Labohlano, la 17 October
Tswelang pele le phela jwalo ka bana ba lesedi.—Baef. 5:8.
Re hloka moya o halalelang wa Modimo e le hore re tswele pele re phela “jwalo ka bana ba lesedi.” Hobaneng? Hobane ha ho bonolo ho dula re hlwekile lefatsheng lena le tletseng boitshwaro bo bobe. (1 Bathes. 4:3-5, 7, 8) Moya o halalelang o ka re thusa hore re se ke ra nahana jwalo ka batho ba lefatshe lena, ba sa shebeng dintho ka tsela eo Jehova a di shebang ka yona. O boetse o ka re thusa hore re hlahise “mefuta yohle ya dintho tse molemo le tse lokileng.” (Baef. 5:9) Tsela e nngwe ya ho fumana moya o halalelang ke ka hore re o rapelle. Jesu o ile a re Jehova “o tla fana ka moya o halalelang ho ba mo kopang.” (Luka 11:13) Re boetse re fumana moya o halalelang ha re rorisa Jehova ha mmoho dibokeng tsa Bokreste. (Baef. 5:19, 20) Moya o halalelang wa Modimo o re susumeletsa hore re phele ka tsela e thabisang Modimo. w24.03 23-24 ¶13-15
Moqebelo, la 18 October
Le nne le kope, le tla fuwa. Le nne le batle, le tla fumana. Hape le nne le kokote, le tla bulelwa.—Luka 11:9.
Na o hloka ho ba le mamello? Haeba ho jwalo, rapela Jehova hore a o thuse. Mamello ke e nngwe ya ditholwana tse behwang ke moya o halalelang. (Bagal. 5:22, 23) Ka hoo, re ka kopa Jehova hore a re fe moya o halalelang le ho re thusa ho ba le ditholwana tse behwang ke wona. Haeba re le boemong boo ho bona ho leng thata ho ba le mamello, ‘re nne re kope’ hore a re fe moya o halalelang e le hore o re thuse ho ba le yona. (Luka 11:13) Re ka boela ra kopa Jehova hore a re thuse ho sheba ditaba ka tsela eo a di shebang ka yona. Ka mora hore re rapele, re lokela ho leka ho ba le mamello letsatsi le leng le le leng. Haeba re dula re kopa Jehova hore a re thuse ho ba le mamello ebile re etsa boiteko ba ho ba le yona, o tla re thusa ho ba le mamello le haeba ka tlhaho re se batho ba nang le yona. Re ka boela ra thuswa ke ho nahanisisa ka mehlala e hlahang ka Bibeleng. Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata ya batho ba neng ba ena le mamello. Ho nahanisisa ka mehlala ya bona ho ka re thusa ho bona hore na re ka etsang ho bontsha hore re na le mamello. w23.08 22 ¶10-11
Sontaha, la 19 October
Theolela matlowa tlase hore le tshwase ditlhapi.—Luka 5:4.
Jesu o ile a kgodisa moapostola Petrose hore Jehova o tla mo hlokomela. Ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, o ile a etsetsa Petrose le baapostola ba hae mohlolo o mong hape wa ho tshwasa ditlhapi. (Joh. 21:4-6) Mohlolo oo o ile wa kgodisa Petrose hore Jehova a ka kgona ho mo hlokomela. Mohlomong moapostola eo o ile a hopola mantswe a Jesu ha a ne a re Jehova o tla hlokomela ba etsang hore “Mmuso wa Modimo” e be ntho e tlang pele bophelong ba bona. (Mat. 6:33) Ka lebaka leo, Petrose o ile a etsa hore mosebetsi wa boboledi e be wona o tlang pele, eseng kgwebo ya hae ya ho tshwasa ditlhapi. O ile a bolela ditaba tse monate ka sebete ka letsatsi la Pentekonta ka selemo sa 33 mme a thusa batho ba bangata hore e be barutuwa. (Dik. 2:14, 37-41) Ka mora moo, o ile a thusa le Basamaria le Baditjhaba hore e be balatedi ba Kreste. (Dik. 8:14-17; 10:44-48) Ka nnete Jehova o ile a sebedisa Petrose haholo ho thusa batho ba mefuta yohle hore ba tle ka phuthehong. w23.09 20 ¶1; 23 ¶11