Mantaha la 29 September
Ho thaba eo phoso ya hae e tshwaretsweng, eo sebe sa hae se kwahetsweng.—Pes. 32:1.
Nahana ka mabaka a entseng hore o inehele ho Jehova le ho kolobetswa. O ile wa etsa dintho tsena hobane o ne o batla ho ba ka lehlakoreng la Jehova. Nahana ka se ileng sa o thusa hore o kgodisehe hore o fumane nnete. O ile wa ithuta ka Jehova yaba o qala ho mo hlompha, ho mo rata le ho mo nka e le Ntate wa hao ya lehodimong. O ile wa ba le tumelo, wa kgaotsa ho etsa dintho tse fosahetseng mme wa qala ho etsa dintho tse thabisang Modimo. O ile wa thaba ha o hlokomela hore Modimo o o tshwaretse. (Pes. 32:2) O ile wa ya dibokeng tsa Bokreste mme wa qala ho buisana le ba bang ka dintho tse thabisang tseo o ithutileng tsona. Hona jwale o tsamaya tseleng e isang bophelong o le Mokreste ya inehetseng le ya kolobeditsweng mme o ikemiseditse ho dula o tsamaya tseleng ena. (Mat. 7:13, 14) E se eka o ka ema o tiile, o sa sisinyehe ha o ntse o sebeletsa Jehova le ho mamela ditaelo tsa hae. w23.07 17 ¶14; 19 ¶19
Labobedi la 30 September
Modimo o a tshepahala mme a ke ke a dumella hore le hlahelwe ke diteko tseo le ke keng la kgona ho di mamella. Ha le lekwa, o tla le thusa e le hore le kgone ho mamella.—1 Bakor. 10:13.
Haeba o nahana ka thapelo eo o ileng wa e etsa ha o ne o inehela ho Jehova, o tla kgona ho hlola boemo le ha e le bofe bo ka etsang hore o lekehe ho etsa ntho e fosahetseng. Ka mohlala, na o ka bontsha hore o rata molekane wa motho e mong? Tjhe! Lebaka ke hobane ha o ne o inehela ho Jehova o ile wa mo tshepisa hore o ke ke wa etsa dintho tse sa mo thabiseng. Haeba o sa itumelle ho ba le maikutlo a fosahetseng o ke ke wa eba le bothata ba ho a fedisa. O tla “tsamaella hole” le ‘tsela ya batho ba kgopo.’ (Diprov. 4:14, 15) Ho nahanisisa ka mohlala o motle oo Jesu a re behetseng wona wa ho thabisa Ntate wa hae, ho tla o thusa hore hanghang o qobe ho etsa dintho tse sa thabiseng Modimo eo o inehetseng ho yena. (Mat. 4:10; Joh. 8:29) Diqeto tseo o di etsang ha o hlahelwa ke mathata kapa o lekeha ho etsa ntho e fosahetseng, di tla bontsha hore o ikemiseditse ho dula o latela Jesu. Hape o ka kgodiseha hore Jehova o tla o thusa hore o etse jwalo. w24.03 9-10 ¶8-10
Laboraro, la 1 October
Motho ya nang le bohlale bo tswang lehodimong . . . o itokiseditse ho mamela.—Jak. 3:17.
Na o kile wa thatafallwa ke ho mamela? Morena Davida le yena o kile a utlwa ho le thata ho mamela yaba o rapela Modimo o re: “Etsa hore ke batle ho o mamela.” (Pes. 51:12) Davida o ne a rata Jehova. Ho ntse ho le jwalo, ka dinako tse ding o ne a thatafallwa ke ho mamela. Ho jwalo le ka rona. Hobaneng? Lebaka la pele ke hore re na le tlwaelo eo re e futsitseng ya ho se mamele. Lebaka la bobedi ke hore Satane o dula a re susumeletsa hore re be marabele jwalo ka yena. (2 Bakor. 11:3) Lebaka la boraro ke hore re potapotilwe ke batho ba nang le moya wa borabele, e leng “moya o hlohlelletsang batho hore ba se ke ba mamela Modimo.” (Baef. 2:2) Re lokela ho sebetsa ka thata ho lwantsha sebe sena seo re se futsitseng le hore re se ke ra dumella Diabolose le batho ba lefatshe la hae hore ba re susumeletse hore re se ke ra mamela. Re lokela ho etsa boiteko ba ho mamela Jehova le batho bao a ba fileng matla a bolaodi. w23.10 6 ¶1