Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • lfb thuto 6 leq. 20-leq. 21 ser. 5
  • Batho ba Robedi ba Pholoha Morwallo

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Robedi ba Pholoha Morwallo
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Areka ya Noe
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Ke bo Mang ba ileng ba Mamela Nakong ya Morwallo o Moholo? Ke bo Mang ba sa Kang ba Mamela?
    Mamela Modimo Mme O Phele ka ho sa Feleng
  • Na Tlaleho ya Morwallo wa Mehleng ya Noe ke Nnete Kapa ke Tshomo?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 6 leq. 20-leq. 21 ser. 5
Areka e dula ka hodima metsi ha pula e ntse e na

THUTO YA 6

Batho ba Robedi ba Pholoha Morwallo

Noe o tswa ka arekeng le ba lelapa la hae le diphoofolo

Noe o ile a kena ka arekeng le ba lelapa la hae le diphoofolo. Yaba Jehova o kwala monyako mme pula ya qala ho na. Ya na haholo hoo areka e ileng ya qala ho dula ka hodima metsi. Qetellong lefatshe kaofela la kwahelwa ke metsi. Batho bohle ba ka ntle ho areka ba ile ba shwa. Empa Noe le ba lelapa la hae ba ne ba sireletsehile ka arekeng. Ba ne ba thabile haholo hore ebe ba mametse Jehova.

Pula e ile ya na bosiu le motshehare ka matsatsi a 40. Ka mora moo ya emisa. Yaba metsi a fokotseha butlebutle. Qetellong areka ya dula hodima thaba. Noe le ba lelapa la hae ha ba a ka ba tswa ka arekeng hanghang hobane metsi a ne a ntse a le mangata.

Ha nako e ntse e ya, metsi a nna a fokotseha. Noe le ba lelapa la hae ba qetile nako e fetang selemo ba le ka arekeng. Yaba Jehova o re ba tswe ka arekeng mme ha ba tswela ka ntle ba bona botle feela. Ba ne ba thabile hore ebe Jehova o ba pholositse yaba ba mo etsetsa sehlabelo.

Mookodi

Jehova le yena o ile a thabela sehlabelo seo. A ba tshepisa hore a ke ke a hlola a bolaya batho le diphoofolo ka morwallo. Jehova o ile a etsa mookodi ho bontsha hore a ke ke a hlola a tlisa morwallo. Na o kile wa bona mookodi?

Yaba Jehova o bolella Noe le ba lelapa la hae hore ba be le bana mme ba ngatafale lefatsheng.

‘Noe o ile a kena ka arekeng. [Batho] ha ba a ka ba elellwa ho fihlela Morwallo o fihla, o ba hohola kaofela.’​—Matheu 24:​38, 39

Dipotso: Ho ile ha etsahalang ha Jehova a qeta ho kwala monyako wa areka? Mookodi o re hopotsa eng?

Genese 7:1–9:17

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela