Bibele e re: “Qetellong Jobo a shwa, a tsofetse mme a kgotsofetse ke matsatsi.” (Jobo 42:10-17) Paradeiseng Jobo o tla boela a kopane le lelapa la hae le bana ba hae ba leshome bao Satane a ileng a ba bolaya.—Johanne 5:28, 29.
Ke hobaneng ha Jehova a ile a hlohonolofatsa Jobo hakaale? Ha Bibele e araba potso eo, e re: “Le utlwile ka mamello ya Jobo.” (Jakobo 5:11) Jobo o ile a kopana le mathata a boima ho feta ka moo re ka nahanang. Lentswe lena “ho mamella” le bontsha hore Jobo o ile a etsa ho fetang feela ho hlola diteko. O ile a mamella mme tumelo le lerato la hae ho Jehova di ne di ntse di le matla. Ho e na le ho dula a kwatile, o ile a ikemisetsa ho tshwarela batho ba ileng ba mo utlwisa bohloko. Ha a ka a lahla tshepo empa o ile a dula a sireletsa seo a dumelang hore ke sa bohlokwa e leng ho tshepahala ho Modimo.—Jobo 27:5.
Kaofela ha rona re hloka ho mamella. Re ka kgodiseha hore Satane o tla re leka jwalo ka ha a ile a leka Jobo. Haeba re mamella ka tumelo, re ikokobeditse, re tshwarela ba bang ebile re ikemiseditse ho sireletsa botshepehi ba rona le rona re ka ba le bokamoso bo molemo. (Baheberu 10:36) Haeba re tshepahala jwalo ka ha Jobo a ile tshepahala, re tla thabisa Ntate wa rona ya re ratang Jehova!
a Elifaze, Bildade le Tsofare ba ile ba bua mantswe a mangata ho Jobo hoo ba ileng ba tlatsa dikgaolo tse robong tsa Bibele, empa ha ho moo tlaleho e bontshang hore ba ile ba bitsa Jobo ka lebitso.
b Ha Jehova a ne a bua le Jobo o ne a sebedisa mokgabo puo kapa a bua ka tsela e tobileng. (Ka mohlala, sheba Jobo 41:1, 7, 8, 19-21.) Ebang Jehova o ne a bua le Jobo ka tsela e tobileng kapa a sebedisa mokgabo puo, morero e ne e le ho thusa Jobo hore a hlomphe Mmopi wa hae.
c Ha morao moapostola Pauluse o ile a qotsa a mang a mantswe a Elifaze ao e neng e le nnete. (Jobo 5:13; 1 Bakorinthe 3:19) Mantswe ao a ileng a a bua a ne a nepahetse empa o ile a a sebedisa hampe ho Jobo.
d Ha hona moo Bibele e bontshang hore Jobo o ile a etsetsa mosadi wa hae sehlabelo se tshwanang le seo.