Jobo
3 Na e tla o kopa hore o e qenehele
Kapa na e tla bua le wena ka bonolo?
4 Na e tla etsa selekane le wena
E le hore o ka e etsa lekgoba la hao bophelo bohle ba yona?
5 Na o tla bapala le yona jwalo ka ha eka ke nonyana
Kapa na o tla e tlamela baradi ba hao hore ba bapale ka yona?
6 Na borakgwebo ba tla e rekisa?
Na ba tla e arolelana?
8 Ha o ka beha letsoho la hao hodima yona,
O ke ke wa lebala hore na e o hlasetse jwang mme o ke ke wa hlola o le beha hape.
9 Haeba o nahana hore o tla e tshwara, o a ithetsa.
Ha o e bona feela o tla tshoha haholo o be o wele fatshe.
10 Ha ho na motho ya ka bang le sebete sa ho e qala.
Jwale ke mang ya ka emang ka pela ka?+
11 Na ho na le motho eo ke mo kolotang?+
Dintho tsohle tse lefatsheng ke tsa ka.+
12 Nke ke ka tlohela ho bua ka maoto a yona,
Matla a yona le ka moo mmele wa yona o entsweng ka teng.
13 Ke mang ya tlositseng letlalo la yona?
Ke mang ya tla kena ka mehlahareng ya yona e bulehileng?
14 Ke mang ya nang le sebete sa ho bula molomo wa yona?
Meno a yona kaofela a a tshosa.
15 Mokokotlo wa yona o na le makgakgapha a entseng mela,
A kopantsweng ha mmoho ka thata.
16 A mamarelane haholo
Hoo moya o sa kgoneng ho kena dipakeng tsa ona.
17 A kgomarelane
Mme a ke ke a arolwa.
18 Ha e thimola ho hlaha kganya,
Le mahlo a yona ekare kganya ya mesong.
19 Molomong wa yona ho benya lehadima.
Ho tswa le ditlhase tsa mollo.
20 Ho kubella mosi dinkong tsa yona
Jwalo ka ha eka ho kentswe jwang ba lodi ka seboping sa mollo.
21 Ha e hema e tukisa mashala
Ebile ho tswa lelakabe molomong wa yona.
22 Molala wa yona o matla haholo,
Batho ba kopanang le yona ba a tshoha.
23 Letlalo la yona la mpa le thata
Jwalo ka tshepe mme le ke ke la tloswa.
25 Ha e tsoha le batho ba matla ba a tshoha.
Le ha e sisinyeha feela ba a ferekana.
27 Ho yona tshepe e jwalo ka jwang
Le koporo e jwalo ka patsi e bodileng.
28 Ha e balehiswe ke motsu.
Majwe a letjeketjane a ba jwalo ka lehlaka ho yona.
29 E bona molamu e le lehlaka feela,
E a tsheha ha e utlwa modumo wa lerumo le betswang.
30 Mpa ya yona e bohale jwalo ka maqhetswana a sejana sa letsopa.
E ipitika seretseng jwalo ka selei* se polang.+
31 E bedisa metsi jwalo ka pitsa
Le lewatle jwalo ka pitsa ya mafura.
32 Ha e tsamaya ka metsing e etsa makweba.
Motho a ka nahana hore metsi a na le moriri o mo putswa.
33 Ha ho na ntho e tshwanang le yona lefatsheng,
Modimo o e entse hore e se ke ya tshaba letho.
34 Ha e tshabe ho sheba diphoofolo tse itshepang.
Ke morena wa dibata tsohle tse matla.”