Jeremia
14 Ana ke mantswe ao Jehova a ileng a a bolella Jeremia ka komello:+
2 Juda e utlwile bohloko+ mme dikeiti tsa yona di senyehile.
Di wetse fatshe, di swahlamane,
Ho utlwahala sello sa baahi ba Jerusalema.
3 Benghadi ba rometse bahlanka* ba bona ho tla le metsi.
Ba ya didibeng* empa ha ba fumane metsi.
Ba kgutla dinkgo tsa bona di se na letho.
Ba swabile mme ba swetsehile,
Ba ikwahela dihlooho.
4 Dihwai di nyahame mme di ikwahetse dihlooho
Hobane lefatshe le peperane
Ka ha ha ho na pula naheng.+
5 Le kgama e tshehadi e naheng e lahlile namane ya yona e sa tswa tswalwa
Hobane ha ho na jwang.
6 Ditonki tse hlaha di ema maralleng a hlobotseng.
Di hemesela jwalo ka diphokojwe,
Mahlo a tsona a a kgathala hobane ha di fumane dimela.+
7 Le hoja diphoso tsa rona di paka hore re molato,
Jehova, re thuse molemong wa lebitso la hao+
Hobane re hlolehile ho o tshepahalla ka makgetlo a mangata,+
Re o sitetswe.
8 Wena tshepo ya Iseraele, Mopholosi+ wa yona nakong ya mahlomola,
Ke hobaneng ha o tshwana le moditjhaba naheng
Jwalo ka motsamai ya fapohelang feela hore a robaletse bosiu bo le bong?
9 Ke hobaneng ha o le jwalo ka motho ya tsielehileng?
Ke hobaneng ha o sa re pholose le hoja o le matla?
O se ke wa re lahla.
10 Jehova o re ka batho bana: “Ba rata ho lelera,+ ha ba a thiba maoto a bona.+ Ka hoo, Jehova ha a kgahlwe ke bona.+ O tla hopola diphoso tsa bona mme o tla ba bitsa hore ba ikarabelle bakeng sa dibe tsa bona.”+
11 Yaba Jehova o re ho nna: “O se ke wa rapella hore dintho di tsamaele batho bana hantle.+ 12 Ha ba itima dijo, ha ke mamele dikopo tsa bona.+ Ha ba fana ka dinyehelo tsa setjheso le dinyehelo tsa dijo,* ha ke kgahlwe+ ka ha ke tla ba fedisa ka sabole, tlala le lefu la sewa.”+
13 Yaba ke re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, baprofeta ke bana ba re ho bona: ‘Ho ke ke ha eba le ntwa mme le ke ke la bolawa ke tlala. Ho ena le hoo, Modimo o tla le fa kgotso ya nnete sebakeng sena.’”+
14 Jehova a re ho nna: “Baprofeta bao ba profeta mashano ka lebitso la ka.+ Ha ke a ka ka ba roma, ka ba laela kapa ka bua le bona.+ Ba le bolella pono ya bohata, bonohe bo se nang thuso le mashano ao ba iqapetseng ona.*+ 15 Ka hoo, Jehova o re: ‘Ha e le baprofeta ba profetang ka lebitso la ka empa ke sa ba roma, ba reng ho ke ke ha eba le ntwa kapa tlala naheng ena, ba tla fediswa ka sabole le tlala.+ 16 Batho bao ba ba profetelang, basadi ba bona, bara le baradi ba bona ba tla bolawa ke tlala le sabole. Ditopo tsa bona di tla lahlelwa diterateng tsa Jerusalema mme ha ho motho ya tla ba pata+ hobane ke tla ba tlisetsa tlokotsi e ba loketseng.’+
17 O ba bolelle mantswe ana:
‘Mahlo a ka a ke a tsholohe meokgo bosiu le motshehare, e se ke ya kgaotsa ho tsholoha+
Hobane moradi wa setjhaba sa ka wa morwetsana o otluwe ha bohloko,+
Leqeba la hae le lebe haholo.
18 Ha ke ya tshimong mme ke re mahlo tloha!
Ka bona ba bolailweng ka sabole.+
Ha ke fihla motseng
Ka bona batho ba bolawang ke tlala.+
Moprofeta le moprista ba tjhalaketse naheng eo ba sa e tsebeng.’”+
19 Na o lahletse Juda ruri kapa na o nyonya Sione?+
Ke hobaneng ha o re otlile? Jwale ha re fole.+
Re ne re tshepile hore ho tla ba le kgotso empa ha ho letho le molemo le hlahileng.
Re ne re tshepile hore ho tla ba le nako ya ho fodisa empa ke matswalo feela.+
21 O se ke wa re lahla molemong wa lebitso la hao.+
O se ke wa nyefola terone ya hao e kganyang.
Hopola selekane sa hao le rona mme o se ke wa se fetohela.+
22 Hara medimo* ya ditjhaba e se nang thuso, na o teng o ka nesang pula
Kapa na mahodimo a ka fana ka dipula ka bo ona?
Jehova Modimo wa rona, na ha se wena feela ya ka etsang jwalo?+
Re o tshepile
Hobane ke wena feela ya entseng dintho tsena tsohle.