Zakaria
10 “Kopang Jehova hore a le fe pula nakong ya dipula tsa selemo.
2 Ditshwantsho tsa terafime* di buile leshano.
Dinohe di bone pono ya leshano.*
Di bua ka ditoro tse se nang thuso
Le dikgothatso tsa tsona ha di na molemo.
Ke ka lebaka leo setjhaba se tla lelera jwalo ka dinku.
Se tla sotleha hobane ha ho na modisa.
3 Ke halefetse badisa haholo
Ebile ke tla etsa hore baetapele* ba hatellang batho ba bang ba ikarabelle.
Jehova wa mabotho o hopotse mohlape wa hae+ e leng batho ba Juda.
O entse hore ba be jwalo ka pere ya hae e hlomphehang ntweng.
4 Ho bona ho tswa monna wa bohlokwa.*
Mmusi* o tswa ho bona,
Seqha sa ntwa se tswa ho bona.
Molebedi* e mong le e mong o tswa ho bona, kaofela ba tswa ho bona.
5 Ba tla ba jwalo ka banna ba matla,
Ba hatakelang seretse sa diterata ntweng.
Ba tla ya ntweng hobane Jehova o na le bona.+
Bapalami ba dipere ba tla hlajwa ke dihlong.+
Ke tla ba kgutlisetsa naheng ya bona
Hobane ke tla ba hauhela.+
E tla ba jwalo ka ha eka ha ke a ka ka ba lahla.+
Ke nna Jehova Modimo wa bona mme ke tla ba araba.
7 Batho ba Efraime ba tla ba jwalo ka monna ya matla,
Ba tla thaba jwalo ka ha eka ba thabiswa ke ho nwa veine.+
Bana ba bona ba tla bona sena mme ba thabe.
Dipelo tsa bona di tla thaba ka lebaka la seo nna Jehova ke se entseng.+
8 ‘Ke tla ba letsetsa molodi mme ke ba phuthe.
Ke tla ba lopolla+ mme ba tla ba bangata
Ebile ba tla dula ba eketseha.
9 Le hoja ke ba hasanya jwalo ka peo hara ditjhaba,
Ba tla nkgopola ba le dibakeng tse hole.
Bona le bara ba bona ba tla boela ba be le matla mme ba kgutle.
10 Ke tla ba kgutlisa naheng ya Egepeta
Ebile ke tla ba phutha ho tswa Asiria,+
Ke ba tlise naheng ya Gileade+ le ya Lebanone.
Sebaka seo le sona se ke ke sa ba lekana.+
Metsi ohle a Nile a tla psha.
Ke tla kokobetsa Asiria e ikgohomosang.
Matla* a Egepeta a ho busa a tla fela.+
12 Nna Jehova ke tla etsa hore ba be matla.+
Ba tla phela ka tsela e tlotlisang lebitso la ka,’+ ke Jehova ya tjhong.”