LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 1 Samuele 30
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya 1 Samuele

      • Baamaleke ba futuhela Ziklage ebile ba a e tjhesa (1-6)

        • Davida o fumana matla ho Modimo (6)

      • Davida o hlola Baamaleke (7-31)

        • Davida o lopolla batho ba neng ba nkilwe (18, 19)

        • Davida o fana ka molao wa dintho tse hapilweng (23, 24)

1 Samuele 30:1

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “Negebe.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Jos 15:21, 31; 1Sa 27:5, 6
  • +Ge 36:12; Ex 17:14; 1Sa 15:2; 27:8

1 Samuele 30:2

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 27:3

1 Samuele 30:5

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 25:42, 43

1 Samuele 30:6

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 18:6; 31:1, 9; 34:19; 143:5

Indexes

  • Research Guide

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    4/2022, leq. 2

1 Samuele 30:7

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 22:20; 1Ma 2:26
  • +1Sa 23:9

1 Samuele 30:8

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 27:21; Bhl 20:28; 1Sa 23:2, 11; 28:6
  • +1Sa 30:18; Pes. 34:19

1 Samuele 30:9

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 23:13; 27:2

1 Samuele 30:10

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 30:21

1 Samuele 30:12

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “difeiga.”

1 Samuele 30:14

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “Negebe.”

  • *

    Kapa: “Negebe.”

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 8:18; 1Ma 1:38; 1Kr 18:17; Eze 25:16; Sof 2:5
  • +Jos 14:13

1 Samuele 30:17

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 17:14

1 Samuele 30:18

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 30:3

1 Samuele 30:19

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 30:8; Pes. 34:19

1 Samuele 30:21

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 30:10

1 Samuele 30:23

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 30:8

1 Samuele 30:24

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 30:10
  • +Nu 31:27; Jos 22:8; Pes. 68:12

1 Samuele 30:26

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “Tlhohonolofatso.”

1 Samuele 30:27

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “ka borwa.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Jos 19:4, 8
  • +Jos 15:20, 48; 21:8, 14

1 Samuele 30:28

Mangolo a Dithupiso

  • +Jos 15:20, 50; 21:8, 14

1 Samuele 30:29

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 27:10; 1Kr 2:9
  • +Bhl 1:16; 1Sa 15:6

1 Samuele 30:30

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 21:3; Jos 19:1, 4; Bhl 1:17

1 Samuele 30:31

Mangolo a Dithupiso

  • +Jos 14:13; 2Sa 2:1

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

1 Sam. 30:1Jos 15:21, 31; 1Sa 27:5, 6
1 Sam. 30:1Ge 36:12; Ex 17:14; 1Sa 15:2; 27:8
1 Sam. 30:21Sa 27:3
1 Sam. 30:51Sa 25:42, 43
1 Sam. 30:6Pes. 18:6; 31:1, 9; 34:19; 143:5
1 Sam. 30:71Sa 22:20; 1Ma 2:26
1 Sam. 30:71Sa 23:9
1 Sam. 30:8Nu 27:21; Bhl 20:28; 1Sa 23:2, 11; 28:6
1 Sam. 30:81Sa 30:18; Pes. 34:19
1 Sam. 30:91Sa 23:13; 27:2
1 Sam. 30:101Sa 30:21
1 Sam. 30:142Sa 8:18; 1Ma 1:38; 1Kr 18:17; Eze 25:16; Sof 2:5
1 Sam. 30:14Jos 14:13
1 Sam. 30:17Ex 17:14
1 Sam. 30:181Sa 30:3
1 Sam. 30:191Sa 30:8; Pes. 34:19
1 Sam. 30:211Sa 30:10
1 Sam. 30:231Sa 30:8
1 Sam. 30:241Sa 30:10
1 Sam. 30:24Nu 31:27; Jos 22:8; Pes. 68:12
1 Sam. 30:27Jos 19:4, 8
1 Sam. 30:27Jos 15:20, 48; 21:8, 14
1 Sam. 30:28Jos 15:20, 50; 21:8, 14
1 Sam. 30:291Sa 27:10; 1Kr 2:9
1 Sam. 30:29Bhl 1:16; 1Sa 15:6
1 Sam. 30:30Nu 21:3; Jos 19:1, 4; Bhl 1:17
1 Sam. 30:31Jos 14:13; 2Sa 2:1
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
1 Samuele 30:1-31

Buka ya Pele ya Samuele

30 Ha Davida le banna ba hae ba fihla Ziklage+ ka letsatsi la boraro, ba fumana Baamaleke+ ba futuhetse sebaka se ka borwa* le Ziklage. Ba ne ba hlasetse Ziklage ba bile ba e tjhesitse. 2 Ba ne ba nkile basadi+ le bohle ba neng ba le motseng, ba nkile ba banyenyane ha mmoho le ba baholo. Ha ho na motho eo ba ileng ba mo bolaya empa ba ile ba ba nka ba tsamaya le bona. 3 Ha Davida le banna ba hae ba kgutlela motseng, ba fumana o tjhesitswe mme basadi ba bona le bana ba bona ba nkilwe ba isitswe botlamuweng. 4 Ka hoo, Davida le banna ba neng ba ena le yena ba lla haholo ho fihlela ba se ba se na matla a ho lla. 5 Basadi ba babedi ba Davida le bona ba ne ba nkilwe ba isitswe botlamuweng e leng Akinoame mosadi wa Mojezriele le Abigaile eo e kileng ya eba mosadi wa Nabale wa Mokarmele.+ 6 Davida o ne a tshwenyehile haholo hobane banna bao ba ne ba batla ho mo tlepetsa ka majwe ka ha kaofela ba ne ba halefile haholo ka lebaka la ho lahlehelwa ke bana ba bona. Empa Davida a imatlafatsa ka Jehova Modimo wa hae.+

7 Yaba Davida o re ho moprista Abiathare,+ mora wa Akimeleke: “Ke kopa o tlise efoda mona.”+ Ka hoo, Abiathare a tlisa efoda ho Davida. 8 Davida a re ho Jehova:+ “Na ke lelekise banna baa ba hlasetseng motse? Na ke tla ba hlola?” Yaba Modimo o re ho yena: “Ba lelekise hobane o tla ba hlola mme o tla kgutla le dintho tsohle le batho bohle.”+

9 Hanghang Davida a tsamaya le banna ba 600+ ba neng ba ena le yena mme ba tsamaya ho ya fihla Kgohlong* ya Besore, moo banna ba bang ba ileng ba sala teng. 10 Davida a tswela pele ho lelekisa banna bao a ena le banna ba 400 empa banna ba 200 ba neng ba se ba kgathetse haholo hore ba ka tshela Kgohlo ya Besore, ba ile ba sala.+

11 Ba fumana monna e mong wa Moegepeta naheng yaba ba mo tlisa ho Davida. Ba mo fa dijo hore a je, metsi hore a nwe 12 ha mmoho le sengwathwana sa polokwe ya difeie* tse omisitsweng le dipolokwe tse pedi tsa morara o omisitsweng. Ka mora hore a je, a boela a ba le matla hobane o ne a qetile matsatsi a mararo le masiu a mararo a sa je dijo a bile a sa nwe le metsi. 13 Jwale Davida a re ho yena: “O mohlanka wa mang hona o tswa hokae?” Yaba o re: “Ke Moegepeta, lekgoba la monna wa Moamaleke empa mongaka o ile a ntshiya hobane ke ile ka kula matsatsing a mararo a fetileng. 14 Re ile ra hlasela ka borwa* ho naha ya Bakerethe+ le naha ya Juda le ka borwa* ho naha ya Kalebe+ mme ra tjhesa Ziklage.” 15 Yaba Davida o re ho yena: “Na o tla nkisa ho banna bao?” A mo araba a re: “Ke tla o isa ho bona haeba o ka ntlhapanyetsa ka Modimo hore o ke ke wa mpolaya le hore o ke ke wa fana ka nna ho mongaka.”

16 A mo isa moo ba neng ba hasane naheng yohle, ba ja, ba nwa mme ba keteka ka lebaka la dintho tse ngata tseo ba neng ba di nkile naheng ya Bafilista le naheng ya Juda. 17 Yaba Davida o ba bolaya ho tloha mesong ho fihlela mantsiboya. Ha ho na motho ya ileng a phonyoha+ haese banna ba 400 ba ileng ba baleha ka dikamele. 18 Davida a nka dintho tsohle tseo Baamaleke ba neng ba di nkile+ mme Davida a lopolla le basadi ba hae ba babedi. 19 Ba ile ba fumana dintho tsohle tsa bona, tse nyenyane le tse kgolo. Ba nka bara ba bona le baradi ba bona le thepa e hapuweng.+ Davida a nka ntho e nngwe le e nngwe eo ba neng ba e nkile. 20 A nka mehlape yohle ya dinku le dipodi le ya diphoofolo tse kgolo mme ba e kganna ka pela mehlape ya bona ba re: “Ena ke thepa e hapuweng ya Davida.”

21 Davida a fihla ho banna ba 200 ba ileng ba sala Kgohlong ya Besore hobane ba ne ba kgathetse haholo hore ba ka tsamaya le Davida.+ Ba ile ba tla mme ba kgahlanyetsa Davida le batho ba neng ba ena le yena. Ha Davida a fihla ho banna bao, a ba botsa hore na ba ntse ba eya jwang. 22 Le ha ho le jwalo, banna bohle ba kgopo le ba se nang molemo hara banna ba neng ba tsamaile le Davida ba re: “Ka ha ha ba a tsamaya le rona, re ke ke ra ba fa thepa le ha e le efe e hapuweng eo re tlileng le yona, ha e se hore e mong le e mong a nke mosadi wa hae le bara ba hae mme a tsamaye.” 23 Empa Davida a re: “Bana beso le se ke la etsa tjena ka dintho tseo Jehova a re fileng tsona. O re sireleditse mme a re thusa hore re hlole banna ba neng ba re hlasetse.+ 24 Ke mang ya ka dumellanang le lona tabeng ee? Ba tswang ntweng ba tla fumana karolo e lekanang le ya ba neng ba setse le thoto.+ Bohle ba tla fumana dintho ka ho lekana.”+ 25 Ho tloha letsatsing leo ho ya pele, o ile a etsa hore ebe molao wa Iseraele ho tla fihlela kajeno.

26 Ha Davida a fihla Ziklage, a romela thepa e nngwe e hapuweng ho baholo ba Juda bao e neng e le metswalle ya hae a re: “Mpho* ya lona ke ena e tswang ho thepa e hapuweng ya dira tsa Jehova.” 27 O ile a e romela ho ba leng Bethele,+ ho ba leng Ramothe ya Negebe,* ho ba leng Jatire,+ 28 ho ba leng Aroere, ho ba leng Sifmothe le ho ba leng Eshtemowa.+ 29 A e romela le ho ba leng Rakale, ho ba leng metseng ya Bajeramiele,+ ho ba leng metseng ya Bakene,+ 30 ho ba leng Horma,+ ho ba leng Borashane, ho ba leng Athake, 31 ho ba leng Hebrone+ le dibakeng tsohle tseo Davida le banna ba hae ba neng ba atisa ho ya ho tsona.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share