LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lff thuto 33 ntlha ya 1-6
  • Mmuso wa Modimo o Tlo Etsang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Mmuso wa Modimo o Tlo Etsang?
  • O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • ITHUTE DINTLHA TSE DING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Mmuso wa Modimo ke Eng?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Mmuso wa Modimo Keng?
    Bibele e re Rutang?
  • Mmuso wa Modimo o Tla Finyella Eng?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Mmuso wa Modimo Keng?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
Tse Ding
O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 33 ntlha ya 1-6
Kgaolo ya 33. Batho ba dulang paradeiseng lefatsheng.

KGAOLO YA 33

Mmuso wa Modimo o Tlo Etsang?

Printed Edition
Printed Edition
Printed Edition

Mmuso wa Modimo o se o qadile ho busa. Haufinyane o tlo etsa diphetoho tse kgolo mona lefatsheng. Re tlo ithuta ka diphetoho tse ding tse thabisang tseo o ka di lebellang Mmusong wa Modimo.

1. Mmuso wa Modimo o tla etsang e le hore ho be le kgotso le toka lefatsheng?

Morena wa Mmuso wa Modimo e leng Jesu, o tlo fedisa batho ba kgopo le mebuso ntweng ya Armagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Ka nako eo, tshepiso ena e tswang ka Bibeleng e tla phethahala: “Ho setse nakwana e seng kae mme ya kgopo ha a sa tla hlola a ba teng.” (Pesaleme ya 37:10) Tlasa Mmuso ona, Jesu o tla etsa bonnete ba hore ho ba le kgotso le toka lefatsheng lohle.​—Bala Esaia 11:4.

2. Bophelo bo tla ba jwang ha ho se ho etsahala thato ya Modimo lefatsheng?

Ha Mmuso wa Modimo o se o busa, batho “ba lokileng ba tla rua lefatshe, ba tla dula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ya 37:29) Nahana o se o phela lefatsheng leo ho lona ho dulang batho ba lokileng feela, ba ratang Jehova le ba ratang batho ba bang. Ka nako eo, ho tla be ho se na motho ya kulang ebile batho bohle ba tla phela ka ho sa feleng.

3. Mmuso wa Modimo o tla etsang ka mora hore batho ba kgopo ba fediswe?

Ka mora hore batho ba kgopo ba fediswe, Jesu o tla busa e le Morena ka dilemo tse 1 000. Ka nako eo, Jesu le ba 144 000 ba tla beng ba busa le yena ba tla thusa batho hore ba phethahale. Qetellong ya dilemo tseo, lefatshe e tla be e le paradeise ebile ho dula batho ba thabileng hobane ba mamela melao ya Jehova. Ka mora moo, Jesu o tla kgutlisetsa mmuso ho Ntate wa hae Jehova. Lebitso la Jehova le tla halaletswa ka ho felletseng. (Matheu 6:9, 10) Ho tla be ho hlakile hore Jehova ke Mmusi ya lokileng ya kgathallang batho ba hae. Jehova o tla fedisa Satane, bademona le batho bohle ba kgethang ho fetohela bobusi ba hae. (Tšenolo 20:7-10) Dintho tse thabisang tseo Mmuso wa Modimo o tlo di etsa di tla dula di le teng.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na ke hobaneng ha re ka tshepa hore Modimo o tla sebedisa Mmuso wa hae ho phethahatsa ditshepiso tsohle tse ka Bibeleng.

4. Mmuso wa Modimo o tla fedisa mebuso ya batho

‘Motho o busitse motho ho mo ntsha kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Jehova o tla sebedisa Mmuso wa hae ho fedisa bothata bona.

Bala Daniele 2:44 le 2 Bathesalonika 1:6-8 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Jehova le Mora wa hae Jesu ba tla etsang ka mebuso ya batho le batho ba e tshehetsang?

  • Dintho tseo o ithutileng tsona ka Jehova le Jesu di o kgodisa jwang hore ba tla etsa dintho ka toka?

