Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • lfb thuto 94 leq. 220-leq. 221 ser. 1
  • Barutuwa ba Fuwa Moya o Halalelang

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Barutuwa ba Fuwa Moya o Halalelang
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • “Ba Tlala Moya o Halalelang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 94 leq. 220-leq. 221 ser. 1
Batho ba tlileng Jerusalema ba maketse ha ba utlwa barutuwa ba Jesu ba bua ka dipuo tsa bona

THUTO YA 94

Barutuwa ba Fuwa Moya o Halalelang

Matsatsi a leshome ka mora hore Jesu a kgutlele lehodimong, barutuwa ba hae ba ile ba fuwa moya o halalelang. E ne e le ka selemo sa 33 nakong ya mokete wa Pentekonta. Batho ba tswang dinaheng tse ngata ba ne ba tlile Jerusalema ho tla keteka. Barutuwa ba ka bang 120 ba Jesu ba ne ba le ka kamoreng e ka hodimo ya ntlo. Ka tshohanyetso, ho ile ha etsahala ntho e makatsang. Ntho e kang lelakabe la mollo e ile ya hlaha hodima dihlooho tsa barutuwa, yaba ba qalella ho bua dipuo tse fapaneng. Ntlo eo ya tlala modumo o kang wa sefefo.

Baeti ba tswang dinaheng tse fapaneng ba neng ba tlile Jerusalema, ba ile ba utlwa modumo oo mme ba mathela ntlong eo ho ya bona se etsahalang. Ba ile ba makala ha ba utlwa barutuwa ba bua dipuo tse fapaneng. Yaba ba re: ‘Empa batho bana ba tswa Galilea. Ba kgona jwang ho bua dipuo tsa rona?’

Petrose le baapostola ba bang ba ema ka pela batho ba neng ba le teng moo, yaba Petrose o ba bolella ka moo Jesu a ileng a bolawa ka teng le hore Jehova o ile a mo tsosa bafung. Petrose a re: ‘Jesu o lehodimong ka letsohong le letona la Modimo mme o re file moya o halalelang feela jwalo ka ha a ne a re tshepisitse. Ke ka hoo le utlwileng le ho bona mehlolo ena.’

Batho ba ile ba angwa ka ho teba ka mantswe a Petrose, yaba ba a mo botsa: ‘Re lokela ho etsang?’ O ile a re ho bona: ‘Bakelang dibe tsa lona mme le kolobetswe ka lebitso la Jesu. Le tla amohela mpho ya moya o halalelang.’ Letsatsing leo ba ka bang 3 000 ba ile ba kolobetswa. Ho tloha ka nako eo ho ya pele, barutuwa ba ile ba eketseha Jerusalema. Moya o halalelang o ile wa thusa baapostola ho theha diphutheho tse ngata e le hore ba ka ruta barutuwa dintho tseo Jesu a ba laetseng tsona.

“Haeba o bolela phatlalatsa hore Jesu ke Morena ebile o dumela ka pelong ya hao hore Modimo o mo tsositse bafung, o tla pholoha.”​—Baroma 10:9.

Dipotso: Ho ile ha etsahalang ka selemo sa 33 nakong ya mokete wa Pentekonta? Ke hobaneng ha batho ba bangata ba ile ba kolobetswa?

Diketso 1:​15; 2:​1-42; 4:4; Johanne 15:26

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela