Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ntjha: Shan
  • Kajeno

Moqebelo, la 4 October

Ke etsa dintho tsohle ka lebaka la ditaba tse monate e le hore nka di arolelana le ba bang.—1 Bakor. 9:23.

Re lokela ho hopola hore ke ha bohlokwa hore re thuse batho ba bang, haholoholo ka ho etsa mosebetsi wa boboledi. Re lokela ho fetoha le maemo ha re etsa mosebetsi wa boboledi. Batho bao re ba bolellang molaetsa wa Bibele ba dumela dintho tse sa tshwaneng ebile ba tswa ditsong tse fapaneng. Moapostola Pauluse o ne a fetoha le maemo mme re ka ithuta mohlaleng wa hae. Jesu o ile a kgetha Pauluse hore e be “moapostola ya ronngweng” ditjhabeng. (Bar. 11:13) Pauluse o ile a bolela ditaba tse monate ho Bajuda, Bagerike, batho ba rutehileng, ba sa rutehang, ba hlaheletseng le ho marena. Pauluse e “bile dintho tsohle ho batho ba mefuta yohle” e le hore a kgone ho bolella batho ba sa tshwaneng ditaba tsena. (1 Bakor. 9:​19-22) O ne a nahana ka setso sa batho bao a buang le bona, tsela eo ba hodisitsweng ka yona le dintho tseo ba di dumelang mme a fetola tsela eo a buang le bona ka yona. Le rona re ka atleha mosebetsing wa boboledi haeba re fetoha le maemo mme re ntlafatsa tsela eo re buisanang le batho ka yona e le hore re ka ba thusa. w23.07 23 ¶11-12

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Sontaha, la 5 October

Mohlanka wa Morena ha a lokela ho lwana empa o lokela ho ba bonolo ho bohle.—2 Tim. 2:24.

Motho ya bonolo ha a fokole. Ha e le hantle o lokela ho kgoba matshwafo ha ho hlaha boemo bo thata. Bonolo ke e nngwe ya “ditholwana tse behwang ke moya o halalelang.” (Bagal. 5:​22, 23) Ka dinako tse ding lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “bonolo,” le ne le sebediswa ha ho buuwa ka pere e hlaha e seng e thapisitswe. Le hoja pere eo e thapisitswe, e ntse e le matla. Rona re ka ba batho ba bonolo le ba matla jwang? Re hloka thuso e le hore re be batho ba jwalo. Re lokela ho kopa Modimo hore a re fe moya wa hae o halalelang mme a re thuse hore re be bonolo. Ho na le batho ba bangata ba ithutileng ho ba bonolo. Dipaki Tsa Jehova tse ngata di bua ka bonolo ha batho ba di hanyetsa mme seo se thusitse batho ba bang hore ba fetole maikutlo a bona ka Dipaki.—2 Tim. 2:​24, 25. w23.09 15 ¶3

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Mantaha, la 6 October

Ke ne ke rapela . . . mme [Jehova] o ile a mpha seo ke ileng ka mo kopa sona.—1 Sam. 1:27.

Moapostola Johanne o ile a bona pono e hlollang moo baholo ba 24 ba lehodimong ba neng ba rapela Jehova. Ba ne ba rorisa Modimo mme ba re o “tshwanelwa ke ho roriswa le ho hlomphuwa.” (Tshen. 4:​10, 11) Mangeloi a tshepahalang le ona a na le mabaka a mangata a ho rorisa le ho hlompha Jehova. A dula le yena lehodimong mme a mo tseba hantle. A bona makgabane a hae dinthong tseo a di etsang. Ha a bona dintho tseo Jehova a di etsang, a susumeletseha ho mo rorisa. (Jobo 38:​4-7) Le rona ka ho tshwanang re lokela ho rorisa Jehova ha re rapela, re mo bolelle hore na ke hobaneng ha re mo rata ebile re mo ananela. Ha o ntse o bala Bibele le ho ithuta yona, leka ho bona hore na ke makgabane afe a Jehova ao o a ratang ka ho kgetheha. (Jobo 37:23; Bar. 11:33) Ka mora moo, bolella Jehova hore na o ikutlwa jwang ka makgabane ao. Re ka boetse ra rorisa Jehova hobane o a re thusa ebile o thusa Bakrestemmoho le rona kaofela.—1 Sam. 2:​1, 2. w23.05 3-4 ¶6-7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela