Sontaha, la 5 October
Mohlanka wa Morena ha a lokela ho lwana empa o lokela ho ba bonolo ho bohle.—2 Tim. 2:24.
Motho ya bonolo ha a fokole. Ha e le hantle o lokela ho kgoba matshwafo ha ho hlaha boemo bo thata. Bonolo ke e nngwe ya “ditholwana tse behwang ke moya o halalelang.” (Bagal. 5:22, 23) Ka dinako tse ding lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “bonolo,” le ne le sebediswa ha ho buuwa ka pere e hlaha e seng e thapisitswe. Le hoja pere eo e thapisitswe, e ntse e le matla. Rona re ka ba batho ba bonolo le ba matla jwang? Re hloka thuso e le hore re be batho ba jwalo. Re lokela ho kopa Modimo hore a re fe moya wa hae o halalelang mme a re thuse hore re be bonolo. Ho na le batho ba bangata ba ithutileng ho ba bonolo. Dipaki Tsa Jehova tse ngata di bua ka bonolo ha batho ba di hanyetsa mme seo se thusitse batho ba bang hore ba fetole maikutlo a bona ka Dipaki.—2 Tim. 2:24, 25. w23.09 15 ¶3
Mantaha, la 6 October
Ke ne ke rapela . . . mme [Jehova] o ile a mpha seo ke ileng ka mo kopa sona.—1 Sam. 1:27.
Moapostola Johanne o ile a bona pono e hlollang moo baholo ba 24 ba lehodimong ba neng ba rapela Jehova. Ba ne ba rorisa Modimo mme ba re o “tshwanelwa ke ho roriswa le ho hlomphuwa.” (Tshen. 4:10, 11) Mangeloi a tshepahalang le ona a na le mabaka a mangata a ho rorisa le ho hlompha Jehova. A dula le yena lehodimong mme a mo tseba hantle. A bona makgabane a hae dinthong tseo a di etsang. Ha a bona dintho tseo Jehova a di etsang, a susumeletseha ho mo rorisa. (Jobo 38:4-7) Le rona ka ho tshwanang re lokela ho rorisa Jehova ha re rapela, re mo bolelle hore na ke hobaneng ha re mo rata ebile re mo ananela. Ha o ntse o bala Bibele le ho ithuta yona, leka ho bona hore na ke makgabane afe a Jehova ao o a ratang ka ho kgetheha. (Jobo 37:23; Bar. 11:33) Ka mora moo, bolella Jehova hore na o ikutlwa jwang ka makgabane ao. Re ka boetse ra rorisa Jehova hobane o a re thusa ebile o thusa Bakrestemmoho le rona kaofela.—1 Sam. 2:1, 2. w23.05 3-4 ¶6-7
Labobedi, la 7 October
Tsela eo le phelang ka yona e lokela ho thabisa Jehova.—Bakol. 1:10.
Ka 1919, Babilona e Moholo e ne e se e sa kgone ho laola batho ba Modimo. Selemong sona seo, “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale” o ile a qala ho sebeletsa hore batho ba dipelo di ntle ba qale ho tsamaya ‘Tseleng ya Kgalalelo.’ (Mat. 24:45-47; Esa. 35:8) Batho ba ileng ba etsa mosebetsi ona dilemo tse ngata tse fetileng ba ile ba thusa batho ba neng ba se ba qadile ho tsamaya tseleng ena e kgolo hore ba ithute haholwanyane ka Jehova le ka merero ya hae. (Diprov. 4:18) Hape ba ne ba ka phela ka tsela eo Jehova a batlang hore batho ba phele ka yona. Jehova o ne a sa lebella hore batho ba hae ba etse diphetoho tsohle tse hlokehang ka nako e le nngwe. Ho fapana le hoo, o ile a thusa batho ba hae hore ba etse diphetoho hanyane ka hanyane. Kaofela ha rona re tla thaba haholo ha re se re kgona ho thabisa Modimo ka dintho tsohle tseo re di etsang. Tsela e hloka ho lokiswa kgafetsa e le hore e dule e le maemong a matle. Ho tloha ka 1919, “Tsela ya Kgalalelo” e ile ya nna ya lokiswa e le hore batho ba bangata ba ka tswa Babilona e Moholo. w23.05 17 ¶15; 19 ¶16