Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ntjha: Shan
  • Kajeno

Labone, la 2 October

Wena esale o boloka veine ya boleng bo phahameng ho fihlela hona jwale.—Joh. 2:10.

Re ka ithutang mohlolong wa ho fetola metsi veine? Re lokela ho ikokobetsa. Jesu ha a ka a ikotla sefuba ka mohlolo oo ebile ha ho mohla a kileng a ikotla sefuba ka ntho le ha e le efe eo a kileng a e etsa. Ho ena le hoo, ka boikokobetso o ne a dula a rorisa Ntate wa hae bakeng sa dintho tsohle. (Joh. 5:​19, 30; 8:28) Haeba re ikokobeditse jwalo ka Jesu re ke ke ra ikgantsha ka dintho tseo re di finyeletseng. A re se keng ra ithorisa empa ho ena le hoo re rorise Jehova ka dintho tsohle tseo re kgonang ho mo etsetsa tsona. (Jer. 9:​23, 24) Re lokela ho rorisa Modimo hobane ke yena feela ya lokelang ho roriswa. Etswe ha ho na letho leo re ka kgonang ho le finyella haeba Jehova a sa re thuse. (1 Bakor. 1:​26-31) Haeba re ikokobeditse re ke ke ra batla hore batho ba tsebe dintho tse ntle tseo re di etseditseng batho ba bang. Re kgotsofalla hore ebe Jehova o a bona ebile o ananela dintho tseo re di etsetsang batho ba bang. (Bapisa le Matheu 6:​2-4; Baheb. 13:16) Jehova o a thaba ha re ikokobeditse jwalo ka Jesu.—1 Pet. 5:6. w23.04 4 ¶9; 5 ¶11-12

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Labohlano, la 3 October

Le se ke la ameha feela ka dintho tse le tswelang molemo empa le amehe le ka dintho tse tla tswela batho ba bang molemo.—Bafil. 2:4.

Moapostola Pauluse o ile a kgothaletsa Bakreste hore ba amehe ka dintho tse tswelang batho ba bang molemo. Re ka sebedisa keletso ee jwang ha re le dibokeng? Ka hore re hopole hore bana ba bang ba bo rona le bona ba batla ho arabela dibokeng. Nahana ka sena, ha o qoqa le metswalle ya hao na o batla hore e dule e le wena feela ya buang? Ha ho jwalo. O batla hore le bona ba qoqe. Ka tsela e tshwanang, ha re le dibokeng re batla ho fa ba bang menyetla ya ho arabela. Ha e le hantle, tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho kgothatsa Bakrestemmoho ke ka ho ba fa monyetla wa ho bua ka tumelo ya bona. (1 Bakor. 10:24) Fana ka dikarabo tse kgutshwanyane e le hore le ba bang ba ka arabela. Le ha o fana ka karabo e kgutshwanyane qoba ho bua dintlha tse ngata. Haeba o akareletsa dintlha tsohle tse hlahang serapeng, ba bang ba ke ke ba eba le monyetla wa ho arabela. w23.04 22-23 ¶11-13

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Moqebelo, la 4 October

Ke etsa dintho tsohle ka lebaka la ditaba tse monate e le hore nka di arolelana le ba bang.—1 Bakor. 9:23.

Re lokela ho hopola hore ke ha bohlokwa hore re thuse batho ba bang, haholoholo ka ho etsa mosebetsi wa boboledi. Re lokela ho fetoha le maemo ha re etsa mosebetsi wa boboledi. Batho bao re ba bolellang molaetsa wa Bibele ba dumela dintho tse sa tshwaneng ebile ba tswa ditsong tse fapaneng. Moapostola Pauluse o ne a fetoha le maemo mme re ka ithuta mohlaleng wa hae. Jesu o ile a kgetha Pauluse hore e be “moapostola ya ronngweng” ditjhabeng. (Bar. 11:13) Pauluse o ile a bolela ditaba tse monate ho Bajuda, Bagerike, batho ba rutehileng, ba sa rutehang, ba hlaheletseng le ho marena. Pauluse e “bile dintho tsohle ho batho ba mefuta yohle” e le hore a kgone ho bolella batho ba sa tshwaneng ditaba tsena. (1 Bakor. 9:​19-22) O ne a nahana ka setso sa batho bao a buang le bona, tsela eo ba hodisitsweng ka yona le dintho tseo ba di dumelang mme a fetola tsela eo a buang le bona ka yona. Le rona re ka atleha mosebetsing wa boboledi haeba re fetoha le maemo mme re ntlafatsa tsela eo re buisanang le batho ka yona e le hore re ka ba thusa. w23.07 23 ¶11-12

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela