Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ntjha: Shan
  • Kajeno

Moqebelo, la 11 October

Eya, setjhaba sa ka, kena dikamoreng tsa hao tse ka hare.—Esa. 26:20.

E ka nna yaba ‘dikamore tse ka hare’ ke diphutheho tsa habo rona. Nakong ya mahlomola a maholo, haeba re dula re momahane le Bakrestemmoho le rona, re tla sireletseha feela jwalo ka ha Jehova a tshepisitse. Ka hoo, re lokela ho sebetsa ka thata hona jwale ho rata bana ba bo rona ho ena le ho ba mamella feela. Ntho eo e ka pholosa bophelo ba rona. “Letsatsi le leholo la Jehova” le tla tlisetsa batho mahlomola. (Sof. 1:​14, 15) Batho ba Jehova le bona e ke ke ya eba mekgelo. Empa haeba re itokisa hona jwale, re tla kgona ho dula re kgobile matshwafo re be re thuse batho ba bang. Re tla kgona ho mamella mathata afe kapa afe ao re tla kopana le ona. Ha bana ba bo rona ba le maqakabetsing, re tla etsa sohle se matleng a rona ho bontsha hore re a ba qenehela ka ho ba thusa le ka ho ba fa dintho tseo ba di hlokang. Hape haeba re ithuta ho rata bana ba bo rona hona jwale, re tla kgona ho ba rata le ka moso. Ha re etsa dintho tsena, Jehova o tla re putsa ka ho re fa bophelo bo sa feleng lefatsheng leo ho lona mathata le mahlomola ohle a tla be a lebetswe.—Esa. 65:17. w23.07 7 ¶16-17

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Sontaha, la 12 October

[Jehova] o tla le tiisa, a le thuse hore le dule le tshepahala a be a le matlafatse.—1 Pet. 5:10.

Hangata ha Lentswe la Modimo le bua ka banna ba neng ba rata Modimo, le re ba matla. Empa ha se ka dinako tsohle ba neng ba ikutlwa ba le matla. Mohlala, maemong a mang Morena Davida o ne a utlwa a le “matla jwalo ka thaba” empa ka dinako tse ding o ile a “tshoha haholo.” (Pes. 30:7) Le hoja Samsone a ne a ena le matla a sa tlwaelehang ka lebaka la moya wa Modimo, o ne a tseba hore o ‘tla fokola a be jwalo ka banna ba bang kaofela’ haeba a se na matla a tswang ho Modimo. (Baahl. 14:​5, 6; 16:17) Banna bana ba ratang Modimo ba ne ba le matla hobane feela Jehova a ba file matla. Moapostola Pauluse o ile a elellwa hore le yena o hloka matla a tswang ho Jehova. (2 Bakor. 12:​9, 10) O ne a kula. (Bagal. 4:​13, 14) Ka dinako tse ding o ne a thatafallwa ke ho etsa dintho tse nepahetseng. (Bar. 7:​18, 19) Hape ka dinako tse ding o ne a ikutlwa a tshwenyehile a bile a sa tsebe hore na ho tla etsahalang ka yena. (2 Bakor. 1:​8, 9) Le ha ho le jwalo, o ile a ba matla a ntse a fokola jwalo. O kgonne jwang? Jehova o ile a fa Pauluse matla ao a neng a a hloka e le hore a mamelle mathata a hae. w23.10 12 ¶1-2

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Mantaha, la 13 October

Jehova o bona se ka pelong.—1 Sam. 16:7.

Haeba ka dinako tse ding re utlwa eka ha re na thuso, re lokela ho hopola hore Jehova o re huletse ho yena. (Joh. 6:44) O bona makgabane a rona ao rona re ka nnang ra se ke ra a bona hape o tseba dipelo tsa rona. (2 Dikron. 6:30) Ka hoo, re ka mo tshepa ha a re re ba bohlokwa. (1 Joh. 3:​19, 20) Ba bang ba rona pele re ithuta Bibele re entse dintho tse ka nnang tsa etsa hore re ikutlwe re le molato le hona jwale. (1 Pet. 4:3) Esita le Bakreste ba tshepahalang ba lwantshana le mefokolo e itseng. Na ka dinako tse ding o utlwa eka Jehova a ke ke a o tshwarela? Haeba ho jwalo, o ka tshediswa ke ho tseba hore bahlanka ba bang ba Jehova ba tshepahalang ba ile ba eba le maikutlo a tshwanang. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a utlwa bohloko ha a nahana ka mefokolo ya hae. (Bar. 7:24) Pauluse o ne a baketse dibe tsa hae a bile a kolobeditswe. Ho ntse ho le jwalo, o ile a re ha se “wa bohlokwa ka ho fetisisa hara baapostola” le hore ke moetsadibe “ya ka pelepele.—1 Bakor. 15:9; 1 Tim. 1:15. w24.03 27 ¶5-6

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela