Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Sontaha la 28 September

Dira tsa ka di tla baleha letsatsing leo ke hweletsang ke kopa thuso. Ke kgodisehile ka sena: Modimo o ka lehlakoreng la ka.—Pes. 56:9.

Temaneng e ka hodimo Davida o bua ka ntho e nngwe e mo thusitseng ha a ne a tshohile. O ile a nahanisisa ka dintho tseo Jehova a neng a tlo mo etsetsa tsona nakong e tlang le hoja bophelo ba hae bo ne bo le kotsing. Davida o ne a tseba hore Jehova o tla mo pholosa ka nako e nepahetseng. Jehova o ne a boletse hore Davida e ne e tlo ba morena wa Iseraele ya latelang. (1 Sam. 16:​1, 13) Davida o ne a kgodisehile hore tshepiso ya Jehova e ne e tlo phethahala. Keng eo Jehova a tshepisitseng ho re etsetsa yona? Ha re a lebella hore Jehova a re sireletse mathateng ohle a re hlahelang. Hopola hore lefatsheng le letjha Jehova o tla fedisa mathata ohle ao re nang le ona hona jwale. (Esa. 25:​7-9) Mmopi wa rona o na le matla a hore a tsose bafu, a re fodise a be a fedise le batho bohle ba re hanyetsang.—1 Joh. 4:4. w24.01 6 ¶12-13

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Mantaha la 29 September

Ho thaba eo phoso ya hae e tshwaretsweng, eo sebe sa hae se kwahetsweng.—Pes. 32:1.

Nahana ka mabaka a entseng hore o inehele ho Jehova le ho kolobetswa. O ile wa etsa dintho tsena hobane o ne o batla ho ba ka lehlakoreng la Jehova. Nahana ka se ileng sa o thusa hore o kgodisehe hore o fumane nnete. O ile wa ithuta ka Jehova yaba o qala ho mo hlompha, ho mo rata le ho mo nka e le Ntate wa hao ya lehodimong. O ile wa ba le tumelo, wa kgaotsa ho etsa dintho tse fosahetseng mme wa qala ho etsa dintho tse thabisang Modimo. O ile wa thaba ha o hlokomela hore Modimo o o tshwaretse. (Pes. 32:2) O ile wa ya dibokeng tsa Bokreste mme wa qala ho buisana le ba bang ka dintho tse thabisang tseo o ithutileng tsona. Hona jwale o tsamaya tseleng e isang bophelong o le Mokreste ya inehetseng le ya kolobeditsweng mme o ikemiseditse ho dula o tsamaya tseleng ena. (Mat. 7:​13, 14) E se eka o ka ema o tiile, o sa sisinyehe ha o ntse o sebeletsa Jehova le ho mamela ditaelo tsa hae. w23.07 17 ¶14; 19 ¶19

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Labobedi la 30 September

Modimo o a tshepahala mme a ke ke a dumella hore le hlahelwe ke diteko tseo le ke keng la kgona ho di mamella. Ha le lekwa, o tla le thusa e le hore le kgone ho mamella.—1 Bakor. 10:13.

Haeba o nahana ka thapelo eo o ileng wa e etsa ha o ne o inehela ho Jehova, o tla kgona ho hlola boemo le ha e le bofe bo ka etsang hore o lekehe ho etsa ntho e fosahetseng. Ka mohlala, na o ka bontsha hore o rata molekane wa motho e mong? Tjhe! Lebaka ke hobane ha o ne o inehela ho Jehova o ile wa mo tshepisa hore o ke ke wa etsa dintho tse sa mo thabiseng. Haeba o sa itumelle ho ba le maikutlo a fosahetseng o ke ke wa eba le bothata ba ho a fedisa. O tla “tsamaella hole” le ‘tsela ya batho ba kgopo.’ (Diprov. 4:​14, 15) Ho nahanisisa ka mohlala o motle oo Jesu a re behetseng wona wa ho thabisa Ntate wa hae, ho tla o thusa hore hanghang o qobe ho etsa dintho tse sa thabiseng Modimo eo o inehetseng ho yena. (Mat. 4:10; Joh. 8:29) Diqeto tseo o di etsang ha o hlahelwa ke mathata kapa o lekeha ho etsa ntho e fosahetseng, di tla bontsha hore o ikemiseditse ho dula o latela Jesu. Hape o ka kgodiseha hore Jehova o tla o thusa hore o etse jwalo. w24.03 9-10 ¶8-10

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela