LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w23 November maq. 8-13
  • Re ka Etsang e le Hore re Dule re Ratana Haholo?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Re ka Etsang e le Hore re Dule re Ratana Haholo?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • KE HOBANENG HA RE LOKELA HO RATANA?
  • RE KA BONTSHA JWANG HORE RE A RATANA?
  • RE KA ETSANG E LE HORE RE DULE RE RATANA HAHOLO?
  • KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA HAHOLO HORE RE RATANE HONA JWALE?
  • Lerato la Lona le se ke la Fola!
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Lerato ke la Bohlokwa Haholo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Tswela Pele o Rata Jehova le Batho ba Bang
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
w23 November maq. 8-13

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 47

Re ka Etsang e le Hore re Dule re Ratana Haholo?

“A re duleng re ratana hobane lerato le tswa ho Modimo.” —1 JOH. 4:7.

PINA YA 109 Ratanang ho Tswa Pelong

SEO RE TLO ITHUTA SONAa

1, 2. (a) Ke hobaneng ha moapostola Pauluse a ile a re lerato ke la bohlokwa ho feta tumelo le tshepo? (b) Re tla araba dipotso dife?

HA MOAPOSTOLA Pauluse a bua ka tumelo, tshepo le lerato, o ile a re “ya bohlokwa ho di feta ke lerato.” (1 Bakor. 13:13) Ke hobaneng ha a ne a tjho jwalo? Nakong e tlang ho ke ke ha hlokahala hore re be le tumelo ditshepisong tsa Modimo tsa lefatshe le letjha kapa hore re be le tshepo ya hore di tla phethahala hobane di tla be di se di phethahetse. Empa re tla dula re tlameha ho rata Jehova le batho. Ha e le hantle, lerato leo re ba ratang ka lona le tla dula le eketseha ka ho sa feleng.

2 Ka ha re tla lokela ho dula re ena le lerato, re tla araba dipotso tsena tse tharo. Ya pele, ke hobaneng ha re lokela ho ratana? Ya bobedi, re ka bontsha jwang hore re a ratana? Ya boraro, re ka etsang e le hore re dule re ratana haholo?

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO RATANA?

3. Ke hobaneng ha re lokela ho ratana?

3 Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re ratane? Lebaka le leng ke hore ha re ratana, re a bontsha hore re Bakreste ba nnete. Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Haeba le ratana, bohle ba tla tseba hore le barutuwa ba ka.” (Joh. 13:35) Hape ho ratana ho etsa hore re dule re momahane. Pauluse o ile a re “lerato le etsa hore batho ba utlwane.” (Bakol. 3:14) Ho boetse ho na le lebaka le leng la bohlokwa leo ka lona re lokelang ho ratana. Moapostola Johanne o ile a ngolla Bakrestemmoho le yena a re: “Ya ratang Modimo o lokela ho rata le ngwanabo.” (1 Joh. 4:21) Ha re ratana, re a bontsha hore re rata Modimo.

4, 5. Lerato leo re ratang Modimo ka lona le amana jwang le lerato leo re ratang Bakrestemmoho le rona ka lona? Etsa mohlala.

4 Lerato leo re ratang Modimo ka lona le amana jwang le lerato leo re ratang Bakrestemmoho le rona ka lona? A re etse mohlala ka tsela eo ka yona pelo e sebedisanang le dikarolo tse ding tsa mmele ya rona. Ha ngaka e hlahloba methapo e letsohong e le hore e bone hore na pelo e otla kapele kapa butle, ngaka e ka kgona ho bona hore na pelo e phetse hantle kapa tjhe. Ntlha ee e amana jwang le taba ya lerato?

5 Ngaka e kgona ho bona hore na pelo e phetse hantle ka hore e hlahlobe lebelo leo pelo e otlang ka lona. Le rona re ka bona hore na re rata Modimo hakae ka hore re hlahlobe tsela eo re ratang batho ba bang ka yona. Haeba re hlokomela hore ha re sa rata Bakrestemmoho le rona jwalo ka pele, e ka nna yaba taba eo ke letshwao la hore lerato leo re ratang Modimo ka lona le ntse le fokotseha. Empa haeba re dula re bontsha hore re rata Bakrestemmoho le rona, re a bontsha hore re rata Modimo haholo.

6. Ke hobaneng ha e le bothata bo tebileng ha lerato leo re ratang bana ba bo rona ka lona le ntse le fokotseha? (1 Johanne 4:​7-9, 11)

6 Haeba lerato leo re ratang bana ba bo rona ka lona le ntse le fokotseha, boo ke bothata bo tebileng. Hobaneng? Hobane haeba ho jwalo, re kotsing ya ho senyehelwa ke kamano ya rona le Jehova. Moapostola Johanne o totobatsa taba ena ha a re: “Motho a ka rata Modimo eo a eso mo bone jwang empa a sa rate ngwanabo eo a mo bonang?” (1 Joh. 4:20) Taba ee e re rutang? Jehova o tla thaba haeba feela re “ratana.”—Bala 1 Johanne 4:​7-9, 11.

RE KA BONTSHA JWANG HORE RE A RATANA?

7, 8. Re ka bontsha ka ditsela dife hore re rata Bakrestemmoho le rona?

7 Lentswe la Modimo le re laela ka makgetlo a mangata hore re ratane. (Joh. 15:​12, 17; Bar. 13:8; 1 Bathes. 4:9; 1 Pet. 1:22; 1 Joh. 4:11) Le ha ho le jwalo, lerato ke boikutlo bo ka pelong mme ha ho na motho ya ka bonang se ka pelong ya rona. Jwale re ka etsang e le hore Bakrestemmoho le rona ba bone hore re a ba rata? Re ka bontsha lerato leo ka mantswe le ka diketso.

8 Re ka bontsha ka ditsela tse ngata hore re rata Bakrestemmoho le rona. Tse ding tsa tsona ke tsena: “Le bolellane nnete.” (Zak. 8:16) “Le boloke kgotso dipakeng tsa lona.” (Mar. 9:50) “Eba wa pele wa ho bontsha hore o hlompha batho ba bang.” (Bar. 12:10) “Amohelanang.” (Bar. 15:7) “Le tswele pele . . . ho tshwarelana.” (Bakol. 3:13) “Tswelang pele ho thusana ha le ena le mathata.” (Bagal. 6:2) “Le nne le tshedisane.” (1 Bathes. 4:18) “Le tswele pele . . . ho matlafatsana.” (1 Bathes. 5:11) “Le rapellane.”—Jak. 5:16.

Ditshwantsho: 1. Moradi wa bo rona o a rapela. 2. O mametse ha moradi wa bo rona e mong a mo phetlela sefuba. 3. O letsetsa moradi wa bo rona ya hodileng ya kulang. 4. O ngola molaetsa o tsamayang le mpho eo a tlo fana ka yona. 5. O dijong le moradi wa bo rona ya lemetseng letsoho.

Re ka thusa ngwanabo rona ya nang le mathata jwang? (Sheba serapa sa 7-9)

9. Ke hobaneng ha ho tshedisa batho ba bang e le tsela ya bohlokwa ya ho bontsha hore re a ba rata? (Sheba setshwantsho.)

9 A re hlahlobeng tsela e nngwe e boletsweng serapeng se ka hodimo e bontshang hore re rata Bakrestemmoho le rona. Pauluse o ile a re: “Le nne le tshedisane.” Ke hobaneng ha ho tshedisa batho ba bang e le tsela ya bohlokwa ya ho bontsha hore re a ba rata? Buka e nngwe e buang ka Bibele e re ha Pauluse a ne a bua ka ho “tshedisana,” o ne a bua ka “ho ema lehlakoreng la motho ho mo kgothatsa ha a ena le mathata a boima.” Ka hoo, ha re tshedisa ngwanabo rona ya nang le mathata, re mo thusa hore a nne a tswele pele ho sebeletsa Jehova ka botshepehi. Ka mehla ha re tshedisa bana ba bo rona, re a ba bontsha hore re a ba rata.—2 Bakor. 7:​6, 7, 13.      

10. Ke ka tsela efe ho ba le kutlwelobohloko le ho tshedisa e leng di ya thoteng di bapile?

10 Ho ba le kutlwelobohloko le ho tshedisa ke di ya thoteng di bapile. Ka tsela efe? Motho ya nang le kutlwelobohloko o susumeletseha ho tshedisa ba bang le ho ba imolla. Ka hoo, ho ba le kutlwelobohloko ho re thusa hore re tshedise batho ba bang. Hlokomela hore na Pauluse o reng ha a hlalosa ka moo kutlwelobohloko e susumeletsang Jehova ho tshedisa batho. Pauluse o re Jehova “ke Ntate ya mohau le ya bonolo haholo ebile o tshedisa batho maemong ohle.” (2 Bakor. 1:3) Tlhaloso ya lengolo lena e re polelwana e reng “ke Ntate ya mohau le ya bonolo haholo,” e bontsha hore o utlwela batho bohloko ebile ke Mohlodi wa mohau. Ka hoo, temana ena e re Modimo “ke Ntate ya mohau le ya bonolo haholo” hobane a utlwela batho bohloko haholo. Kutlwelobohloko eo e mo susumeletsa hore a re tshedise “mathateng ohle a rona.” (2 Bakor. 1:4) Jehova o kgatholla le ho tshedisa ba imetsweng, feela jwalo ka ha metsi a hlwekileng a sediba a kgatholla ba nyorilweng. Re ka etsisa Jehova jwang ka ho utlwela batho bohloko le ho ba tshedisa? Tsela e nngwe ke ka hore re lwanele ho ba le makgabane a tla re thusa hore re utlwele batho ba bang bohloko le ho ba tshedisa. Makgabane ao ke afe?

11. Ho ya ka Bakolose 3:12 le 1 Petrose 3:​8, ke makgabane afe a mang ao re lokelang ho ba le ona e le hore re dule re ena le lerato le tla re susumeletsa hore re thuse batho ba bang?

11 Ke eng e tla re thusa hore re dule re ratana e le hore ‘re nne re tshedisane’ letsatsi le letsatsi? Re lokela ho ba le makgabane a kang kutlwelobohloko, lerato le mosa. (Bala Bakolose 3:12; 1 Petrose 3:8.) Makgabane aa a tla re thusa jwang? Ha re utlwela bana ba bo rona bohloko ebile re ba tsotella e le ka nnete, re tla ba le takatso e matla ya ho ba tshedisa ha ba ena le mathata. Jwalo ka ha Jesu a ile a tjho, “motho o bua ntho e tletseng ka pelong ya hae. Motho ya lokileng o bua dintho tse ntle hobane ho tletse tsona ka pelong ya hae.” (Mat. 12:​34, 35) Ho tshedisa bana ba bo rona ha ba ena le mathata ke tsela ya bohlokwa ya ho bontsha hore re a ba rata.

RE KA ETSANG E LE HORE RE DULE RE RATANA HAHOLO?

12. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho dula re le hlokolosi? (b) Re tlo hlahloba potso efe?

12 Kaofela re batla ho ‘dula re ratana.’ (1 Joh. 4:7) Le ha ho le jwalo, ke ha bohlokwa ho hopola hore Jesu o ile a re lemosa hore “batho ba bangata ha ba sa tla ratana.” (Mat. 24:12) Jesu o ne a sa re bongata ba barutuwa ba hae ha bo sa tla ratana. Ho ntse ho le jwalo, re lokela ho dula re le hlokolosi hore re se ke ra tshwana le batho ba lefatshe lena yaba le rona ha re sa ratana. Re sa le tabeng eo, a re hlahlobeng potso ena ya bohlokwa: Keng e tla re thusa ho bona hore na re rata bana ba bo rona haholo?

13. Ke eng e tla re thusa ho bona hore na re batho ba lerato hakae?

13 Ntho e nngwe e tla re thusa ho bona hore na re batho ba lerato hakae, ke ho sheba hore na re itshwara jwang ha ho hlaha maemo a itseng bophelong. (2 Bakor. 8:8) Boemo bo bong ke bo boletsweng ke moapostola Petrose ha a re: “Ka hodimo ho tsohle, le ratane haholo hobane motho ya lerato o dula a itokiseditse ho tshwarela.” (1 Pet. 4:8) Ka hoo, tsela eo re itshwarang ka yona ha bana ba bo rona ba etsa diphoso kapa ba re utlwisa bohloko e tla re thusa ho bona hore na re ba rata hakae.

14. Ho ya ka 1 Petrose 4:​8, re lokela ho ratana jwang? Etsa mohlala.

14 A re ke re hlahlobisiseng mantswe a Petrose. Karolo ya pele ya temana ya borobedi e re re lokela ho ‘ratana haholo.’ Temaneng ena, ka Segerike lentswe “haholo” le bolela “ho saroloha.” Karolo ya bobedi ya temana ena e a bontsha hore na ho tla etsahalang ha re ratana haholo. Re tla dula re itokiseditse ho tshwarela kapa ho kwahela diphoso tsa bana ba bo rona. Nahana ka tafole e nang le mengwapo e mengata. Motho a ka kgona ho nka lesela ebe o le ala hodima tafole eo ho kwahela mengwapo e mengata e tafoleng eo. Ka tsela e tshwanang ho rata bana ba bo rona haholo, ho ka re thusa ho kwahela kapa ho tshwarela diphoso tsa bona tse ngata.

15. Haeba re rata bana ba bo rona haholo, re tla etsang? (Bakolose 3:13)

15 Re lokela ho rata bana ba bo rona haholo hoo re ka ba tshwarelang ha ba re sitetswe, le haeba ho etsa jwalo ho ka ba thata haholo ka dinako tse ding. (Bala Bakolose 3:13.) Ha re tshwarela batho ba bang, re a bontsha hore lerato la rona le matla ebile re batla ho thabisa Jehova. Ke eng hape e ka re thusang hore re tshwarele bana ba bo rona le hore re se ke ra ba tenehela ha ba etsa dintho tse re lekang?

Setshwantsho se hlahisitseng morabo rona a hlakola foto ya hae le bakgotsi ba hae fonong ya hae. Foto e nngwe ya hae le bakgotsi ba hae e dutse tafoleng.

Feela jwalo ka ha re boloka difoto tse ntle mme re hlakola tse mpe, re ananela dinako tse monate tseo re bileng le tsona le Bakrestemmoho le rona ho ena le ho dula re nahana ka dinako tse bohloko (Sheba serapa sa 16 le 17)

16, 17. Ke eng e nngwe hape e ka re thusang hore re se ke ra tenehela bana ba bo rona ha ba etsa diphoso tse nyenyane? Etsa mohlala. (Sheba setshwantsho.)

16 Nahana ka dintho tse ntle tseo bana beno ba di etsang, eseng tse mpe. A re etse mohlala. A re re o na le bana beno moketeng mme ho monate. Ha mokete o fela, le nka foto le le sehlopha. Ka mora moo, le nka difoto tse ding tse pedi e le hore le be le tse ding haeba ya pele e sa tswa hantle. O qetella o se o ena le difoto tse tharo empa ha o sheba e nngwe o a bona hore morabo rona e mong o sosobantse sefahleho. O tlo etsang ka foto eo? O tlo e hlakola hobane o ntse o ena le difoto tse ding tse pedi moo batho bohle ba bososetseng ha mmoho le morabo rona eo.

17 Re ka tshwantsha difoto tseo re di bolokang le dintho tseo re di hopolang. Hangata re hopola dinako tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le bana ba bo rona. Empa a re re ka nako e nngwe Mokrestemmoho le wena o ile a bua kapa a etsa ntho e ileng ya o utlwisa bohloko. Re lokela ho etsang haeba re hopola nako eo? Re lokela ho e hlakola ka hloohong, feela jwalo ka ha re ne re tla hlakola foto e seng hantle. (Diprov. 19:11; Baef. 4:32) Re ka kgona ho lebala phoso eo e nyenyane eo ngwanabo rona a e entseng hobane re hopola dinako tse ngata tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le yena. Ke tsona dintho tseo re lokelang ho di hopola le ho di ananela.

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA HAHOLO HORE RE RATANE HONA JWALE?

18. Re ithutileng ka lerato sehloohong see?

18 Ke hobaneng ha re lokela ho dula re ratana haholo? Jwalo ka ha re se re ithutile, ha re rata bana ba bo rona re a bontsha hore re rata Jehova. Re ka bontsha jwang hore re a ba rata? Ntho e nngwe eo re ka e etsang ke ho ba tshedisa. Re tla kgona hore ‘re nne re tshedisane’ haeba re utlwelana bohloko. Re ka etsang e le hore re dule re ratana haholo? Re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho tshwarela bana ba bo rona ha ba entse diphoso.

19. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa le ho feta hona jwale hore re ratane?

19 Ke hobaneng ha ho le bohlokwa le ho feta hona jwale hore re ratane? Ha Petrose a fana ka karabo, o re: “Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ka hoo, . . . le ratane haholo.” (1 Pet. 4:​7, 8) Re ka lebella hore ho etsahale eng ha bofelo ba lefatshe lee bo ntse bo atamela? Jesu o ile a re ka barutuwa ba hae: “Ditjhaba tsohle di tla le hloya ka lebaka la lebitso la ka.” (Mat. 24:9) Re lokela ho dula re momahane e le hore re kgone ho mamella lehloyo leo. Haeba re etsa jwalo, le ha Satane a ka leka ho re arohanya, a ke ke a o besa wa tuka hobane “lerato le etsa hore batho ba utlwane.”—Bakol. 3:14; Bafil. 2:​1, 2.

O KA RENG?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho rata bana ba bo rona?

  • Re ka bontsha jwang hore re rata Bakrestemmoho le rona?

  • Re bontsha jwang hore re lerato ha re tshwarela bana ba bo rona?

PINA YA 130 Tshwarelanang

a Hona jwale ho bohlokwa ho feta le ha e le neng pele hore re bontshe bara le baradi ba bo rona hore re a ba rata. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa, hona re ka bontsha jwang hore re a ratana?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share