Esaia
23 Phatlalatso e tobisitsweng ho Tire:+
Bokollang, lona dikepe tsa Tarshishe.*+
Kou e sentswe, ha ho sa kenwa le teng.
E senotswe naheng ya Kitime.+
2 Tholang, lona baahi ba lebopo la lewatle.
Le ruisitswe ke borakgwebo ba tswang Sidone+ ba tshelang lewatle.
3 Koro* ya Shihore*+ e tshedisitswe metsi a mangata
Ha mmoho le dijo tse kotutsweng tsa Nile, letlotlo la Tire,
E etseditse ditjhaba tjhelete.+
4 Swaba, wena Sidone sebaka se sireletsehileng sa lewatle
Hobane lewatle le itse:
“Ha ke a ba le bohloko ba pelehi mme ha ke a beleha,
Hape ha ke a hlokomela bahlankana kapa ho hodisa barwetsana.”+
5 Batho ba tla utlwa bohloko haholo ka lebaka la tlaleho e buang ka Tire+
Feela jwalo ka ha ba ile ba bo utlwa ka lebaka la tlaleho e buang ka Egepeta.+
6 Tshelelang Tarshishe!
Bokollang, lona baahi ba lebopo la lewatle.
7 Na ke motse wa lona oo o neng o thabile ho tloha kgale, ho tloha mehleng ya wona ya pele?
Maoto a baahi ba ona a ne a ba isa dinaheng tse hole hore ba dule teng.
8 Ke mang ya entseng qeto ee ka Tire,
Tire ya kgethang marena,
Eo borakgwebo ba hae e neng e le dikgosana,
Eo borakgwebo ba hae ba neng ba hlomphuwa lefatsheng lohle?+
9 Jehova wa mabotho o entse qeto
Ya ho fedisa botle ba hae le boikgohomoso ba hae
Le ho tlotlolla bohle ba neng ba hlomphuwa lefatsheng lohle.+
10 Hasana hara dinaha jwalo ka Noka ya Nile, wena moradi wa Tarshishe.
Ha ho sa na sebaka seo dikepe di etswang ho sona.*+
11 Modimo o otlolletse letsoho hodima lewatle.
O sisintse mebuso.
Jehova o laetse hore dibaka tse sireletsehileng tsa Foenisia di timetswe.+
Ema, o tshelele Kitime.+
Le hona teng o ke ke wa phomola.”
15 Ho tloha letsatsing leo, Tire o tla lebalwa ka dilemo tse 70,+ tse lekanang le dilemo tsa bophelo* tsa morena a le mong. Qetellong ya dilemo tse 70, Tire o tla tshwana le letekatse le hlahang pineng ena:
16 “Nka harepa, o potolohe motse, wena letekatse le lebetsweng.
Letsa harepa ya hao ka boqhetseke,
Bina dipina tse ngata
E le hore ba o hopole.”
17 Qetellong ya dilemo tse 70, Jehova o tla hopola Tire. E tla qala ho fumana moputso hape mme e etse botekatse le mebuso yohle ya lefatshe. 18 Empa phaello ya yona le moputso wa yona o tla fetoha ntho e halalelang ho Jehova. E ke ke ya bolokwa kapa ya behwa hobane moputso wa yona e tla ba wa ba dulang ka pela Jehova e le hore ba je ba kgore mme ba apare diaparo tse ntle.+