Jesu ke Morena lehodimong mme o busa lefatshe la paradeise.

5. Jesu ke Morena ya molemo

Ka ha Jesu ke Morena wa Mmuso wa Modimo, o tla thusa batho ka ditsela tse ngata. Bapala VIDEO e le hore o bone ka moo Jesu a bontshitseng ka teng hore o batla ho thusa batho le hore Modimo o mo file matla a ho etsa jwalo.

VIDEO: Jesu o ile a Bontsha Hore na Mmuso wa Modimo o Tla Etsang (1:13)

Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a bontsha hore na Mmuso wa Modimo o tla etsang. Ditlhohonolofatsong tsena tse latelang, ke dife tseo o di lebelletseng ka ho fetisisa? Bala mangolo a tsamaisanang le tsona.

HA JESU A NE A LE LEFATSHENG, O ILE A . . . 

NAKONG E TLANG JESU O TLA . . .

  • laola boemo ba lehodimo.​—Mareka 4:36-41.

  • fedisa mathata a tikoloho.​—Esaia 35:1, 2.

  • fepa batho ba dikete.​—Matheu 14:17-21.

  • fedisa tlala lefatsheng.​—Pesaleme ya 72:16.

  • fodisa malwetse a mefuta yohle.​—Luka 18:35-43.

  • etsa hore batho bohle ba phele hantle.​—Esaia 33:24.

  • tsosa batho ba hlokahetseng.​—Luka 8:49-55.

  • fedisa lefu.​—Tšenolo 21:3, 4.

6. Mmuso wa Modimo o tlo etsa hore re thabele bophelo

Mmusong wa Modimo, batho ba tlo thabela bophelo feela jwalo ka ha Jehova a ne a batla. Ba tla phela ka ho sa feleng lefatshe e se e le paradeise. Bapala VIDEO e le hore o bone hore na Jehova o sebedisa Mora wa hae Jesu jwang ho phethahatsa morero wa hae.

VIDEO: Bona Hore na ho Tla ba Jwang Lefatsheng le Letjha (4:38)

Bala Pesaleme ya 145:16 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Ho tseba hore Jehova o tla “kgotsofatsa takatso ya ntho e nngwe le e nngwe e phelang” ho etsa hore o ikutlwe jwang?

BATHO BA BANG BA RE: “Ha re sebetsa ha mmoho, re ka kgona ho fedisa mathata a teng lefatsheng.”

  • Mmuso wa Modimo o tla fedisa mathata afe ao mebuso ya batho e sa kgoneng ho a fedisa?

KAKARETSO

Mmuso wa Modimo o tla etsa dintho tseo a di batlang. Lefatshe lohle e tla ba paradeise mme ho tla phela batho ba lokileng feela ba tla beng ba sebeletsa Jehova ka ho sa feleng.

Re Ithutileng?

  • Mmuso wa Modimo o tla halaletsa lebitso la Jehova jwang?

  • Keng e etsang hore re dumele hore Mmusong wa Modimo ditshepiso tse ka Bibeleng di tla phethahala?

  • Dinthong tsohle tse ntle tseo Mmuso wa Modimo o tla di etsa, ke efe eo o e lebelletseng ka ho fetisisa?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ithute hore na Armagedone ke eng.

“Ntwa ya Armagedone Keng?” (Sehlooho se websaeteng)

Bala ka dintho tse tla etsahala nakong eo Jesu a e bitsitseng “mahlomola a maholo.”—Matheu 24:21.

“Mahlomola a Maholo ke Eng?” (Sehlooho se websaeteng)

Hlokomela hore na malapa a ka etsang e le hore a ipone a le Paradeiseng.

Ipone o se o le Paradeiseng (1:50)

Sehloohong se reng “Ke ne ke Ena le Dipotso Tse Ngata Tse Ntshwenyang,” hlokomela hore na ke jwang ntate e mong ya neng a rata dipolotiki a ileng a fumana dikarabo tsa dipotso tsa hae.

“Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, January 1, 2012)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share