Mantaha, la 20 October
Haeba le sa mpolelle toro eo ke e lorileng le tlhaloso ya yona, le tla kgaolwa dikoto.—Dan. 2:5.
Dilemo tse pedi ka mora hore Bababilona ba fedise Jerusalema, Morena Nebukadnezare wa Babilona o ne a lorile toro e tshosang ya setshwantsho se seholohadi. O ile a re o tla bolaya banna bohle ba bohlale ho akareletsa le Daniele haeba ba sa mo bolelle hore na o lorile eng hape ba sa hlalose toro ya hae. (Dan. 2:3-5) Daniele o ne a lokela ho bona hore na o etsang ho seng jwalo batho ba ne ba tlo bolawa. O ile “a ya ho morena, a mo kopa hore a mo fe nako ya hore a tlo mo hlalosetsa toro eo.” (Dan. 2:16) Daniele o ile a bontsha hore o sebete ebile o na le tumelo hobane ha ho na tlaleho e bontshang hore Daniele o kile a hlalosa ditoro. O ile a kopa metswalle ya hae hore “ba rapele Modimo wa lehodimo, ba mo kope hore a ba hauhele mme a ba senolele sephiri sena.” (Dan. 2:18) Jehova o ile a araba dithapelo tsa bona. Modimo o ile a thusa Daniele hore a hlalose toro ya Nebukadnezare. Daniele le metswalle ya hae ha ba a ka ba bolawa. w23.08 3 ¶4
Labobedi, la 21 October
Ya mameletseng ho fihlela qetellong ke yena ya tla pholoha.—Mat. 24:13.
Nahana ka melemo e tliswang ke ho mamella. Ha re ena le mamello, re tla ba le kgotso le kgutso. Ka lebaka leo, ho ba le mamello ho ka re thusa hore re dule re phetse hantle mmeleng le kelellong. Ha re mamella batho ba bang, re kgona ho sebedisana hantle le bona. Phutheho ya habo rona e tla momahana le ho feta. Haeba re dieha ho halefa ha motho e mong a entse ntho e re tenang, re tla qoba ho mpefatsa boemo. (Pes. 37:8, nal.; Diprov. 14:29) Ka hodimo ho tsohle, re tla be re etsisa Ntate wa rona ya lehodimong ebile setswalle sa rona le yena se tla tiya le ho feta. Ho ba le mamello ke ntho e ntle ebile ho tla re tswela molemo. Ha se ka mehla ho leng bonolo hore re be le mamello empa Jehova o tla re thusa hore re dule re ena le yona. Ha re ntse re emetse hore lefatshe le letjha le fihle, re ka kgodiseha hore “leihlo la Jehova le shebile ba mo tshabang, ba emetseng hore a ba bontshe hore o a ba rata.” (Pes. 33:18) E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho dula re ena le mamello. w23.08 22 ¶7; 25 ¶16-17
Laboraro, la 22 October
Tumelo, ha e sa bontshwe ka diketso e shwele.—Jak. 2:17.
Jakobo o ile a bontsha hore motho a ka nna a re o na le tumelo empa diketso tsa hae di hanana le seo. (Jak. 2:1-5, 9) Jakobo o boetse o bua ka motho ya bonang ngwana wabo ‘a se na diaparo kapa dijo tse lekaneng’ empa jwale a sa mo thuse. Le haeba motho eo a ne a ka re o na le tumelo, e ne e tla be e se na thuso hobane e se na mesebetsi. (Jak. 2:14-16) Jakobo o ile a re Rahaba ke mohlala wa motho ya ileng a bontsha ka diketso tsa hae hore o na le tumelo. (Jak. 2:25, 26) Rahaba o ne a ile a utlwela ka Jehova a ba a hlokomela hore o ne a thusa Baiseraele. (Josh. 2:9-11) O ile a bontsha tumelo ya hae ka diketso ka hore a sireletse dihlwela tse pedi tsa Baiseraele ha di ne di le kotsing ya ho bolawa. Ka lebaka leo, jwalo ka Abrahama, mosadi enwa ya neng a sa phethahala ebile e se Moiseraele o ile a nkwa a lokile. Mohlala wa Rahaba o re ruta bohlokwa ba hore tumelo ya rona e bontshwe ka diketso. w23.12 5-6 ¶12-13