Labohlano, la 10 October
Mohato wa pele wa ho fumana bohlale ke ho hlompha Jehova.—Diprov. 9:10.
Re lokela ho etsang haeba ka tshohanyetso setshwantsho sa pornography se ka hlaha disebedisweng tsa rona tsa elektronike? Hanghang feela re se tlose. Re ka nolofallwa ho etsa jwalo haeba re hopola hore ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke setswalle sa rona le Jehova. Ditshwantsho tse ding di ka etsa hore re be le takatso ya ho etsa boitshwaro bo bobe le hoja e se pornography. Ke hobaneng ha re lokela ho di qoba? Hobane ha re batle ho etsa letho le ka etsang hore re nahane ka ho etsa boitshwaro bo bobe. (Mat. 5:28, 29) Morabo rona David eo e leng moholo ya dulang naheng ya Thailand o re: “Ke ye ke ipotse hore na le hoja ditshwantsho tsena e se pornography, na Jehova a ka thaba ha a mpona ke dula ke di shebile. Ho ipotsa potso ena ho nthusa hore ke etse dintho hantle.” Ho tshaba ho etsa eng kapa eng e ka utlwisang Jehova bohloko ho tla re thusa hore re etse dintho ka bohlale. Ho hlompha Jehova ke “mohato wa pele” wa ho ba “bohlale.” w23.06 23 ¶12-13
Moqebelo, la 11 October
Eya, setjhaba sa ka, kena dikamoreng tsa hao tse ka hare.—Esa. 26:20.
E ka nna yaba ‘dikamore tse ka hare’ ke diphutheho tsa habo rona. Nakong ya mahlomola a maholo, haeba re dula re momahane le Bakrestemmoho le rona, re tla sireletseha feela jwalo ka ha Jehova a tshepisitse. Ka hoo, re lokela ho sebetsa ka thata hona jwale ho rata bana ba bo rona ho ena le ho ba mamella feela. Ntho eo e ka pholosa bophelo ba rona. “Letsatsi le leholo la Jehova” le tla tlisetsa batho mahlomola. (Sof. 1:14, 15) Batho ba Jehova le bona e ke ke ya eba mekgelo. Empa haeba re itokisa hona jwale, re tla kgona ho dula re kgobile matshwafo re be re thuse batho ba bang. Re tla kgona ho mamella mathata afe kapa afe ao re tla kopana le ona. Ha bana ba bo rona ba le maqakabetsing, re tla etsa sohle se matleng a rona ho bontsha hore re a ba qenehela ka ho ba thusa le ka ho ba fa dintho tseo ba di hlokang. Hape haeba re ithuta ho rata bana ba bo rona hona jwale, re tla kgona ho ba rata le ka moso. Ha re etsa dintho tsena, Jehova o tla re putsa ka ho re fa bophelo bo sa feleng lefatsheng leo ho lona mathata le mahlomola ohle a tla be a lebetswe.—Esa. 65:17. w23.07 7 ¶16-17
Sontaha, la 12 October
[Jehova] o tla le tiisa, a le thuse hore le dule le tshepahala a be a le matlafatse.—1 Pet. 5:10.
Hangata ha Lentswe la Modimo le bua ka banna ba neng ba rata Modimo, le re ba matla. Empa ha se ka dinako tsohle ba neng ba ikutlwa ba le matla. Mohlala, maemong a mang Morena Davida o ne a utlwa a le “matla jwalo ka thaba” empa ka dinako tse ding o ile a “tshoha haholo.” (Pes. 30:7) Le hoja Samsone a ne a ena le matla a sa tlwaelehang ka lebaka la moya wa Modimo, o ne a tseba hore o ‘tla fokola a be jwalo ka banna ba bang kaofela’ haeba a se na matla a tswang ho Modimo. (Baahl. 14:5, 6; 16:17) Banna bana ba ratang Modimo ba ne ba le matla hobane feela Jehova a ba file matla. Moapostola Pauluse o ile a elellwa hore le yena o hloka matla a tswang ho Jehova. (2 Bakor. 12:9, 10) O ne a kula. (Bagal. 4:13, 14) Ka dinako tse ding o ne a thatafallwa ke ho etsa dintho tse nepahetseng. (Bar. 7:18, 19) Hape ka dinako tse ding o ne a ikutlwa a tshwenyehile a bile a sa tsebe hore na ho tla etsahalang ka yena. (2 Bakor. 1:8, 9) Le ha ho le jwalo, o ile a ba matla a ntse a fokola jwalo. O kgonne jwang? Jehova o ile a fa Pauluse matla ao a neng a a hloka e le hore a mamelle mathata a hae. w23.10 12 ¶1-2