Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ntjha: Shan
  • Kajeno

Moqebelo, la 18 October

Le nne le kope, le tla fuwa. Le nne le batle, le tla fumana. Hape le nne le kokote, le tla bulelwa.—Luka 11:9.

Na o hloka ho ba le mamello? Haeba ho jwalo, rapela Jehova hore a o thuse. Mamello ke e nngwe ya ditholwana tse behwang ke moya o halalelang. (Bagal. 5:​22, 23) Ka hoo, re ka kopa Jehova hore a re fe moya o halalelang le ho re thusa ho ba le ditholwana tse behwang ke wona. Haeba re le boemong boo ho bona ho leng thata ho ba le mamello, ‘re nne re kope’ hore a re fe moya o halalelang e le hore o re thuse ho ba le yona. (Luka 11:13) Re ka boela ra kopa Jehova hore a re thuse ho sheba ditaba ka tsela eo a di shebang ka yona. Ka mora hore re rapele, re lokela ho leka ho ba le mamello letsatsi le leng le le leng. Haeba re dula re kopa Jehova hore a re thuse ho ba le mamello ebile re etsa boiteko ba ho ba le yona, o tla re thusa ho ba le mamello le haeba ka tlhaho re se batho ba nang le yona. Re ka boela ra thuswa ke ho nahanisisa ka mehlala e hlahang ka Bibeleng. Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata ya batho ba neng ba ena le mamello. Ho nahanisisa ka mehlala ya bona ho ka re thusa ho bona hore na re ka etsang ho bontsha hore re na le mamello. w23.08 22 ¶10-11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Sontaha, la 19 October

Theolela matlowa tlase hore le tshwase ditlhapi.—Luka 5:4.

Jesu o ile a kgodisa moapostola Petrose hore Jehova o tla mo hlokomela. Ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, o ile a etsetsa Petrose le baapostola ba hae mohlolo o mong hape wa ho tshwasa ditlhapi. (Joh. 21:​4-6) Mohlolo oo o ile wa kgodisa Petrose hore Jehova a ka kgona ho mo hlokomela. Mohlomong moapostola eo o ile a hopola mantswe a Jesu ha a ne a re Jehova o tla hlokomela ba etsang hore “Mmuso wa Modimo” e be ntho e tlang pele bophelong ba bona. (Mat. 6:33) Ka lebaka leo, Petrose o ile a etsa hore mosebetsi wa boboledi e be wona o tlang pele, eseng kgwebo ya hae ya ho tshwasa ditlhapi. O ile a bolela ditaba tse monate ka sebete ka letsatsi la Pentekonta ka selemo sa 33 mme a thusa batho ba bangata hore e be barutuwa. (Dik. 2:​14, 37-41) Ka mora moo, o ile a thusa le Basamaria le Baditjhaba hore e be balatedi ba Kreste. (Dik. 8:​14-17; 10:​44-48) Ka nnete Jehova o ile a sebedisa Petrose haholo ho thusa batho ba mefuta yohle hore ba tle ka phuthehong. w23.09 20 ¶1; 23 ¶11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Mantaha, la 20 October

Haeba le sa mpolelle toro eo ke e lorileng le tlhaloso ya yona, le tla kgaolwa dikoto.—Dan. 2:5.

Dilemo tse pedi ka mora hore Bababilona ba fedise Jerusalema, Morena Nebukadnezare wa Babilona o ne a lorile toro e tshosang ya setshwantsho se seholohadi. O ile a re o tla bolaya banna bohle ba bohlale ho akareletsa le Daniele haeba ba sa mo bolelle hore na o lorile eng hape ba sa hlalose toro ya hae. (Dan. 2:​3-5) Daniele o ne a lokela ho bona hore na o etsang ho seng jwalo batho ba ne ba tlo bolawa. O ile “a ya ho morena, a mo kopa hore a mo fe nako ya hore a tlo mo hlalosetsa toro eo.” (Dan. 2:16) Daniele o ile a bontsha hore o sebete ebile o na le tumelo hobane ha ho na tlaleho e bontshang hore Daniele o kile a hlalosa ditoro. O ile a kopa metswalle ya hae hore “ba rapele Modimo wa lehodimo, ba mo kope hore a ba hauhele mme a ba senolele sephiri sena.” (Dan. 2:18) Jehova o ile a araba dithapelo tsa bona. Modimo o ile a thusa Daniele hore a hlalose toro ya Nebukadnezare. Daniele le metswalle ya hae ha ba a ka ba bolawa. w23.08 3 ¶4

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela