LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lff thuto 11 ntlha ya 1-5
  • O ka Fumana Molemo Ofe ha o Bala Bibele?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ka Fumana Molemo Ofe ha o Bala Bibele?
  • O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • ITHUTE DINTLHA TSE DING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!​—Selelekela sa Thuto ya Bibele
  • Bibele e ka Nthusa Jwang?—Karolo ya 3: Rua Molemo ha o Bala Bibele
    Batjha ba a Botsa
  • O Lokela ho Etsang?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
Tse Ding
O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 11 ntlha ya 1-5
Kgaolo ya 11. Mosadi o bala Bibele ya hae nakong eo a nkileng kgefu ha a ntse a etsa mesebetsi ya ka tlung.

KGAOLO YA 11

O ka Fumana Molemo Ofe ha o Bala Bibele?

Printed Edition
Printed Edition
Printed Edition

Na o kile wa batla ho etsa mosebetsi o itseng empa o sa tsebe hore na o qale hokae? Mohlomong o ile wa lokela ho o etsa hanyane hanyane e le hore o kgone ho o qeta. Sena se tshwana hantle le ha o batla ho bala Bibele. O ka nna wa ipotsa: ‘Ke lokela ho qala hokae?’ Kgaolong ena, re tla bua ka dintho tse tla o thusa hore o thabele ho bala le ho ithuta Bibele.

1. Ke hobaneng ha re lokela ho bala Bibele ka mehla?

Motho ya balang Bibele ka mehla kapa “molao wa Jehova,” o tla thaba. (Bala Pesaleme ya 1:1-3.) O ka qala ka ho bala ditemana tse mmalwa letsatsi le letsatsi. O tla thabela ho bala Bibele ha o se o tlwaetse ho e bala ka mehla.

2. Re lokela ho etsang e le hore ha re bala Bibele e re tswele molemo?

Ha re bala Bibele, re lokela ho ema hanyane mme re nahanisise ka seo re ntseng re se bala e le hore se ka re tswela molemo. Re lokela ho e bala “ka lentswe le tlaase” e leng se bolelang hore re lokela ho nahanisisa ka yona. (Joshua 1:8) Ha o ntse o bala, ipotse dipotso tse kang tsena: ‘Ke ithutang ka Jehova ho seo ke ntseng ke se bala? Seo ke ntseng ke se bala se ka nthusa jwang bophelong ba ka? Nka sebedisa ditemana tsee jwang hore ke thuse batho ba bang?’

3. O ka etsang e le hore o be le nako ya ho bala Bibele?

Na o na le nako ya ho bala Bibele? Batho ba bangata ha ba na yona. Leka ho ‘ithekela nako.’ (Baefese 5:16) O ka etsa sena ka hore letsatsi le letsatsi o ipehele nako eo o tla bala Bibele ka yona. Batho ba bang ba bala Bibele hoseng. Ba bang ba e bala motshehare, mohlomong nakong ya dijo tsa motshehare. Ba bang bona ba e bala bosiu pele ba robala. Wena o ka kgona ho e bala neng?

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na o ka etsang e le hore o thabele ho ithuta Bibele. Ithute ho lokisetsa hantle e le hore thuto ya Bibele e ka o tswela molemo.

Ditshwantsho: Moshanyana o ithuta ho rata dijo tse ding tse itseng ha nako e ntse e ya. 1. Moshanyana o bapala ka dijo. 2. Ha nako e ntse e ya moshanyana o qala ho ja dijo tseo. 3. Ha moshanyana a ntse a tswela pele ho hola o se a rata ho ja dijo tseo.

Feela jwalo ka ha re ka ithuta ho rata ho ja dijo tse fapafapaneng, ka tsela e tshwanang re ka ithuta ho thabela ho bala Bibele

4. Ke eng e ka o thusang hore o thabele ho bala Bibele?

Ho ka nna ha ba thata hore motho a qale ho bala Bibele. Le ha ho le jwalo, re ka ba le tabatabelo ya ho e bala, feela jwalo ka ha ka mora nako motho a ka thabela ho ja dijo tseo a neng a sa di tlwaela. Bala 1 Petrose 2:2 ebe le buisana ka potso ena:

  • Na o nahana hore o ke ke wa thabela ho bala Bibele le ho batla ho e bala ka mehla haeba o e bala letsatsi le letsatsi?

Bapala VIDEO mme o bone hore na batho ba bang ba thusitswe ke eng hore ba thabele ho bala Bibele. Ka mora moo le buisane ka dipotso tse latelang.

VIDEO: Batjha ba Ratang Lentswe la Modimo (5:33)

  • Videong ee, ke mathata afe ao batjha ba ileng ba kopana le ona?

  • Ke eng e ba thusitseng hore ba dule ba bala Bibele ka mehla?

  • Ba ile ba etsang e le hore ba thabele ho bala Bibele le ho feta?

Dintho tse ka o thusang hore o qalelle ho bala Bibele:

  • Bala Bibele ya phetolelo e tshepahalang, eo ho leng bonolo ho e utlwisisa. Leka ho bala Bibele ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha haeba e le teng ka puo ya hao.

  • Qala pele ka ho bala karolo eo o nahanang hore o tla e thabela. Mohlomong o ka sebedisa tjhate ya “Qalella ho Bala Bibele.”

  • Ngola karolo eo o seng o e badile. Sebedisa karolo ya “Tshwaya Moo o Seng o Badile” tjhateng ya buka ena.

  • Sebedisa app ya JW Library®. Ka yona o ka kgona ho bala le ho mamela Bibele e rekotilweng hohle moo o leng teng, o sebedisa founo kapa sesebediswa se seng sa elektronike.

  • Sebedisa dihlomathiso tse hlahang Bibeleng ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Di na le dimmapa, ditjhate le lethathamo la mantswe le ditlhaloso tsa ona tse ka o thusang hore o thabele ho bala Bibele le ho feta.

5. Lokisetsa thuto ya Bibele

Bala Pesaleme ya 119:34 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore o rapele pele o bala Bibele kapa pele o lokisetsa thuto ya Bibele?

O ka etsang e le hore thuto e nngwe le e nngwe eo o e balang e o tswele molemo? Ha o lokisetsa thuto e nngwe le e nngwe, leka ho etsa dintho tsena:

  1. Bala dirapa tse qalang tsa karolo e nngwe le e nngwe.

  2. Sheba mangolo a reng ‘bala’ mme o leke ho utlwisisa hore na a dumellana jwang le seo o ntseng o se bala.

  3. Tshwaya karabo ya potso ka nngwe ka ha sena se tla o thusa hore o kgone ho buisana ha molemo le motho eo o ithutang Bibele le yena.

Ditshwantsho: Mosadi o lokisetsa thuto ya hae ya Bibele. A. O bala leqephe le qalang la thuto. B. O bala mangolo ohle a ngotsweng ‘bala’. C. O tshwaya dintlha tsa bohlokwa tse hlahang thutong.

Na o ne o tseba?

Re le Dipaki Tsa Jehova re sebedisitse diphetolelo tse fapaneng tsa Dibibele. Le ha ho le jwalo, re rata ho sebedisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang hobane e nepahetse, e a utlwahala ebile e sebedisa lebitso la Modimo. Bala sehlooho se websaeteng se reng “Na Dipaki Tsa Jehova di na le Bibele ya Tsona?”

BATHO BA BANG BA RE: “Ho ithuta Bibele ke mosebetsi o mongata. Ha ke na nako le matla a ho bala Bibele.”

  • Wena o nahana jwang?

KAKARETSO

E le hore Bibele e o tswele molemo, o lokela ho ipha nako ya ho e bala, o rapelle hore o utlwisise seo o se balang mme o lokisetse thuto eo le tlo e bala.

Re Ithutileng?

  • Ke eng e ka o thusang hore o fumane molemo ha o bala Bibele?

  • O ka ipehela nako ya ho bala le ho ithuta Bibele neng?

  • Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore o lokisetse thuto ya Bibele?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Sheba dintlha tse ding tse ka o thusang hore o thabele ho bala Bibele haholwanyane.

“O ka Etsang e le Hore o Natefelwe ke ho Bala Bibele?” (Tora ya ho Lebela, No. 1 2017)

Ithute ditsela tse tharo tsa ho bala Bibele.

“Bibele e ka Nthusa Jwang?​—Karolo ya 1: Ithute Bibele Haholwanyane” (Sehlooho se websaeteng)

Bona hore na o ka thabela ho bala Bibele jwang.

“Bibele e ka Nthusa Jwang?​—Karolo ya 2: Thabela ho Ithuta Bibele” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute mekgwa e meng ya ho bala Bibele ho batho ba e badileng ka dilemo tse ngata.

O ka Etsang Hore ho Ithuta Bibele o le Mong ho o Tswele Molemo? (2:06)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share