Esaia
19 Phatlalatso e tobisitsweng ho Egepeta:+
Jehova o kaletse leru le fofang ka lebelo mme o kena Egepeta.
Medimo e se nang thuso ya Egepeta e tla thothomela ka pela hae,+
Dipelo tsa Baegepeta di tla nyahama.
2 “Ke tla qabanya Baegepeta
Mme ba tla lwantshana,
E mong le e mong o tla lwantsha ngwanabo le moahisani wa hae,
Motse o lwantshe motse, mmuso o lwantshe mmuso.
Ba tla ipiletsa ho medimo e se nang thuso
Le ho batho ba nang le tsebo ya ho laola dinoha, baloi le ba reng ba bolela diketsahalo esale pele.*+
4 Ke tla nehelana ka Baegepeta ho monghadi ya thata,
Morena ya kgopo o tla ba busa,”+ ke Jehova wa mabotho, Morena wa nnete ya tjhong jwalo.
6 Dinoka di tla nkga hampe.
Metsi a melatswana ya Nile e Egepeta a tla fokotseha mme a pshe.
Lehlaka le lodi di tla bola.+
7 Dimela tse pela Noka ya Nile, moo e kopanang le lewatle
Le masimo ohle a pela Noka ya Nile+ ao ho jetsweng peo ho ona, a tla omella.+
A tla fefoha mme a ke ke a hlola a eba teng.
8 Batshwasi ba ditlhapi ba tla lla,
Bohle ba lahlelang dihuku tse tshwasang ditlhapi* Nokeng ya Nile ba tla sarelwa
Le ba alang matlowa a tshwasang ditlhapi hodima metsi ba tla fokotseha.
9 Ba sebetsang ka semela sa folakse*+ e ohlilweng
Le ba etsang masela a masweu ka foreimi ba tla swaba.
10 Dilohi tsa hae di tla utlwa bohloko,
Basebetsi bohle ba hirilweng ba tla sarelwa.
11 Dikgosana tsa Zowane+ ke mawatla.
Baeletsi ba bohlale ka ho fetisisa ba Faro ba fane ka keletso e sa utlwahaleng.+
Ke hobaneng ha o ka re ho Faro:
“Ke setloholo sa ba bohlale,
Setloholo sa marena a kgale”?
12 Jwale ba hokae banna ba lona ba bohlale?+
Haeba ba a tseba hore na Jehova wa mabotho o rerile eng ka Egepeta, ereng ba le bolelle.
13 Dikgosana tsa Zowane di sebeditse ka bowatla,
Dikgosana tsa Nofe*+ di thetsitswe,
Marena a maloko a hae a kgelositse Egepeta.
14 Jehova o tlatsitse Egepeta ka pherekano,+
Ba entse hore e kgelohe dinthong tsohle tseo e di etsang
Jwalo ka ha motho ya tahilweng a thekesela ka hara mahlatsa a hae.
15 Egepeta e ke ke ya eba le mosebetsi oo e ka o etsang
Esita le hlooho, mohatla, letlobo kapa lodi* di ke ke tsa etsa letho.
16 Letsatsing leo Egepeta e tla tshwana le basadi, e thothomele e be e tshohe ka lebaka la letsoho le tshosang leo Jehova wa mabotho a le phahamisetsang yona.+ 17 Naha ya Juda e tla tshosa Baegepeta. Ba tla tshoha le ha ba utlwa ho buuwa ka yona feela, ka lebaka la qeto eo Jehova wa mabotho a e entseng ka bona.+
18 Letsatsing leo, ho tla ba le metse e mehlano naheng ya Egepeta e buang puo ya Kanana+ mme e hlapanya hore e tshepahalla Jehova wa mabotho. Motse o mong o tla bitswa Motse o Qhaqhang.
19 Letsatsing leo, ho tla ba le aletare ya Jehova hara naha ya Egepeta le pilara e etseditsweng Jehova moeding wa yona. 20 E tla ba pontsho le bopaki ho Jehova wa mabotho naheng ya Egepeta. Ba tla hweletsa ho Jehova ka lebaka la bahatelli mme o tla ba romela mopholosi e moholo ya tla ba lopolla. 21 Jehova o tla tsebahala ho Baegepeta. Baegepeta ba tla tseba Jehova letsatsing leo, ba tla etsa mahlabelo, ba fane ka dimpho, ba etse boitlamo ho Jehova mme ba bo phethe. 22 Jehova o tla otla Baegepeta,+ a ba otle a be a ba fodise. Ba tla kgutlela ho Jehova, o tla utlwa dikopo tsa bona tse matla mme a ba fodise.
23 Letsatsing leo, ho tla ba le tsela e kgolo+ e tswang Egepeta e yang Asiria. Asiria e tla tla Egepeta le Egepeta e ye Asiria mme Egepeta e tla sebeletsa Modimo mmoho le Asiria. 24 Ka letsatsi leo, Iseraele e tla ikopanya le Egepeta le Asiria,+ e be tlhohonolofatso lefatsheng 25 hobane Jehova wa mabotho o tla be a e hlohonolofaditse a itse: “Ho hlohonolofatswe setjhaba sa ka, Egepeta le mosebetsi wa matsoho a ka, Asiria le lefa la ka, Iseraele.”+