Esaia
17 Phatlalatso e tobisitsweng ho Damaseka:+
“Damaseka ha e sa tla ba motse,
E tla fetoha qubu ya majwe.+
2 Metse ya Aroere+ e tla siuwa ke baahi ba yona.
E tla ba dibaka tseo mehlape e bothang ho tsona
Mme ha ho na motho ya tla e tshosa.
Batho ba Siria ba setseng
Ba tla ba matla jwalo ka Baiseraele,”* ke Jehova wa mabotho ya tjhong.
4 “Letsatsing leo kganya ya Jakobo e tla fokotseha
Esita le mmele wa hae o phetseng hantle* o tla ota.
5 Ho tla tshwana le ha mokotudi a bokella koro* e ntseng e le mahlakeng
Le letsoho la hae le kotula diqwapi tsa koro
6 Ho yona ho tla sala se thonakilweng feela
Jwalo ka ha sefate sa mohlwaare se hlohlorwa:
Lekaleng le ka hodimodimo ho sale mehlwaare e mmedi kapa e meraro feela e butswitseng,
Ho sale e mene kapa e mehlano makaleng a sona a behang ditholwana,”+ ke Jehova Modimo wa Iseraele ya tjhong.
7 Letsatsing leo, motho o tla sheba Moetsi wa hae mme mahlo a hae a shebe Mohalaledi wa Iseraele. 8 A ke ke a sheba dialetare+ e leng mosebetsi wa matsoho a hae+ mme a ke ke a sheba dintho tseo menwana ya hae e di entseng ebang ke dipalo tse halalelang* kapa didulwana tsa dibano.
9 Letsatsing leo, metse ya hae ya qhobosheane e tla ba jwalo ka sebaka se sa dulweng, se morung,+
E tla tshwana le lekala le tlohetsweng ka lebaka la Baiseraele.
E tla dula e se na baahi.
10 O lebetse Modimo,+ mopholosi wa hao.
O hlolehile ho hopola Lefika+ la qhobosheane ya hao.
11 Motshehare o kampela masimo a hao ka hloko,
Hoseng o lokisetsa hore peo ya hao e mele
Empa koro e tla nyamela letsatsing la mafu le la bohloko bo sa phekoleheng.+
12 Utlwang! Ho na le moferefere wa ditjhaba tse ngata,
Tse morusu jwalo ka mawatle!
Ho na le lerata la ditjhaba,
Modumo wa tsona o tshwana le wa metsi a matla!
13 Ditjhaba di tla etsa modumo o tshwanang le wa metsi a mangata.
Modimo o tla di kgalemela ka matla mme di tla balehela hole,
Di lelekiswe jwalo ka ha mmoko o dithabeng o fefolwa ke moya
Le jwalo ka hlabahlabane e fefolwang ke moya wa sefefo.
14 Ka shwalane, ho na le tlokotsi.
Pele e eba hoseng ditjhaba tseo ha di sa le yo.
Ena ke kabelo ya ba re nkelang thepa ka mahahapa
Le karolo ya ba re tlatlapang.