Buka ya Pele ya Dikronike
10 Bafilista ba ne ba lwantsha Baiseraele. Yaba banna ba Iseraele ba baleha Bafilista mme ba bangata ba bona ba shwella Thabeng ya Gilboa.+ 2 Bafilista ba nna ba lelekisa Saule le bara ba hae mme Bafilista ba bolaya Jonathane, Abinadabe le Malki-shua+ e leng bara ba Saule. 3 Ntwa ya nna ya eba boima bakeng sa Saule. Banna ba betsang metsu ba mo fumana mme ba mo lematsa.+ 4 Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Ntsha sabole ya hao mme o ntlhabe ka yona e le hore banna bana ba sa bollang ba se ke ba tla mme ba nketsa hampe.”*+ Empa mojari wa dihlomo tsa hae o ne a sa batle hobane o ne a tshohile haholo. Ka hoo, Saule a nka sabole mme a itihela hodima yona.+ 5 Ha mojari wa dihlomo tsa hae a bona hore Saule o shwele, le yena a itihela hodima sabole ya hae mme a shwa le Saule. 6 Ka hoo, Saule le bara ba hae ba bararo le bohle ba lelapa la hae ba shwa kaofela.+ 7 Ha batho bohle ba Iseraele ba neng ba le kgohlong* ba bona hore batho kaofela ba balehile le hore Saule le bara ba hae ba shwele, ba tloha metseng ya bona ba baleha. Bafilista ba tla mme ba dula metseng eo.
8 Letsatsing le hlahlamang, ha Bafilista ba tla ba tlo nkela batho ba bolailweng dintho tsa bona, ba fumana Saule le bara ba hae ba shwele Thabeng ya Gilboa.+ 9 Ba mo hlobodisa mme ba mo kgaola hlooho yaba ba nka dihlomo tsa hae mme ba romela batho naheng yohle ya Bafilista hore ba ise molaetsa matlong a medimo ya bona+ le ho batho bohle. 10 Yaba ba beha dihlomo tsa hae ka tlung* ya modimo wa bona mme ba tlamella lehata la hae ntlong ya Dagone.+
11 Ha baahi bohle ba Jabeshe+ e Gileade ba utlwa ka sohle seo Bafilista ba se entseng ho Saule,+ 12 banna bohle ba sebete ba tsamaya ba yo nka setopo sa Saule le tsa bara ba hae. Ba di tlisa Jabeshe mme ba pata masapo a bona tlasa sefate se seholo se Jabeshe+ yaba ba itima dijo ka matsatsi a supileng.
13 Ka hoo, Saule a shwa ka lebaka la ho se tshepahalle Jehova hobane ha a ka a mamela lentswe la Jehova+ ebile o ile a kopa thuso ho motho ya reng o buisana le badimo+ 14 ho ena le ho e kopa ho Jehova. Modimo o ile a mo bolaya mme a beha Davida mora wa Jese hore e be morena.+