Laboraro, la 1 October
Motho ya nang le bohlale bo tswang lehodimong . . . o itokiseditse ho mamela.—Jak. 3:17.
Na o kile wa thatafallwa ke ho mamela? Morena Davida le yena o kile a utlwa ho le thata ho mamela yaba o rapela Modimo o re: “Etsa hore ke batle ho o mamela.” (Pes. 51:12) Davida o ne a rata Jehova. Ho ntse ho le jwalo, ka dinako tse ding o ne a thatafallwa ke ho mamela. Ho jwalo le ka rona. Hobaneng? Lebaka la pele ke hore re na le tlwaelo eo re e futsitseng ya ho se mamele. Lebaka la bobedi ke hore Satane o dula a re susumeletsa hore re be marabele jwalo ka yena. (2 Bakor. 11:3) Lebaka la boraro ke hore re potapotilwe ke batho ba nang le moya wa borabele, e leng “moya o hlohlelletsang batho hore ba se ke ba mamela Modimo.” (Baef. 2:2) Re lokela ho sebetsa ka thata ho lwantsha sebe sena seo re se futsitseng le hore re se ke ra dumella Diabolose le batho ba lefatshe la hae hore ba re susumeletse hore re se ke ra mamela. Re lokela ho etsa boiteko ba ho mamela Jehova le batho bao a ba fileng matla a bolaodi. w23.10 6 ¶1
Labone, la 2 October
Wena esale o boloka veine ya boleng bo phahameng ho fihlela hona jwale.—Joh. 2:10.
Re ka ithutang mohlolong wa ho fetola metsi veine? Re lokela ho ikokobetsa. Jesu ha a ka a ikotla sefuba ka mohlolo oo ebile ha ho mohla a kileng a ikotla sefuba ka ntho le ha e le efe eo a kileng a e etsa. Ho ena le hoo, ka boikokobetso o ne a dula a rorisa Ntate wa hae bakeng sa dintho tsohle. (Joh. 5:19, 30; 8:28) Haeba re ikokobeditse jwalo ka Jesu re ke ke ra ikgantsha ka dintho tseo re di finyeletseng. A re se keng ra ithorisa empa ho ena le hoo re rorise Jehova ka dintho tsohle tseo re kgonang ho mo etsetsa tsona. (Jer. 9:23, 24) Re lokela ho rorisa Modimo hobane ke yena feela ya lokelang ho roriswa. Etswe ha ho na letho leo re ka kgonang ho le finyella haeba Jehova a sa re thuse. (1 Bakor. 1:26-31) Haeba re ikokobeditse re ke ke ra batla hore batho ba tsebe dintho tse ntle tseo re di etseditseng batho ba bang. Re kgotsofalla hore ebe Jehova o a bona ebile o ananela dintho tseo re di etsetsang batho ba bang. (Bapisa le Matheu 6:2-4; Baheb. 13:16) Jehova o a thaba ha re ikokobeditse jwalo ka Jesu.—1 Pet. 5:6. w23.04 4 ¶9; 5 ¶11-12
Labohlano, la 3 October
Le se ke la ameha feela ka dintho tse le tswelang molemo empa le amehe le ka dintho tse tla tswela batho ba bang molemo.—Bafil. 2:4.
Moapostola Pauluse o ile a kgothaletsa Bakreste hore ba amehe ka dintho tse tswelang batho ba bang molemo. Re ka sebedisa keletso ee jwang ha re le dibokeng? Ka hore re hopole hore bana ba bang ba bo rona le bona ba batla ho arabela dibokeng. Nahana ka sena, ha o qoqa le metswalle ya hao na o batla hore e dule e le wena feela ya buang? Ha ho jwalo. O batla hore le bona ba qoqe. Ka tsela e tshwanang, ha re le dibokeng re batla ho fa ba bang menyetla ya ho arabela. Ha e le hantle, tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho kgothatsa Bakrestemmoho ke ka ho ba fa monyetla wa ho bua ka tumelo ya bona. (1 Bakor. 10:24) Fana ka dikarabo tse kgutshwanyane e le hore le ba bang ba ka arabela. Le ha o fana ka karabo e kgutshwanyane qoba ho bua dintlha tse ngata. Haeba o akareletsa dintlha tsohle tse hlahang serapeng, ba bang ba ke ke ba eba le monyetla wa ho arabela. w23.04 22-23 ¶11-13