LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w25 May maq. 26-31
  • Lebitso la Jehova le Lokela ho Bolelang ho Rona?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Lebitso la Jehova le Lokela ho Bolelang ho Rona?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • BATHO “BA KA BITSWA KA LEBITSO LA HAE”
  • “LE DIPAKI TSA KA”
  • SEO LEBITSO LA JEHOVA LE SE BOLELANG HO RONA
  • Lebitso la Jehova le Bolelang ho Jesu?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • “Rorisang Lebitso la Jehova”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • “Le Ikgethele . . . eo le Tla mo Sebeletsa”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Dintho Tseo o sa di Tsebeng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 May maq. 26-31

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 23

PINA YA 2 Lebitso la Hao ke Jehova

Lebitso la Jehova le Lokela ho Bolelang ho Rona?

“Jehova o re: ‘Le dipaki tsa ka.’”—ESA. 43:10.

NTLHAKGOLO

Seo re ka se etsang ho halaletsa le ho tlosa qoso lebitsong la Jehova.

1, 2. Re tseba jwang hore lebitso la Jehova le bohlokwa ho Jesu?

LEBITSO la Jehova ke la bohlokwa ka ho fetisisa ho Jesu. Ke yena ya ka sehloohong ya tsebahatsang lebitso la Ntate wa hae. Jwalo ka ha re bone sehloohong se fetileng, Jesu o ne a ikemiseditse ho shwa bakeng sa lebitso la Jehova le sohle seo le se bolelang. (Mar. 14:36; Baheb. 10:​7-9) Ka mora Puso ya Dilemo Tse Sekete, Jesu o tla ikemisetsa ho kgutlisetsa puso ho Jehova e le hore a ka halaletsa lebitso la Ntate wa hae. (1 Bakor. 15:​26-28) Tsela eo Jesu a ratang lebitso la Modimo ka yona e boetse e re bolella ho hongata ka kamano ya hae le Ntate wa hae. E bontsha ka ho hlakileng hore o rata Monga lebitso leo.

2 Jesu o tlile lefatsheng ka lebitso la Ntate wa hae. (Joh. 5:43; 12:13) O tsebisitse balatedi ba hae lebitso la Ntate wa hae. (Joh. 17:​6, 26) O ile a ruta a ba a etsa mehlolo ka lebitso la Jehova. (Joh. 10:25) Ha e le hantle, Jesu o ile a kopa Jehova hore a sireletse barutuwa ba hae “molemong wa lebitso la [hae].” (Joh. 17:11) Ka hoo, haeba Jesu o ne a ena le boikutlo bo matla jwalo ka lebitso la Jehova, ke jwang motho a ka ipitsang molatedi wa nnete wa Kreste empa a sa tsebe kapa hona ho sebedisa lebitso la Ntate wa hae?

3. Re tlo hlahloba eng sehloohong see?

3 Jwalo ka ha re le Bakreste ba nnete, re leka ho etsisa Jesu ka hore re nke lebitso la Ntate wa hae e le la bohlokwa. (1 Pet. 2:21) Sehloohong sena, re tla bona ka moo lebitso la Jehova le kgethollang batho ba bolelang “ditaba tse monate tsa Mmuso.” (Mat. 24:14) Re tla boela re hlahlobe hore na lebitso la Jehova le lokela ho bolelang ho rona re le batho ka bomong.

BATHO “BA KA BITSWA KA LEBITSO LA HAE”

4. (a) Jesu o ile a re barutuwa ba hae ba etseng pele a kgutlela lehodimong? (b) Re ipotsa potso efe ka lebaka la seo Jesu a se buileng?

4 Pele Jesu a kgutlela lehodimong, o ile a re ho barutuwa ba hae: “Ha le fumana moya o halalelang, le tla ba le matla mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, dibakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e holehole ya lefatshe.” (Dik. 1:8) Ka hoo, barutuwa ba ne ba tla bolela ditaba tse monate lefatsheng lohle, eseng feela Iseraele. Qetellong, batho bohle lefatsheng ba ne ba tla ba le monyetla wa hore e be balatedi ba Jesu. (Mat. 28:​19, 20) Empa Jesu o ile a re: ‘Le tla ba dipaki tsa ka.’ Na see se bolela hore barutuwa baa ba batjha ba ne ba tla lokela ho tseba lebitso la Jehova, kapa e ne e tla ba feela dipaki tsa Jesu? Diketsahalo tse hlalositsweng ho Diketso kgaolo ya 15 di re thusa ho araba potso ena.

5. Baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema ba ile ba bontsha jwang hore batho kaofela ba hloka ho tseba lebitso la Jehova? (Sheba setshwantsho.)

5 Ka selemo sa 49 mehleng ya baapostola, banna ba baholo le baapostola ba ile ba kopana Jerusalema ho buisana ka hore na Baditjhaba ba sa bollang ba lokela ho etsang e le hore ba ka amohelwa e le Bakreste. Qetellong ya puisano, Jakobo, ngwanabo Jesu, o ile a re: “[Petrose] o sa tswa re phetela ka moo ka lekgetlo la pele Modimo a ileng a amohela batho ba ditjhaba tse ding e le hore ba ka bitswa ka lebitso la hae.” Lebitso leo Jakobo a neng a bua ka lona ke la mang? Ha Jakobo a qotsa moprofeta Amose, o ile a re: “E le hore batho ba setseng ba ka sebeletsa nna Jehova, ba ntshebeletsa le batho ba ditjhaba tsohle ba bitswang ka lebitso la ka. Ke nna Jehova ya buang dintho tsena.” (Dik. 15:​14-18) Ha se feela hore barutuwa bana ba batjha ba ne ba tla ithuta ka Jehova empa ba ne ‘ba tla bitswa ka lebitso la hae.’ Sena se bolela hore ba ne ba tla jara lebitso la Modimo le ho tsejwa ka lona.

Jakobo o bua le ba bang ba baapostola le banna ba baholo Jerusalema. Bara ba bo rona ba babedi ba butse meqolo ha ba ntse ba mametse.

Sebokeng sa sehlopha se busang sa mehleng ya baapostola, banna bao ba tshepahalang ba ile ba lemoha hore Bakreste e lokela hore ebe batho bakeng sa lebitso la Modimo (Sheba serapa sa 5)


6, 7. (a) Ke hobaneng ha Jesu a ile a tla lefatsheng? (b) Lebaka le leng la bohlokwa ka ho fetisisa leo Jesu a ileng a tla lefatsheng ka lona ke lefe?

6 Lebitso la Jesu le bolela hore “Jehova ke Poloko,” mme Jehova o sebedisitse Jesu ho pholosa batho bohle ba bontshang tumelo ho yena le ho Mora wa hae. Jesu o ile a tla lefatsheng ho tlo fana ka bophelo ba hae bakeng sa batho. (Mat. 20:28) Ka ho patala tefo ya topollo, o ile a fana ka monyetla wa hore batho ba pholohe le hore ba fumane bophelo bo sa feleng.—Joh. 3:16.

7 Empa ke hobaneng ha batho ba ne ba hloka ho pholoswa? Ke ka lebaka la se ileng sa etsahala serapeng sa Edene. Jwalo ka ha re bone sehloohong se fetileng, batswadi ba rona ba pele, e leng Adama le Eva, ba ile ba fetohela Jehova, ka hoo ba lahlehelwa ke monyetla wa hore ba phele ka ho sa feleng. Ka lebaka leo, batho kaofela ba futsitse sebe le lefu. (Gen. 3:​6, 24) Le ha ho le jwalo, Jesu o ne a tletse ho hong ha bohlokwa haholo ho feta feela ho pholosa batho sebeng. Satane o ile a bua mashano ka Jehova. (Gen. 3:​4, 5) Ka hoo, ho pholoswa ha bana ba Adama le Eva ho ne ho amana le ntho ya bohlokwa haholo e leng ho halaletswa ha lebitso la Jehova. Jesu o bapetse karolo ya bohlokwa ho halaletseng lebitso la Jehova hobane o ile a emela Jehova le ho jara lebitso la hae.

Ke jwang motho a ka ipitsang molatedi wa nnete wa Kreste empa a sa tsebe kapa hona ho sebedisa lebitso la Ntate wa hae?

8. Batho bohle ba dumelang ho Jesu ba hloka ho tseba eng?

8 Bohle ba neng ba tla bontsha tumelo ho Jesu, ebang ke Bajuda kapa ke Baditjhaba, ba ne ba tla lokela ho tseba hore Ntate wa Jesu, e leng Jehova Modimo, ke yena Mohlodi wa poloko ya bona. (Joh. 17:3) Ho feta moo, jwalo ka Jesu, ba ne ba tla bitswa ka lebitso la Jehova. Ba ne ba boetse ba lokela ho utlwisisa hore na ke ha bohlokwa hakae ho halaletsa lebitso leo. Ho pholoha ha bona ho ne ho itshetlehile ka seo. (Dik. 2:​21, 22) Ka hoo, balatedi bohle ba tshepahalang ba Jesu ba ne ba lokela ho ithuta ka Jehova le ka Jesu. Ha ho makatse hore ebe Jesu o ile a qetella thapelo ya hae e ho Johanne kgaolo ya 17 ka mantswe ana: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao mme ke tla tswela pele ke le tsebahatsa e le hore ba ka rata batho ba bang jwalo ka ha o nthatile le hore nna le bona re momahane.”—Joh. 17:26.

“LE DIPAKI TSA KA”

9. Re ka bontsha jwang hore lebitso la Jehova le bohlokwa ho rona?

9 Ho latela seo re buileng ka sona, balatedi bohle ba nnete ba Jesu ba tlameha ho halaletsa lebitso la Jehova. (Mat. 6:​9, 10) Ba lokela ho nka lebitso la Jehova le phahametse mabitso a mang ohle. Sena se akarelletsa ho bontsha ka diketso. Empa re ka halaletsa lebitso la Jehova jwang, kapa hona ho shanofatsa mashano ao Satane a ileng a a bua ka lebitso la hae?

10. Ke nyewe efe ya tshwantshetso eo ho buuwang ka yona ho Esaia kgaolo ya 42 ho ya ho kgaolo ya 44? (Esaia 43:9; 44:​7-9) (Sheba setshwantsho.)

10 Esaia kgaolo ya 42 ho ya ho kgaolo ya 44 di bontsha bohlokwa ba seo re lokelang ho se etsa ho halaletsa lebitso la Jehova. Dikgaolo tseo di hlalosa nyewe ya tshwantshetso, eo ho yona ho tsekwang bomodimo. Jehova o re bohle ba ipitsang medimo ba pake hore ka nnete ke medimo. O boetse o bitsa dipaki hore di tlo paka hore na medimo ena ke ya nnete kapa tjhe. Empa ha ho na tse ka pakang seo.—Bala Esaia 43:9; 44:​7-9.

Ditshwantsho: Mangeloi a fofa ka hodima lefatshe ha bara le baradi ba bo rona ba nka karolo ho halaletseng lebitso la Jehova lefatsheng lohle. 1. Banyalani ba paka ka teroli. 2. Moradi wa bo rona e monyenyane o fa ngwana eo a kenang sekolo le yena karete ya boitsebiso ya jw.org. 3. Morabo rona o pakela ntate e mong ka koloing ya baeti. 4. Mapolesa a ikwahetseng difahleho a tsamaya le morabo rona a mo tlamme ka dihanaboi. 5. Moradi wa bo rona ya betheng sepetlele o bolella ngaka ya hae ka hore na o ikutlwa jwang ka ho tshela madi.

Re ameha ka ditsela tse ngata nyeweng ya tshwantshetso (Sheba serapa sa 10 le 11)


11. Jwalo ka ha ho bontshitswe ho Esaia 43:​10-12, Jehova o reng ho batho ba hae?

11 Bala Esaia 43:​10-12. Jehova o re ho batho ba hae: “Le dipaki tsa ka, . . . mme ke nna Modimo.” Jehova o re ba arabe potso ena: “Na ho na le Modimo e mong haese nna?” (Esa. 44:8) Ka hona, re na le tokelo ya ho araba potso ena. Re paka hore Jehova ke yena feela Modimo wa nnete ka diketso le ka dipuo tsa rona le hore lebitso la hae le phahametse mabitso ohle. Tsela eo re phelang ka yona e paka hore re rata Jehova e le ka nnete ebile re a mo tshepahalla, ho sa tsotellehe diteko tseo Satane a re tlisetsang tsona. Ka tsela ena, re ba le monyetla wa ho thusa ho halaletsa lebitso la hae.

12. Boprofeta bo ho Esaia 40:​3, 5 bo ile ba phethahala jwang?

12 Esaia o ile a boela a bolela esale pele hore ho na le motho ya tla ‘hleka [kapa a ‘lokisa,’ nal.] tsela ya Jehova.’ (Esa. 40:3) Seo se ile sa phethahala jwang? Johanne Mokolobetsi o ile a hleka tsela bakeng sa Jesu, ya neng a tlile ka lebitso la Jehova le ho tlo bua ka lona. (Mat. 3:3; Mar. 1:​2-4; Luka 3:​3-6) Boprofeta bona bo ile ba boela ba re: “Kganya ya Jehova e tla hlahella.” (Esa. 40:5) Seo se ile sa etsahala jwang? Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a emela Jehova ka ho phethahetseng, hoo e neng e ka Jehova o lefatsheng ka boyena. (Joh. 12:45) Ha re emela lebitso kapa botumo ba Jehova, re etsisa Jesu Kreste.

13. Re ka etsisa Jesu jwang?

13 Jwalo ka Jesu, re dipaki tsa Jehova. Re jara lebitso la Jehova mme re bolella motho e mong le e mong eo re kopanang le yena ka diketso tsa hae tse hlollang. Le ha ho le jwalo, e le hore re atlehe, re lokela ho tsebahatsa karolo ya bohlokwa eo Jesu a e phethang ho halaletseng lebitso la Jehova. (Dik. 1:8) Jesu ke yena Paki ya Jehova e ka sehloohong, mme re latela mohlala wa hae. (Tshen. 1:5) Empa lebitso la Jehova le lokela ho bolelang ho e mong le e mong wa rona?

SEO LEBITSO LA JEHOVA LE SE BOLELANG HO RONA

14. Jwalo ka ha ho bontshitswe ho Pesaleme ya 105:​3, re ikutlwa jwang ka lebitso la Jehova?

14 Re ikotla sefuba ka lebitso la Jehova. (Bala Pesaleme ya 105:3.) Jehova o thaba haholo ha re ithorisa ka lebitso la hae. (Jer. 9:​23, 24; 1 Bakor. 1:31; 2 Bakor. 10:17) ‘Ho ithorisa ka Jehova’ ho bolela ho ba motlotlo ka hore ke Modimo wa rona. Re nka e le tlotla ho hlompha lebitso la hae le ho emela botumo ba hae. Ha re a lokela ho swabela ho jwetsa basebetsimmoho le rona, baithutimmoho, baahisani le batho ba bang hore re Dipaki Tsa Jehova. Diabolose o batla hore re kgaotse ho bua ka lebitso la Jehova ho batho ba bang. (Jer. 11:21; Tshen. 12:17) Ha e le hantle, Satane le baprofeta ba hae ba bohata ba batla ho etsa hore batho ba lebale lebitso la Jehova. (Jer. 23:​26, 27) Empa re batla ho dula re halaletsa lebitso la Jehova “letsatsi lohle” hobane re le rata.—Pes. 5:11; 89:16.

15. Ho ipiletsa lebitsong la Jehova ho bolelang?

15 Re tswela pele re ipiletsa lebitsong la Jehova. (Joele 2:​32, nal.; Bar. 10:​13, 14, nal.) Ho ipiletsa lebitsong la Jehova ha ho bolele feela ho tseba lebitso la Modimo le ho le sebedisa. Re lokela ho tseba hore na Modimo ke Motho ya jwang, re mo tshepe le hore re kope thuso le tataiso ho yena. (Pes. 20:7; 99:6; 116:4; 145:18) Re boetse re bolella batho ba bang ka lebitso le makgabane a hae, re ba kgothalletsa hore ba bake le hore ba sebetse ka thata e le hore ba ka amohelwa ke Jehova.—Esa. 12:4; Dik. 2:​21, 38.

16. Re ka paka jwang hore Satane o leshano?

16 Re ikemiseditse ho utlwa bohloko bakeng sa lebitso la Jehova. (Jak. 5:​10, 11) Ha re dula re tshepahalla Jehova le ha re ena le mathata, re paka hore Satane o leshano. Mehleng ya Jobo, Satane o ile a etsa qoso ena mabapi le batho ba sebeletsang Jehova: “Motho o tla fana ka ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona hore a pholose bophelo ba hae.” (Jobo 2:4) Ha e le hantle, Satane o ne a re batho ba tla sebeletsa Jehova ha feela dintho di ba tsamaela hantle le hore ha ba tobana le mathata ba tla lahla Jehova. Jobo ya tshepahalang o ile a paka hore seo ha se nnete. Ka tsela e tshwanang, le rona re na le tlotla ya ho paka hore ho sa tsotellehe hore na Satane o re bakela eng, re ke ke ra fetohela Jehova. Ka nnete re kgodisehile hore Jehova o tla dula a re sireleditse molemong wa lebitso la hae.—Joh. 17:11.

17. Jwalo ka ha ho boletswe ho 1 Petrose 2:​12, ke jwang hape re ka tlisang thoriso lebitsong la Jehova?

17 Re hlompha lebitso la Jehova. (Diprov. 30:9; Jer. 7:​8-11) Ka ha re emela Jehova le ho jara lebitso la hae, dintho tseo re di etsang di ka tlotlisa kapa tsa senya lebitso la hae. (Bala 1 Petrose 2:12.) Ka hoo, re batla ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho rorisa lebitso la Jehova ka dipuo le ka diketso tsa rona. Ka tsela ena, re tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova ho sa tsotellehe ho se phethahale ha rona.

18. Re ka bontsha jwang hape hore lebitso la Jehova ke la bohlokwa ho rona? (Sheba naletsana.)

18 Re amehile haholo ka lebitso la Jehova ho feta botumo ba rona. (Pes. 138:2) Ke hobaneng ha taba ee e le ya bohlokwa? Hobane ho rata lebitso la Jehova ho ka senya botumo ba rona.a Jesu o ne a ikemiseditse ho shwa lefu le tlotlollang jwalo ka ha eka ke setlokotsebe e le hore a tlotlise lebitso la Jehova. “Ha a ka a swabela ho tlotlollwa” ka ha ha a ka a tshwenyeha haholo ka hore na batho ba tla nahana eng ka yena. (Baheb. 12:​2-4) O ne a amehile ka ho etsa thato ya Modimo.—Mat. 26:39.

19. O ikutlwa jwang ka lebitso la Jehova, hona hobaneng?

19 Re ikotla sefuba ka lebitso la Jehova ebile ke tlotla ho bitswa Dipaki Tsa Jehova. Ka lebaka leo, re ikemiseditse ho mamella ho sa tsotellehe hore na batho ba re nyefola hakae. Lebitso la Jehova le bohlokwa haholo ho rona ho feta botumo ba rona. Ka hoo, a re ikemisetseng ho tswela pele re rorisa lebitso la Jehova ho sa tsotellehe hore na Satane o re nyahamisa hakae. Ka tsela eo, re tla paka hore lebitso la Jehova ke la bohlokwa haholo ho rona, jwalo ka ha e le la bohlokwa ho Jesu Kreste.

O KA RENG?

  • Ke eng e bontshang hore lebitso la Jehova ke la bohlokwa ho balatedi ba Jesu?

  • Ke nyewe efe ya tshwantshetso eo re amehang ho yona kajeno?

  • Re ka bontsha jwang hore lebitso la Jehova ke la bohlokwa ho rona?

PINA YA 10 Rorisang Jehova Modimo wa Rona!

a Monna ya tshepahalang Jobo le yena o ile a tshwenyeha haholo ka botumo ba hae ha metswalle ya hae e meraro e mo senya lebitso. Qalong ha a lahlehelwa ke maruo a hae le bana ba hae ba shwa, “Jobo ha a ka a etsa sebe kapa a beha Modimo molato.” (Jobo 1:22; 2:10) Le ha ho le jwalo, ha Jobo a ne a qoswa ka hore o entse dintho tse mpe, o ile a qala ho bua “puo e hlaha.” O ile a ameha haholo ka ho emela botumo ba hae, ho ena le ho halaletsa botumo kapa lebitso la Modimo.—Jobo 6:3; 13:​4, 5; 32:2; 34:5.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share